O KA FUMANA THABO YA SEBELE JWANG BOPHELONG?
Ithute Dintlha Tse Eketsehileng
NA O KILE WA IPOTSA DIPOTSO TSENA TSE LATELANG?
Ebe ke jwang lelapa la ka le ka thabang?
Nka etsang e le hore ke be le metswalle e hantle le hore le nna ke be motswalle ya hantle?
Na ho fedile ka batho bao re ba ratang ba hlokahetseng?
Na mathata a tla ke a fele?
Na batho ba tla qetella ba sentse lefatshe?
Na madumedi ohle a rapela Modimo wa nnete?
O KA FUMANA DIKARABO TSA DIPOTSO TSENA LE TSE DING TSE NGATA
Kena websaeteng ya jw.org, e fumanehang ka dipuo tse fetang tse 900. O tla fumana tlhahisoleseding e thusang haholo ka dihlooho tse sa tshwaneng.
O tla boele o thabele divideo tsa batho ba dimelo tse sa tshwaneng ba ileng ba fumana tsela ya ho thaba mme ba se ke ba ikwahlaela seo! Ba bang ba bona e ne e le makgoba a dithethefatsi ha ba bang bona ba ne ba le teronkong. Ba bang ke dirutehi ho akarelletsa le borasaense.
Websaeteng ena ya jw.org, o tla be o kgone le ho downloada Dibibele tse sa tshwaneng le dingolwa tse ngata feela mahala. Ho na le dihlooho tse ngata tse kang:
Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
Ke Jwang o ka Fumanang Kgotso le Thabo ya Sebele?
Ditaba Tse Monate Tse Tswang ho Modimo!