LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g17 No. 4 maq. 10-11
  • Ha Bana ba se ba Tswile Phakweng

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ha Bana ba se ba Tswile Phakweng
  • Fadimehang!—2017
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • BOTHATA
  • HOBANENG HA SEO SE ETSAHALA?
  • SEO O KA SE ETSANG
  • Batswadi ba Lokela ho Thusa Bana ba Bona ho Rata Jehova
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
  • Tsela ya ho Bontsha Kananelo
    Fadimehang!—2017
  • 1 Botshepehi
    Fadimehang!—2018
  • Batswadi, le ka Thusa Bana ba Lona Jwang Hore ba Rate Jehova?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
Tse Ding
Fadimehang!—2017
g17 No. 4 maq. 10-11
Monna o shebeletse television ka kamoreng e nngwe ha mosadi yena a ntse a roka ka ho e nngwe

SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Ha Bana ba se ba Tswile Phakweng

BOTHATA

Banyalani ba atisa ho kopana le mathata ka mora hore bana ba bona ba hole mme ba tlohe lapeng. Ha ba sala ba le babedi feela, ba iphumana ba sa tsebe hore na ba nkeng ba e kopanye leng. M. Gary Neuman eo e leng setsibi sa tsa malapa, o re: “Ke thusitse banyalani ba bangata ba neng ba sa kgone ho ba ngatana nngwe ha bana ba bona se ba tlohile lapeng. Ka ha jwale ba babedi feela, ba fellwa ke moqoqo ka nako tse ding.”a

Na ho jwalo lenyalong la hao? Haeba ho jwalo, o se ke wa tshoha, o ntse o ka kgutlisetsa dintho madulong. Empa qala ka ho nahana ka dintho tseo e ka nnang yaba ke tsona tse butseng lekgalo pakeng tsa lona.

HOBANENG HA SEO SE ETSAHALA?

Bana e ile ya ba karolo ya lelapa ka dilemo. Batswadi ba bangata ba ile ba itlwaetsa ho beha ditlhoko tsa bana ba bona pele ho ditlhoko tsa lenyalo. Ka lebaka leo, ba phathahana ka ho bapala karolo ya ho ba Ntate le Mme ho ena le ho thabela kamano ya bona ya lenyalo jwalo ka Monna le Mosadi. Sena ke sona se etsang hore e re ha bana ba se ba tswile, jwale e ba mathata feela. Mme e mong ya dilemo di 59 o re: “Bonyane ha bana ba ka ba sa ntse ba le teng, re ne re etsa dintho mmoho. Empa eitse ha ba tloha lapeng, nna le monna wa ka ra qala ho etsa dintho tse sa tshwaneng.” Ka nako e nngwe o ile a ba a re ho monna wa hae: “Ke bona eka re a sitisana.”

Banyalani ba bang ha ba itokisetse maemo ana. Buka e nngwe e bitswang Empty Nesting e re: “Ho banyalani ba bang, ekare ke hona ba sa tswa nyalana.” Ba bang bona, ba iketsetsa dintho tsa bona ebe ha ba tsotellane hoo ba bang jwalo ka ha eka ke batho feela tjee ba dulang mmoho.

Empa ditaba tse monate ke hore, o ntse o ka nna wa qoba mathata ana mme wa thabela melemo e tliswang ke diphetoho tsena bophelong. Bibele e ka o thusa boemong bona. A re ke re boneng ho re na e ka o thusa jwang.

SEO O KA SE ETSANG

Ikemisetse ho amohela phetoho. Bibele ha e bua ka bana ba seng ba hodile e re: “Monna o tla tlohela ntatae le mmae.” (Genese 2:24. BIBELE E HALALELANG) Ha e le hantle, mosebetsi wa lona batswadi, o ne o fella ha bana ba ntse ba le tlasa tlhokomelo ya lona, nakong eo le neng le ba ruta hore ba be le makgabane ao ba tla a hloka ha ba se ba le baholo. Haeba le eba le pono e jwalo, le tla thaba hore ebe ba se ba tseba ho itlhokomela.​—Molaomotheo wa Bibele: Mareka 10:7.

Ke nnete hore le tla dula le le batswadi ho bana ba lona. Empa ka ha jwale ha ba sa ikarabella ho lona, sena se le fa monyetla wa hore le momahane jwalo ka monna le mosadi. Ha ka lehlakoreng le leng, le ntse le ipha nako ya ho buisana le bona. b​—Molaomotheo wa Bibele: Matheu 19:6.

Buisanang ka se le tshwenyang. Buisana le molekane wa hao ka bolokolohi ka tsela eo o ikutlwang ka yona mme le yena o mo mamele ha a ntsha maikutlo a hae. Eba le mamello mme o utlwisise. Ho ka nna ha le nka nako hore le boele le momahane, empa ha le ikitlaetsa le ho feta le tla atleha.​—Molaomotheo wa Bibele: 1 Bakorinthe 13:4.

Shebang dintho tseo le ka di etsang hammoho. Buisanang ka dintho tseo le batlang ho di finyella hammoho le dintho tseo le tla thahasella ho ya ho tsona kapa ho di bona. Ha ntse le hodisa bana, le ile la fumana boiphihlelo dinthong tse ngata. Mohlomong le ka thusa batho ba bang.​—Molaomotheo wa Bibele: Jobo 12:12.

Ikgopotseng dikano tsa lona. Nahanang ka dintho tse ileng tsa etsa hore le ratane. Nahanang ka dintho tseo le ileng la feta ho tsona historing ya bophelo ba lona le lenyalong. Le tla hlokomela kamoo diphetoho tsena di leng molemo ho lona. Haeba le tshwarisana, le tla atleha boitekong ba lona ba ho boloka lerato la lona le tuka lenyalong.

a Ho tswa bukeng e bitswang Emotional Infidelity.

b Haeba le ntse le hodisa bana, hopolang hore le “nama e le nngwe” le molekane wa hao. (Mareka 10:8) Le bana ba ikutlwa ba sireletsehile ha ba bona hore batswadi ba bona ba ratana e le kannete.

MANGOLO A KA THUSANG

  • “Monna o tla siya ntatae le mmae.”​—Mareka 10:7.

  • “Seo Modimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha eba le motho ya se arolang.”​—Matheu 19:6.

  • “Lerato le a tiisetsa mme le mosa.”​—1 Bakorinthe 13:4.

  • “Na ha ho na bohlale hara ba hodileng?”​—Jobo 12:12.

Salvatore le Aurora

SALVATORE LE AURORA

“Jwale re a elellwa hore hona jwale se re na le nako ya ho ba mmoho ho feta le ha e le neng pele mme re nka monyetla wa seo. Kahoo, re sebedisa nako ena ho thusa batho ba bangata esita le malapa a nang le bana le banyalani ba batjha. Re rata ho thusa ba bang ka ho ba phetela ka bophelo ba rona.”

Carlo and Caterina

CARLO LE CATERINA

“Ho nka nako ho tlwaela boemo bona. Re ile ra phela nako e telele re behile tlhokomelo ya rona baneng. Ka ha hona jwale re se re etsa dintho mmoho, dintho di tsamaya bothebelele mme sena se etsa hore re dule re le mathe le leleme.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share