LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g17 No. 3 leq. 3
  • Na ke Nnete Hore Bibele e “Buduletswe ke Modimo”?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na ke Nnete Hore Bibele e “Buduletswe ke Modimo”?
  • Fadimehang!—2017
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • HO BOLELWANG HA HOTHWE BIBELE E “BUDULETSWE?”
  • Bibele e na le Molaetsa oo Modimo a re Ngolletseng Wona
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Na Ruri Ditaba Tse Molemo di Tswa ho Modimo?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
  • Seo Mmopi wa Rona a re Tshepisitseng Sona
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
  • Bibele e Bua ka Eng?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
Fadimehang!—2017
g17 No. 3 leq. 3
Rakgwebo o laela mongodi hore a ngole lengolo

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA EHLILE BIBELE KE LENTSWE LA MODIMO?

Na ke Nnete Hore BIBELE e “Buduletswe ke Modimo”?

NA O a dumela hore Bibele e ngotswe ke Modimo? Kapa o nahana hore ke buka feela e ngotseng maikutlo a batho?Sena ke se seng sa dihlooho tseo esita le batho ba ipitsang Bakreste, ba dulang ba phehisana kgang ka sona. Ka mohlala, ka 2014, ripoto e nngwe naheng ya United States e ile ya bontsha hore batho ba bangata, ba a dumela hore “Bibele e ngotswe ke Modimo.” Ka lehlakoreng le leng, ba bang bona ba ile ba re ke “buka ya dipale, ya ditsebi, ya histori le ya melao e ngotsweng ke batho.” Taba eo, e ile ya etsa hore batho ba batle ho tseba hore na ha hothwe Bibele e “buduletswe,” ho bolelwang.—2 Timothea 3:16.

HO BOLELWANG HA HOTHWE BIBELE E “BUDULETSWE?”

Bibele e na le mangolo a 66 a ngotsweng ke bangodi ba ka bang 40, mme ba nkile dilemo tse fetang 1 600 ho e ngola. Haeba e ngotswe ke batho, ke jwang re ka reng e “buduletswe ke Modimo?” Bibele e re: “Batho ba ile ba bua ho tswa ho Modimo ha ba ntse ba kgannwa ke moya o halalelang.” (2 Petrose 1:21) Ka mantswe a mang, polelwana e na e reng “buduletswe ke Modimo” e bolela hore Modimo o ile a sebedisa moya wa hae o halalelang, ho fetisetsa molaetsa wa Bibele ho bangodi bao. Re ka tshwantsha sena le rakgwebo ya laelang mongodi wa hae hore a ngole lengolo. Ka ha lengolo leo, le na le maikutlo a rakgwebo, ho hlakile hore ke la hae ha se la mongodi.

Modimo o ile a sebedisa mangeloi, dipono le ditoro ho fa bangodi ba Bibele molaetsa wa hae. Ke nnete hore Modimo o ne a ba dumella hore ba sebedise mantswe a bona, empa ka dinako tse ding o ne a ba fa mantswe ka ho toba. Kahoo, bangodi ba fetisitse menahano ya Modimo e seng ya bona.

Empa re kgodiswa keng hore Bibele e buduletswe ke Modimo? A re hlahlobeng mabaka a mararo a ka re kgodisang hore ehlile Bibele e ngotswe ke Modimo.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share