LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g17 No. 3 maq. 14-15
  • Mangeloi

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mangeloi
  • Fadimehang!—2017
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Mangeloi ke bomang?
  • Mosebetsi wa mangeloi e ne e le ofe nakong e fetileng?
  • Mangeloi a etsang hona jwale?
  • Seo e Leng Nnete ka Mangeloi
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Mosebetsi wa Mangeloi ke Ofe?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Etsisa Mangeloi a Tshepahalang
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
Fadimehang!—2017
g17 No. 3 maq. 14-15
Lengeloi le hlaha ho Moshe hara sehlahla se tukang

SEO BIBELE E SE BUANG

Mangeloi

Ho tloha nakong e fetileng, mangeloi a nnile a hlaha dibukeng, ditshwantshong le difiliming. Empa, ha ele hantle mangeloi ke bomang, hona mosebetsi wa ona ke ofe?

Mangeloi ke bomang?

SEO BIBELE E SE BUANG

Pele Modimo a bopa dintho tsohle, o ile a bopa dibopuwa tse bohlale. Ha e le hantle, dibopuwa tsena di matla ho feta batho mme di dula le Modimo lehodimong. (Jobo 38:4, 7) Bibele e hlalosa hore dipopuwa tsena ke “meya” kapa “mangeloi.”—Pesaleme ya 104:4.a

Mangeloi a makae ka palo? Lentswe la Modimo le hlalosa hore mangeloi a potolohileng terone ya Modimo ke “dimiriade tsa dimiriade” kapa “dikete tsa dikete.” (Tšenolo 5:11) Kahoo, re a hlokomela hore mangeloi a mangata haholo.

“Ka tadima. . . mangeloi a mangata ho pota terone . . . ,mme palo ya ona e ne e le dimiriade tsa dimiriade le dikete tsa dikete.”—Tšenolo 5: 11.

Mosebetsi wa mangeloi e ne e le ofe nakong e fetileng?

SEO BIBELE E SE BUANG

Nakong e fetileng, Modimo o ne a sebedisa mangeloi ho fetisetsa molaetsa ho batho.b Bibele e boetse e re bolella hore Jehova o ne a a sebedisetsa ho etsa mehlolo. Ka mohlala, Jehova o ile a sebedisa lengeloi ho thiba Abrahama hore a seke a etsa sehlabelo ka mora wa hae, Isaka. (Genese 22:11-18) Ka letsatsi le leng, ha Moshe a le thabeng ya Horebe lengeloi le ile hlaha hara sehlahla se tukang, le tlisitse molaetsa o neng o tswa ho Jehova. (Exoda 3:1, 2) Ho feta moo, ha moprofeta Daniele a ne a lahletswe ka sekoting sa ditau, Jehova o ile a sebedisa lengeloi ho “kwala melomo ya ditau,” e le hore a ka sireletsa mohlanka wa hae.—Daniele 6:22.

“Jwale lengeloi la Jehova la hlaha ho yena le le lelakabeng la mollo hara sehlahla se meutlwa.”—Exoda 3:2.

Mangeloi a etsang hona jwale?

SEO BIBELE E SE BUANG

Re ke ke ra tseba ka ho felletseng hore na mangeloi a etsang hona jwale. Le ha ho jwalo, Bibele e re bontsha hore a kenya letsoho ho thusa batho ba dipelo di lokileng hore ba tsebe Jehova.—Liketso 8:26-35; 10:1-22; Tšenolo 14:6, 7.

Jakobo o ile a lora mangeloi a ntse a ya hodimo le tlase a palame “lere” pakeng tsa lehodimo le lefatshe. (Genese 28:10-12) Ka ha toro ena e ne etswa ho Jehova, ho ka etsahala hore ebe Jakobo o ile a nahana hore toro ena, e ne e bontsha tsela eo ka yona Jehova a romelang mangeloi a hae lefatsheng e le hore a tlo thusa bahlanka ba hae.—Genese 24:40; Exoda 14:19; Pesaleme ya 34:7.

“Ho ne ho ena le lere e emeng lefatsheng tlhoro ya yona e fihla mahodimong; mme, bonang! ho ne ho ena le mangeloi a Modimo a ntseng a nyoloha mme a theoha ka yona.”—Genese 28:12.

a Bibele e hlalosa hore mangeloi a mang a ileng a fetohela bobusi ba Modimo, a bitswa “bademona.”—Luka 10:17-20.

b Ha e le hantle lentswe la Sebeheru le la Segerike, “lengeloi” le hlaloswa e le motho kapa ntho e fetisang molaetsa.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share