LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g17 No. 3 maq. 8-9
  • Ruta Bana ho Etsa Mosebetsi wa Lapeng

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ruta Bana ho Etsa Mosebetsi wa Lapeng
  • Fadimehang!—2017
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • BOTHATA
  • SEO O LOKELANG HO SE TSEBA
  • SEO O KA SE ETSANG
  • Ho ba le Boikarabelo
    Fadimehang!—2019
  • Ho ba le Boikokobetso
    Fadimehang!—2019
  • 7 Boitshwaro
    Fadimehang!—2018
  • 11 Ho ba Mafolofolo
    Fadimehang!—2018
Fadimehang!—2017
g17 No. 3 maq. 8-9
Moshemane o thwanaka ditoy tsa hae ha ntate wa hae a ntse a penta lebota la kitjhine

SE KA THUSANG LELAPA | BATSWADI

Ruta Bana ho Etsa Mosebetsi wa Lapeng

BOTHATA

Malapeng a mang, bana ba lebelletswe hore ba thuse ka tlung mme hangata ba etsa seo ka ntle le ho komakoma. Ha e le malapeng a mang teng, batswadi ha ba a lebella seo.

Ditsebi di bontsha hore tlwaelo ena e atile haholo ditoropong, moo bana ba sa batleng ho etsa letho. Ntate e mong ya bitswang Steven o re: “Matsatsing ana bana ha ba etse letho ha e se ho shebella TV, ho kena Inthaneteng le ho bapala dipapadi tsa divideo.”

O nahanang ka see? Na mesebetsi ya lapeng e ka thusa bana ka tsela e itseng?

SEO O LOKELANG HO SE TSEBA

Batswadi ba bang ba tswafa ho fa bana ba bona mesebetsi ya lapeng, haholoholo ha ba na le mosebetsi o mongata wa sekolo. Empa a ko nahane ka melemo ena e latelang.

Mesebetsi ya lapeng e etsa hore bana ba be le boikarabelo. Mosebetsi wa lapeng o ka thusa ngwana hore a be sebete, a itshware hantle mme a be le sepheo bophelong. Hangata bana ba sebetsang lapeng, ba a pasa sekolong.

Mesebetsi ya lapeng e etsa hore bana ba nahanele ba bang. Batho ba bang ba hlokometse hore hangata bana ba hotseng ba sebetsa lapeng, ba thusa setjhaba ha ba se ba le baholo. Sena se etswa ke hore, ba ithuta ho behella ditlhoko tsa ba bang ka pele ho tsa bona. Steven o di beha tjena: “Ha ba etsetswa dintho tsohle, ba hola ba ena le boikutlo bo fosahetseng ba hore bophelong dintho di itlela feela ka mohlolo.”

Mesebetsi ya lapeng e momahanya lelapa. Ha bana ba fuwa mosebetsi, ba a hlokomela hore ba nkwa e le ba bohlokwa le hore ba na le boikarabelo. Empa sena se ka fetoha ha batswadi ba tlohela ho ba fa mesebetsi ya ka tlung. Haeba o motswadi, Ipotse: ‘Na nka batla hore ngwanaka a qete nako e ngata a ena le bakgotsi ba hae, ho ena le hore a thuse ka lapeng?’

SEO O KA SE ETSANG

Thupa e kojwa e sale metsi. Qala ho ruta ngwana ho tloha boseyeng. Batho ba bang ba re batswadi ba lokela ho fa bana mesebetsi ho tloha feela ha ba le dilemo di tharo. Ba bang bona ba re ha ba le dilemo di pedi kapa ka tlase ho moo. Taba ke hore, hangata bana ba rata ho sebetsa le batswadi ba bona le ho ba etsisa. Molaomotheo wa Bibele: Liproverbia 22:6.

Nahanela dilemo tsa ngwana. Ka mohlala, o ka nna wa ruta ngwana ya dilemo di tharo ho mena washene kapa wa re a phuthe dintho tseo a bapalang ka tsona. Ba ba holwanyane bona o ka nna wa re ba fiele, ba hlatswe koloi kapa ba phehe. O tla hlollwa ke ho bona ba ipabola mesebetsing e fapaneng eo o ba rutileng yona.

Thusa ngwana hore a nke mesebetsi ya lapeng e le ya bohlokwa. Seo se ka bonahala se le thata haholoholo ha ngwana a ena le mosebetsi wa sekolo o thibang letsatsi. Buka e nngwe e re: ‘Haeba nako ena kaofela ha ngwana a na le mosebetsi o mongata wa sekolo, o mo dumella hore a tlohele ho sebetsa ka tlung, a ke ke a hlola a ba le boikarabelo.’ Jwalo ka ha re boletse pejana, ho etsa mesebetsi ya lapeng ho ka thusa ngwana hore ebe moithuti ya molemo. Mesebetsi ya lapeng e tla thusa ngwana hore a tle a tshware ka thata mohlang a seng a na le lelapa. Molaomotheo wa Bibele: Bafilipi 1:10.

O se ke wa tatela hore ngwana a qete mosebetsi. Ho ka nna ha nka ngwana hao nako e telele eo o neng o sa e lebella hore a qete mosebetsi oo o mo fileng ona. Mohlomong o a bona hore o ntse a lokela ho ntlafatsa. Haeba ho jwalo, o se ke wa nahana ho qetella seo a ntseng a se etsa, mo tlohele. Hopola hore sepheo sa hao ha se hore a qete mosebetsi empa ke ho mo thusa hore a tsebe mosebetsi ele hore e kaba motho ya nang le boikarabelo. Lebaka ke hore ngwana a ke ke a etsa mosebetsi jwalo ka motho e moholo. Molaomotheo wa Bibele: Moeklesia 3:22.

O se ke wa nahana hore o lokela ho mo patala e le hore a sebetse. Batho ba bang ba nahana hore o tlameha ho patala ngwana e le hore a thuse ka tlung. Ba bang bona ba re ntho eo e etsa hore ngwana a sebetse hore feela a thole tjhelete. Sena se ka nna sa etsa hore a hane ho sebetsa ha a na le tjhelete. Jwale re ka ithutang tabeng ena? Ha se phoso ho fa ngwana wa hao tjhelete neng kapa neng. Empa e ke ke ya eba bohlale hore o mo fe yona ha o batla hore a etse mosebetsi o itseng.

MANGOLO A KA THUSANG

  • “Kwetlisa moshanyana ho ya ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kgeloha.” Liproverbia 22:6.

  • “Nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.” Bafilipi 1:10.

  • “Ha ho letho le molemo ho feta hore motho a thabe mesebetsing ya hae.” Moeklesia 3:22.

Steven le Stephanie

“Ha re sebetsa re le lelapa re a thaba ebile re a momahana. Ka mohlala, ha re qeta ho sebetsa jareteng kapa ka tlung, ho ba monate ona o haesale.”​—Steven.

“Re ile ra kwetlisa baradi ba rona ba sa le banyenyane mme seo se ba thusitse hore e be batho ba nang le boikarabelo. Re leka ho ba bontsha hore lelapa le tshwana le thimi ya bolo, e sebetsang mmoho. Kahoo, jwalo ka batswadi re lokela ho nka mosebetsi e le wa bohlokwa e le hore bana ba rona ba ka re etsisa. Re a thaba hore ebe baradi ba rona ba etsa seo.”​—Stephanie

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share