4. Na Modimo O Ne A Batla Hore Re Be Le Mathata?
Ke Hobaneng ha o Lokela ho Tseba Karabo ya Potso ee?
Ho tseba karabo ya potso ena ho tla ama tsela eo o phelang ka yona.
Nahana ka Sena
Na ke ho utlwahalang hore ebe Modimo ya bopileng dintho tse ntle hakana a ka re bopela hore re be le mathata?
Mathata a etsa hore batho ba sa dumeleng ho Modimo ba ipotse hore na o ne a re bopelang le hore na ehlile o teng. Ba dumela hore mathata a bontsha hore (1) Modimo ha a na matla a ho a fedisa, (2) Modimo ha a re kgathalle ha re na le mathata, le hore (3) Modimo ha a yo.
Na mabaka aa ke o na a etsang hore batho ba be le mathata?
ITHUTE HO EKETSEHILENG
Shebella video ya Re ka Kgodiseha Jwang Hore Bibele e Nepahetse? ho jw.org/st.za.
Seo Bibele e se Rutang
Modimo ha a re bopela hore re be le mathata.
O batla hore re thabele bophelo.
“Ha ho letho le molemo ho bona ho feta ho thaba le ho etsa se molemo nakong ya bophelo ba motho, le hore motho e mong le e mong a je mme a nwe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi wohle wa hae o thata. Ke mpho ya Modimo.”—MOEKLESIA 3:12, 13.
Modimo ile a fa batho ba pele ntho e nngwe le e nngwe eo ba e hlokang e le hore ba thabele bophelo.
O ne a sa ba bopela hore bona le bana ba bona ba be le mathata.
“Molimo a re ho bona: ‘Atang le ngatafale le tlale lefatshe mme le le buse.’”—GENESE 1:28.
Batho ba pele e leng Adama le Eva ba ile ba kgetha ho se mamele Modimo.
Ka lebaka leo ba ile ba tlisetsa bona le bana ba bona mathata a mangata.
“Sebe se ile sa kena lefatsheng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, mme ka hoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”—BAROMA 5:12.a
Modimo o ne a sa bopela batho hore ba ipuse.
Feela jwalo ka ha batho ba sa kgone ho phela ka metsing, ka ho tshwanang batho ba ke ke ba kgona ho ipusa.
“Ha ho matleng a motho ya tsamayang hore a tsamaise mehato ya hae.”—JEREMIA 10:23.
Modimo ha a batle hore re be le mathata.
O batla hore re dule re thabile re sena mathata.
“Hoja o ka ela ditaelo tsa ka hloko! Jwale kgotso ya hao e ne e tla tshwana le noka.”—ESAIA 48:18.
a Bibele ha e bua ka lentswe lena “sebe,” ha e bue feela ka ntho e mpe eo motho a e entseng empa e boetse e bua ka sebe seo batho ba lokileng le ba sa lokang ba se futsitseng.