LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g20 No. 1 leq. 3
  • Na o Tshwenyehile?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na o Tshwenyehile?
  • Fadimehang!—2020
  • Dintlha tse Ding
  • Ho Tshwenyeha ke Eng?
    Fadimehang!—2020
  • Tse ka Hare
    Fadimehang!—2020
  • O ka Etsang Hore o Kgaotse ho Tshwenyeha?
    Fadimehang!—2020
  • Ke Eng e Bakang ho Tshwenyeha?
    Fadimehang!—2020
Fadimehang!—2020
g20 No. 1 leq. 3
Mosadi ya tshwenyehileng o kobile hlooho mosebetsing.

O KA KGONA HO KGAOTSA HO TSHWENYEHA

Na o Tshwenyehile?

Jilla o re: “Batho ba bangata ba imetswe kelellong, empa nna ke imetswe le ho feta. Ho fapana le batho ba bang, ha ke a imelwa ke bothata bo le bong feela, empa ke na le mathata a mangata a kang ho sokola, le ho hlokomela monna wa ka ya kulang mmeleng le kelellong e leng bothata bo bonahalang eka bo tla tswela pele ka dilemo tse ngata.”

Barry o re: “Mosadi wa ka o ile a ntshiya mme ka tlameha ho hodisa bana ba babedi ke le mong. Ho ne ho le thata ho hodisa bana ke le mong. Ka hodima dintho tsohle ke ile ka lahlehelwa ke mosebetsi mme ke ne ke sena tjhelete ya ho lokisa koloi. Ke ne ke sa tsebe hore na ke etseng. Ke ne ke imetswe haholo. Ke ne ke tseba hore ho fosahetse hore ke ipolaye, ka hoo ke ile ka kopa Modimo hore a ntlohele ke shwe.”

Na le wena jwalo ka Jill le Barry, o ke o ikutlwe o imetswe kelellong? Haeba ho jwalo e se eka dihlooho tse latelang di ka o thusa le ho o tshedisa. Di bua ka maemo a tlwaelehileng a ho imelwa kelellong, ka moo ho imelwa kelellong ho ka o amang ka teng, le hore na o ka sebetsana jwang le hona.

a Mabitso a fetotswe.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share