LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g19 No. 2 maq. 4-5
  • Melemo ya ho ba le Boitshwaro

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Melemo ya ho ba le Boitshwaro
  • Fadimehang!—2019
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • HO BA LE BOITSHWARO HO BOLELANG?
  • KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA HO BA LE BOITSHWARO?
  • KE JWANG O KA RUTANG BANA HORE BA BE LE BOITSHWARO?
  • Eba le Boitshwaro
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Boitshwaro​—Bo a Hlokahala e le Hore re Thabise Jehova
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
Fadimehang!—2019
g19 No. 2 maq. 4-5
Mme o kgalemela mora wa hae e monyane ya batlang ho nka pompong ka shopong

NTLHA YA 1

Melemo Ya Ho Ba Le Boitshwaro

HO BA LE BOITSHWARO HO BOLELANG?

Ho ba le boitshwaro ho akarelletsa

  • Ho ba le mamello

  • Ho hlompha qeto e entsweng

  • Ho qeta mesebetsi eo o e fuweng

  • Ho nahanela batho ba bang

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA HO BA LE BOITSHWARO?

Bana ba nang le boitshwaro, ba kgona ho hanela diteko le ha ho ka bonahala eka di ka ba thabisa. Ho fapana le hoo, bana ba se nang boitshwaro

  • Ba halefa ka pele

  • Ba na le kgatello ya maikutlo

  • Ba a tsuba, ba sebedisa dithethefatsi ebile ba nwa jwala haholo

  • Ha ba je dijo tse nang le phepo e ntle

Thuto e nngwe e bontsha hore bana ba nang le boitshwaro, ha e se e le batho ba baholo, ha ba be le mathata a ditjhelete, ba sebedisana le molao mme ha se hangata o ka ba fumanang ba kula. Thuto eo e ile ya etsa hore Moprofesa Angela Duckworth wa Yunivesithi ya Pennsylvania a qetelle a buile mantswe a reng: “Ho ba le boitshwaro ha hona moedi.”

KE JWANG O KA RUTANG BANA HORE BA BE LE BOITSHWARO?

Ithute hore tjhe ya hao e be tjhe.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Lentswe la lona E le mpe le bolele E, Tjhe ya lona, Tjhe.”​—Matheu 5:37.

Hangata bana ha ba batla ntho e itseng ba a lla, mme ha ba hlokomela hore batswadi ba bona ba dula ba ba fa ntho eo ba e batlang haeba ba lla, ba tlo dula ba etsa jwalo, e le hore feela ba fumane seo ba se batlang.

Ka lehlakoreng le leng, haeba tjhe ya motswadi e bolela tjhe, seo se etsa hore bana ba tsebe hore ha se ka mehla ba ka fumanang seo ba se batlang. Dr. David Walsh o re: “Ho ba le boitshwaro ho etsa hore motho a thabe. Re tla be re sa etsetse bana ba rona se molemo haeba re ba fa ntho e nngwe le e nngwe eo ba e batlang.”a

Haeba ha o fe ngwana wa hao ntho e nngwe le e nngwe eo a e batlang, seo se tla mo thusa hore le ha a se a hodile a kgone ho hanela diteko, tse kang ho sebedisa dithethefatsi, ho etsa thobalano pele ho lenyalo kapa ho ntsha wena kapa batho ba bang kotsi.

Thusa bana ba hao ho utlwisisa ditlamorao tsa dintho tse mpe le tse ntle tseo ba di etsang.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Etswe le ha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.”​—Bagalata 6:7.

Ngwana wa hao o lokela ho tseba hore diketso tsa hae di tla ba le ditlamorao, mme haeba a se na boitshwaro, o tla kgola ditholwana tse babang. Ka mohlala, haeba ngwana wa hao o kwata ka pele, batho ba bang ba ka nna ba qoba ho ba haufi le yena. Ka lehlakoreng le leng, haeba a na le mamello mme a kgona ho itshwara ha a utlwisitswe bohloko, batho ba tla mo rata. Thusa ngwana wa hao ho utlwisisa hore o tla etsahallwa ke dintho tse ntle haeba a na le boitshwaro bophelong.

Ruta ngwana wa hao ho tseba dintho tsa bohlokwa

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.”​—Bafilipi 1:10.

Ho ba le boitshwaro ho re thusa hore re seke ra etsa dintho tse fosahetseng, ebile ho boetse ho re thusa ho etsa dintho tseo re lokelang ho di etsa le hoja re sa di thabele. Ke ha bohlokwa hore ngwana wa hao a tsebe ho etsa dintho tse tlang pele bophelong mme a dule a di etsa. Ka mohlala, o lokela ho etsa mosebetsi wa sekolo pele a ka bapala.

Behela bana ba hao mohlala o motle.

MOLAOMOTHEO WA BIBELE: “Ke le behetse mohlala, e le hore feela jwalo ka ha ke entse ho lona, le ka etsa ka ho tshwanang.”​—Johanne 13:15.

Ngwana wa hao o tla bona hore na o itshwara jwang ha ho na le ntho e o kgopisitseng. Bontsha ka diketso hore ho itshwara hantle ho na le ditlamorao tse ntle. Ka mohlala, ha ngwana wa hao a entse ntho e mpe, na wa halefa kapa o bua le yena o kgobile matshwafo?

a Mantswe ana a tswa bukeng ya, No: Why Kids​—⁠of All Ages​—⁠Need to Hear It and Ways Parents Can Say It.

Mme o kgalemela mora wa hae e monyane ya batlang ho nka pompong ka shopong

BA KWETLISE HONA JWALE

Haeba ha o fe ngwana wa hao ntho e nngwe le e nngwe eo a e batlang, seo se tla mo thusa hore le ha a se a hodile a kgone ho hanela diteko, tse kang ho sebedisa dithethefatsi kapa ho etsa dintho tse tla mo ntsha kotsi 

Behela Bana ba Hao Mohlala

  • Na bana ba ka ba a bona hore ha ke halefe le ha ke sebetsana le maemo a boima?

  • Na nkile ka hlalosetsa bana ba ka mabaka a hore na ke hobaneng ha ke kgoba matswafo ha ke sebetsana le maemo a boima?

  • Na bana ba ka ba ka nhlalosa ke le motho ya etsang diqeto ka pele, le a kwatang ka pele kapa na ke motho ya nang le boitshwaro?

Seo Batswadi ba Bang ba se Buang . . . 

Theresa o re: “Le hoja re ne re se na bothata ha moradi wa rona a kwata, empa re ne re na le bothata ha a kwatela batho ba bang ba se nang molato. Haeba a ne a kwata re ne re sa mo dumelle ho ba ha ra batho ho fihlela a ba hantle.”

Wayne o re: “Nna le mosadi wa ka re dula re bolella bana ba rona ha ba entse dintho tse ntle. Re a ba babatsa ha ba ile ba bontsha boitshwaro maemong a thata.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share