LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w24 December leq. 30
  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Dintlha tse Ding
  • Etsisa Mangeloi a Tshepahalang
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Mosebetsi wa Mangeloi ke Ofe?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Seo e Leng Nnete ka Mangeloi
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
w24 December leq. 30

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

“Mangeloi a kgethilweng” ao ho buuwang ka ona ho 1 Timothea 5:21 ke afe?

Moapostola Pauluse o ile a ngolla moholommoho le yena, e leng Timothea, a re: “Ke o laela ka pela Modimo, Kreste Jesu le mangeloi a kgethilweng ke Modimo hore o latele ditaelo tsena o se na leeme kapa kgethollo.”—1 Tim. 5:21.

A re qaleng pele ka ho bua ka hore na mangeloi ana ha se afe. Mangeloi ana ha se karolo ya ba 144 000. Ha Pauluse a ngolla Timothea, ho ne ho se na batlotsuwa ba seng ba tsositswe bafung yaba ba ya lehodimong. Baapostola le batlotsuwa ba bang e ne e eso ka eba dibopuwa tsa moya, ka hoo ha ho buuwa ka “mangeloi a kgethilweng” ho ne ho sa buuwe ka bona.—1 Bakor. 15:​50-54; 1 Bathes. 4:​13-17; 1 Joh. 3:2.

Hape “mangeloi a kgethilweng” e ke ke ya eba mangeloi a sa kang a tshepahala mehleng ya Morwallo. Mangeloi ao a ile a latela Satane mme ya eba bademona, hape ya eba dira tsa Jesu. (Gen. 6:2; Luka 8:​30, 31; 2 Pet. 2:4) Nakong e tlang, a tla kwallwa ka sekoting se tebileng ka dilemo tse 1 000 mme ka mora moo a tla fediswa ha mmoho le Diabolose.—Juda 6; Tshen. 20:​1-3, 10.

Ka hoo, e tlameha ebe “mangeloi a kgethilweng” ke mangeloi a lehodimong a tshepahallang ‘Modimo le Kreste Jesu.’

Ho na le mangeloi a tshepahalang a diketekete. (Baheb. 12:​22, 23) Ha re a lokela ho nahana hore kaofela ha ona a fuwa mosebetsi o tshwanang ka nako e tshwanang. (Tshen. 14:​17, 18) Ka mohlala, Jehova o ile a sebedisa lengeloi le le leng feela ho bolaya masole a Baasiria a 185 000. (2 Mar. 19:35) Mangeloi a mangata a fuwe mosebetsi wa ho “bokella dintho tsohle tse dihelang batho sebeng le batho ba tlwaetseng ho etsa tlolo ya molao, a ba tlose Mmusong” wa Jesu. (Mat. 13:​39-41) Ho ka etsahala hore mangeloi a mang a fuwe mosebetsi wa ho “bokella bakgethwa ba hae” hore ba ye lehodimong. (Mat. 24:31) Mangeloi a mang ona a fuwe taelo ya ‘hore a re lebele ditseleng tsohle tsa rona.’—Pes. 91:11; Mat. 18:10; bapisa le Matheu 4:11; Luka 22:43.

Ha banyalani ba le tshimong, lengeloi le ba tataisetsa ntlong ya ntate ya ntseng a rapela.

Ho ka etsahala hore “mangeloi a kgethilweng” ao ho buuwang ka ona ho 1 Timothea 5:​21, e ne e le mangeloi a fuweng mesebetsi e kgethehileng e amanang le ho hlokomela diphutheho. Ditemana tse ding kgaolong ena, di bua ka keletso eo Pauluse a ileng a e fa baholo le hore phutheho e lokela ho ba hlompha. Pauluse o ile a boela a re baholo ba lokela ho phetha boikarabelo ba bona ba se na “leeme kapa kgethollo.” Hape ha ba a lokela ho etsa diqeto kapa ba fane ka kahlolo ba sa nahana ditaba hantle. Pauluse o ile a ba fa lebaka la bohlokwa la hore ba mamele keletso ya hae. O ile a re baholo ba sebeletsa bana ba bo bona “ka pela Modimo, Kreste Jesu le mangeloi a kgethilweng.” Ka hoo, ho hlakile hore mangeloi a mang a fuwe mesebetsi ya ho thusa phutheho, e kang ho sireletsa bahlanka ba Modimo le ho ba thusa ho etsa mosebetsi wa boboledi mme a tlalehela Jehova hore na a boneng.—Mat. 18:10; Tshen. 14:6.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share