LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g20 No. 2 maq. 6-7
  • 1. Na ke Modimo ya re Bakelang Dintho Tse Bohloko?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • 1. Na ke Modimo ya re Bakelang Dintho Tse Bohloko?
  • Fadimehang!—2020
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Ke Hobaneng ha ho le Bohlokwa ho Tseba Karabo ya Potso ee?
  • Nahana ka Sena
  • Seo Bibele e se Rutang
  • Tse ka Hare
    Fadimehang!—2020
  • Bibele e Reng?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Ke Mang ya re Bakelang Mathata?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2018
  • Ke Hobaneng ha re Hlahelwa ke Mathata?
    Bibele e re Rutang?
Tse Ding
Fadimehang!—2020
g20 No. 2 maq. 6-7
Moruti o tshwere Bibele ka pela batho mme o rerela batho ba utlwileng bohloko.

1. Na Ke Modimo Ya Re Bakelang Dintho Tse Bohloko?

Ke Hobaneng ha ho le Bohlokwa ho Tseba Karabo ya Potso ee?

Batho ba bangata kajeno ha ba batle ho sebeletsa Modimo hobane ba nahana hore ke yena ya re bakelang mathata.

Nahana ka Sena

Baetapele ba madumedi a mangata ba ruta hore ke Modimo ya re bakelang mathata. Ka mohlala, ba bang ba re:

  • Dikoduwa tsa tlhaho ke kotlo e tswang ho Modimo.

  • Bana ba shwa ka lebaka la hore Modimo o hloka mangeloi a mangata lehodimong.

  • Batho ba ba le mathata ka lebaka la hore Modimo o nka lehlakore dintweng mme o sirelletsa batho bao a ba ratang.

Empa na ho ka etsahala hore seo baetapele ba bodumedi ba se buang ka Modimo se fosahetse? Hona na re ka ba tshepa haeba Modimo a sa thabele dintho tseo ba di buang ka yena?

ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

Shebella video ya Ke Hobaneng ha o Lokela ho Ithuta Bibele? ho jw.org/st-za.

Seo Bibele e se Rutang

Ha se Modimo ya re tlisetsang mathata.

Haeba batho ba re ke Modimo ya re tlisetsang mathata, seo se tla be se fapane hole le seo Bibele e re bolellang sona ka makgabane a hae. Ka mohlala:

“Ditsela tsohle tsa [Modimo] ke toka. . . . O lokile mme o kgabane.”​—DEUTERONOMA 32:4.

“Ho ke ho be hole le Modimo wa nnete hore a sebetse bokgopo, le hore Ya Matla Ohle a sebetse ka mokgwa o hlokang toka!”​—JOBO 34:10.

“Ya Matla Ohle ha a kgopamise kahlolo.”​—JOBO 34:12.

Modimo ha a thabele madumedi a buang dintho tse mpe ka yena.

Sena se akarelletsa madumedi a tshehetsang dintwa le batho ba rutang hore Modimo ke yena ya re bakelang mathata.

“Baprofeta ba profeta leshano ka lebitso la ka. Ha ke a ka ka ba roma, le ha e le ho ba laela kapa ho bua le bona. Ba bua le lona ka tsela ya boprofeta ka pono ya bohata . . . ntho ya lefeela le ho qhekella ha dipelo tsa bona.”​—JEREMIA 14:14.

Jesu o ne a hanyetsa bodumedi ba leshano.

“Ha se e mong le e mong ya reng ho nna, ‘Morena, Morena,’ ya tla kena mmusong wa mahodimo, empa ho tla kena ya etsang thato ya Ntate ya mahodimong. Letsatsing leo, ba bangata ba tla re ho nna ‘Morena, Morena, na ha re a ka ra profeta ka lebitso la hao, le ho leleka bademona ka lebitso la hao, le ho etsa mesebetsi e matla e mengata ka lebitso la hao?’ Le ha ho le jwalo ka nako eo ke tla ba bolella: ‘Ha ke a ka ka le tseba le ka mohla! Tlohang ho nna, lona ba etsang tlolo ya molao!’”​—MATHEU 7:21-23.

Na ke Modimo ya re Bakelang Mathata?

Ka mohlala, ha re re Ntate o hodisa bana ba hae mme o etsa sohle seo a ka se kgonang ho ba hlokomela. Ha morao, e mong wa bara ba hae o tswa tseleng, o tloha lapeng mme o ikgethela bophelo ba ho tsuba dithethefatsi le ho nwa jwala. Na Ntate ke yena ya ikarabellang diketsong tsa ngwana eo? Haeba ngwana enwa a ka hlahelwa ke dintho tse bohloko, na e tla ba ho utlwahalang hore a re ke ntate wa hae ya mo baketseng dintho tsena? Ka tsela e tshwanang re ke ke ra re ke Modimo ya re bakelang mathata.

Empa na sena se bolela hore ke rona ba ipakelang mathata?

Sehlooho sa bobedi sa makasine ena se tla arabela potso ena.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share