SEHLOOHO SE KA NTLE
Ke Hobaneng ha Batjha ba e na le Kgatello ya Maikutlo? Ba ka Thuswa Keng?
ANNAa o re: “Ha ke e na le kgatello ya maikutlo, ke utlwa ke sa batle ho etsa letho esita le dintho tseo ke di ratang. Ntho feela eo ke e etsang ke ho robala. Ke utlwa eka batho ha ba nthate, ha ba nke ke le wa bohlokwa ebile ekare ke morwalo wa bona.”
Julia o re: “Ke ile ka nahana ho ipolaya. Hase hore ke ne ke batla ho shwa. Ke ne ke mpa feela ke batla ho kgaotsa kgatello ya maikutlo. Ha e le hantle ke motho ya kgathallang ba bang empa ha ke na le kgatello ya maikutlo, ha ke kgathalle letho.”
Anna le Julia ba ne ba sa tswa kena dilemong tsa botjha ha ba ne ba qala ho ba le kgatello ya maikutlo. Le hoja batjha ba bang ba ka nna ba hatelleha maikutlong ka dinako tse itseng feela, Anna le Julia bona ba ne ba ikutlwa jwalo ka nako e telele, e ka etsang dibeke kapa dikgwedi. Anna o re: “Ho tshwana le ha eka o kwalletswe ka mokoting o moholo o lefifi mme o sitwa ho tswa ebile ekare o lahlehelwa ke kelello.”
Boemo ba Anna le Julia bo tlwaelehile. Palo ya batjha ba nang le kgatello ya maikutlo e ntse e eketseha haholo mme Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo, o tsebahalang ka hore ke WHO, o hlalosa hore kgatello ya maikutlo “ke sesosa se ka sehloohong sa malwetse a mangata a akarelletsang le a kelello ho bashanyana le banana ba ka bang dilemo tse 10 ho ya ho tse 19.”
Kgatello ya maikutlo e ka bonahala dilemong tsa botjha mme e ka nna ya ama takatso ya motho ya dijo, boima ba hae ba mmele le hore a se ke a robala hantle. Matshwao a mang a ka akarelletsa maikutlo a ho nyahama, a ho fellwa ke tshepo, a ho hlora le ho ikutlwa o se wa bohlokwa. A mang a akarelletsa ho batla ho ba mong, ho hloleha ho tsepamisa kelello kapa ho lebala, ho batla ho ipolaya le boitshwaro bo bong boo dingaka di hlolehang ho bo hlalosa. Ha dingaka tse sebetsanang le malwetse a kelello di belaela hore motho o na le kgatello ya maikutlo, hangata di sheba matshwao a itseng a nkang dibeke, a mo sitisang ho phela ka tsela eo a neng a tlwaetse ho phela ka yona.
DINTHO TSE KA BAKELANG BATJHA KGATELLO YA MAIKUTLO
Ho latela WHO, “kgatello ya maikutlo e bakwa ke dintho tse sa tshwaneng tse akarelletsang maemo a moo motho a phelang teng, tsela eo a nahanang le ho etsa dintho ka yona hammoho le lefutso.” Dintho tseo di ka akarellatsa tse latelang.
Dintho tse amang mmele wa motho. Jwalo ka Julia, hangata motho a ka futsa kgatello ya maikutlo e leng se bontshang hore mohlomong diphatsa tsa lefutso di ama tsela eo boko bo sebetsang ka yona. Dintho tse ding tse ka bakang kgatello ya maikutlo di akarelletsa lefu la pelo, ho fetofetoha ha di-hormone le tshebediso e mpe ya dithethefatsi.b
Ho tshwenyeha. Le hoja ho tshwenyeha e se ntho e mpe, ho tshwenyeha haholo ho ka etsa hore motho a kule mmeleng le kelellong, hoo ka dinako tse ding ho ka etsang hore motjha a be le kgatello ya maikutlo, haholo haeba a phela tlasa maemo a ka etsang hore a be le yona ha bonolo. Ho ntse ho le jwalo, ha ho tsebahale hantle hore keng e bakang kgatello ya maikutlo.
Motjha a ka tshwenyeha haholo hoo a ka qetellang a e na le kgatello ya maikutlo haeba batswadi ba hlalane kapa ba arohane, a hlokahalletswe ke motho eo a mo ratang, a hlekefetswa mmeleng kapa ka thobalano, a amehile kotsing e itseng, a kula kapa a hloleha ho ithuta. Sena se ka etsahala haholoholo haeba a ikutlwa eka ba bang ba a mo kgetholla. Ntho e nngwe hape e ka bakang kgatello ya maikutlo ke haeba batswadi ba lebelletse dintho tse ngata haholo ho ngwana wa bona, mohlomong ba batla hore a pasetse hodimo sekolong. Dintho tse ding di akarelletsa ho hloriswa ke bana ba bang, ho tshwenyeha ka bokamoso, ho se khathallwe ke motswadi ya nang le kgatello ya maikutlo hammoho le ho fetoha ha maemo a batswadi. Haeba motjha a ba le kgatello ya maikutlo, a ka thuswa keng?
ITLHOKOMELE MMELENG LE KELELLONG
Ha kgatello ya maikutlo e qala kapa e se e le matla, hangata e ka kokobetswa ka meriana kapa ka hore motho a buisane le setsebi sa kelello.c Jesu Kreste o ile a re: “Ba matla ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka.” (Mareka 2:17) Ho kula ho ka ama karolo efe kapa efe ya mmele ya rona, ho akarelletsa le boko! Mohlomong ho ka hlokahala hore motho a fetole tsela eo a neng a phela ka yona kaha mmele ya rona le dikelello di sebetsa hammoho.
Haeba o na le kgatello ya maikutlo, leka ho itlhokomela mmeleng le kelellong. Ka mohlala, eja dijo tse loketseng, robala ka ho lekaneng mme o ikwetlise nako le nako. Ho ikwetlisa ho etsa hore boko ba hao bo ntshe dikhemikhale tse ka etsang hore o thabe, o be le matla mme o robale hantle. Haeba ho kgoneha, leka ho bona hore na keng e etsang hore o be le kgatello ya maikutlo mme o leke ho sebetsana le bothata boo. Bua le motho eo o mo tshepang. Ho ba haufi le ba lelapa le metswalle ho ka o thusa hore o sebetsane le kgatello ya maikutlo mohlomong le pele eba matla. Julia o ile a thuswa ke ho ngola hore na o ikutlwa jwang le wena o ka leka ho etsa seo. Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa, ke hore o matlafatse kamano ya hao le Jehova. Ho etsa jwalo ho ka etsa hore o thabe. Jesu Kreste o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ya bona ya moya.”—Matheu 5:3.
Anna le Julia ba dumellana le mantswe a Jesu. Anna o re: “Ha ke phathahane ka ho sebeletsa Jehova, ke ameha haholo ka batho ba bang ho e na le ho nahana feela ka mathata a ka. Ho etsa jwalo ha ho bonolo empa qetellong ke a thaba.” Julia yena o tshediswa ke ho rapela le ho bala Bibele. O re: “Ke ikutlwa ke imolohile ha ke qeta ho bolella Modimo mathata a ka. Ha ke bala Bibele ke kgona ho bona hore ke wa bohlokwa ho Modimo le hore o a nkgathalla. Bibele e boetse e etsa hore ke bone hore haufinyane maemo a tla fetoha.”
Jwalo ka Mmopi wa rona, Jehova Modimo o utlwisisa hantle tsela eo re hodisitsweng ka yona, dintho tseo re kopaneng le tsona bophelong le hore re entswe ka tsela efe, e leng dintho tse ka amang tsela eo re shebang bophelo le ho ikutlwa ka yona. Kahoo, o tla re thusa le ho re tshedisa, mohlomong a sebedisa batho ba lerato le ba tla re utlwisisa. Ho feta moo, nako e tla tla moo Modimo a tla fodisa malwetse ohle a rona, ebang ke mmeleng kapa kelellong. Esaia 33:24 e re: “Ha ho moahi ya tla re: ‘Kea kula.’”
Bible e re tshepisa hore Modimo “o tla hlakola meokgo yohle mahlong a [rona]; lefu ha le sa tla hlola le eba teng; mme ha ho sa tla ba maswabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.” (Tšenolo 21:4, Bibele e Halalelang) Ruri sena sea re tshedisa! Haeba o batla ho tseba ho eketsehileng ka hore na ke hobaneng ha Modimo a entse batho le lefatshe, kena websaeteng ya jw.org/jw-ssa. Ha o kena moo, o tla fumana Bibele le dihlooho tse ngata tse akarelletsang tse buang ka kgatello ya maikutlo.
a Mabitso a fetotswe.
b Mafu a mang a mangata, meriana le dithethefatsi di ka etsa hore motho a tepelle, ke ka hona ho leng bohlokwa hore dingaka di netefatse pele hore na motho o na le kgatello ya maikutlo kapa tjhe.
c Fadimehang! ha e buelle mofuta o itseng wa phekolo ka ho kgetheha.