LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g17 No. 6 leq. 3
  • Na Ehlile Lefatshe Lee le Tswile Taolong Kapa Tjhe?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na Ehlile Lefatshe Lee le Tswile Taolong Kapa Tjhe?
  • Fadimehang!—2017
  • Dintlha tse Ding
  • Borasaense ba Isa Pele Lenaka la Watjhe e Bontshang Hore na Lefatshe le Fela Neng—Bibele e Reng ka Taba Ee?
    Dihlooho Tse Ding
  • Na Lefatshe le Haufi le ho Fediswa?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Na Ehlile Lefatshe Lee le Tswile Taolong? Ebe Bibele Yona e Reng?
    Fadimehang!—2017
Fadimehang!—2017
g17 No. 6 leq. 3
Watjhe ya Letsatsi la Kahlolo

SEHLOOHO SE KA NTLE | NA EHLILE LEFATSHE LEE LE TSWILE TAOLONG?

Na ehlile Lefatshe Lee le Tswile Taolong Kapa Tjhe?

SELEMO sa 2017 se ile sa qala ka phatlalatso e tepeletsang e entsweng ke mokgatlo wa saense. Ka January, sehlopha sa borasaense se ile sa bolela hore lefatshe le haufi le ho welwa ke koduwa e tshosang haholo. Ba sebedisitse Watjhe e tummeng ka hore ke ya Letsatsi la Timetso e le letshwao le bontshang hore na lefatshe le haufi hakae le timetso. Yaba ba setela lenaka la metsotso la watjhe eo hore le be pele ka metsotswana e 30. Hona jwale watjhe ena e se e setetswe ho metsotso e 2 le metsotswana e 30 pele lefatshe le timela, mme ena ke nako e haufi haholo ho feta le ha e le neng pele.

Ka 2018, borasaense ba batla ho sheba watjhe ena hape e le ho bona hore na lefatshe le haufi hakae le ho timela. Na Watjhe eo e bua nnete ha e re lefatshe le tla timela ka nako eo borasaense ba reng le tla timela ka yona? Wena o ka reng? Na ehlile lefatshe lee le tswile taolong? Ho ka etsahala hore o utlwe ho le thata ho araba potso ena. Ebile ha o mong etswe le batho ba rutehileng ba ntse ba sa tsebe karabo. Ha se batho kaofela ba dumelang hore ho na le letsatsi la timetso.

Ha e le hantle, batho ba dimilione ba dumela hore ba na le bokamoso bo tjhabileng. Ba bolela hore ba na le bopaki ba hore lefatshe leo re phelang ho lona le batho ka kakaretso, ba tlo pholoha le hore bophelo ba rona bo tlo ntlafala. Na see ke nnete? Na ehlile lefatshe lee le tswile taolong kapa tjhe?

Buka e bitswang Bulletin of the Atomic Scientists e re: “Watjhe ena ya Letsatsi la Timetso e se e sebediswa dinaheng tse ngata e le ho thusa ho bona hore na batho ba haufi hakae le ho isa lefatshe lena timetsong ka ditheknoloji tse kotsi tse etswang. Ntho e kotsi le e ka sehloohong ke dibetsa tsa nuclear. Dintho tse jwalo ka theknoloji e fetolang tlelaemete, maano a etswang ho ntlafatsa theknoloji le theknoloji ya dikhompiyutha, di ka bakela batho le lefatshe lohle kotsi le tshenyo e kgolo hoo ho seng motho ya ka lokisang maemo.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share