LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • g20 No. 3 maq. 6-7
  • Bontsha Qenehelo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Bontsha Qenehelo
  • Fadimehang!—2020
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Bothata
  • Molaomotheo wa Bibele
  • Ho Bontsha Qenehelo ho na le Molemo Ofe?
  • Seo o ka se Etsang
  • Nahanela
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Na Modimo o o Utlwela Bohloko?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2018
  • Bophelo ba Lelapa le Metswalle
    Fadimehang!—2019
  • Eba le Kutlwelobohloko
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
Tse Ding
Fadimehang!—2020
g20 No. 3 maq. 6-7
Monna ya dulang Europe le monna wa bodumedi ba Sikh ba dutse ha mmoho ka sefofaneng. Ba qoqa ba thabile.

Bontsha Qenehelo

Bothata

Haeba re nahana haholo ka hore na batho ba bang ba fapane jwang le rona, re ka qetella re se re bona eka ho se tshwane hoo ke diphoso mme sena se ka etsa hore re qale ho ba kgetholla. Hang feela ha re qala ho ba le maikutlo ana a mabe ka batho ba bang, seo se etsa hore ho be thata hore re ba qenehele.

Molaomotheo wa Bibele

“Thabang le batho ba thabileng; llang le batho ba llang.”​—BAROMA 12:15.

Seo e se bolelang, molaomotheo ona o ka hlaloswa ka mantswe a mabedi e leng, bontsha qenehelo. Ho bontsha qenehelo ke ho ipeha maemong a motho e mong mme o utlwe seo a se utlwang.

Ho Bontsha Qenehelo ho na le Molemo Ofe?

Haeba re qenehela motho e mong, seo se tla etsa hore re bone hore na ke dintho dife tseo re tshwanang le yena ka tsona. Seo se ka etsa hore re hlokomele hore tsela eo ba ikutlwang le ho etsa dintho ka yona, ke tsela eo le rona re ka etsang dintho ka yona. Ho bontsha qenehelo ho ka etsa hore re hlokomele hore kaofela ha rona re lelapa le le leng ho sa tsotellehe hore na re batho ba mofuta ofe. Haeba re nahana ka hore na re tshwana jwang le batho ba bang, seo se ka fetola tsela eo re ikutlwang ka yona ka bona.

Ho bontsha qenehelo ho ka boela ha re thusa hore re hlomphe batho ba bang. Anne-Marie ya dulang Senegal o bontsha hore o ne a sa nke batho ba bang ba itseng e le ba bohlokwa. O hlalosa ka moo ho bontsha qenehelo ho ileng ha mo thusa ka teng, o re: “Ha ke bona hore na batho bao ba sokola hakaakang, ke ile ka nahana hore na ke ne ke tla ikutlwa jwang haeba e ne e le nna. Ka lebaka la sena ke ile ka qala ho hlokomela hore ha ke wa bohlokwa ho feta batho bana ebile ha ho letho leo ke le entseng le etsang hore ke be betere ho ba feta. Haeba re utlwisisa hore na batho ba bang ba kopana le mathata afe, re ke ke ra ba kgetholla.”

Seo o ka se Etsang

Haeba ho na le batho bao o nang le maikutlo a fosahetseng ka bona, leka ho utlwisisa hore na o tshwana le bona jwang. Ka mohlala, nahana hore na ba ikutlwa jwang ha ba etsa dintho tse latelang:

Ho bontsha qenehelo ho ka etsa hore re hlokomele hore kaofela ha rona re lelapa le le leng

  • ha ba ja le ba malapa a bona

  • ha ba qeta ho etsa mosebetsi wa bona o thata wa letsatsi le letsatsi

  • ha ba qeta nako ya bona le metswalle

  • ha ba mametse mmino oo ba o ratang

Ka mora moo, leka ho ipeha maemong a bona. Ipotse:

  • ‘Ke ne ke tla ikutlwa jwang haeba motho e mong a etsa hore ke ikutlwe ke se motho wa bohlokwa?’

  • ‘Ke ne ke tla ikutlwa jwang haeba batho ba bang ba ne ba ka nkahlola le pele ba ntseba?’

  • ‘Haeba ke ne ke le karolo ya batho bao ke ba kgethollang, ke ne ke tla rata ho tshwarwa jwang?’

Bona banna bao ba bontshana dinepe tsa dintho tseo ba ratang ho di etsa le dintho tseo ba tshwanang ka tsona jwalo ka lelapa, dipapadi tseo ba ratang ho di bapala le mosebetsi.

Mohlala wa Sebele: Robert (Singapore)

“Pele ke ne ke nahana hore batho ba sa utlweng ditsebeng ba a makatsa, ha ba bohlale ebile ba teneha ka pele. Ka hoo ke ne ke qoba ho ba hara bona. Le ha ho le jwalo ke ne ke sa nahane hore diketso tsa ka di bontsha hore ke na le kgethollo.

Ho bontsha batho ba sa utlweng ditsebeng qenehelo ho ile ha nthusa hore ke tlohele ho ba kgetholla. Ka mohlala ke ne ke nahana hore batho ba sa utlweng ditsebeng ha ba bohlale hobane ha ke ne ke bua le bona, ba ne ba ntjheba eka ha ba utlwe hore na ke ntse ke reng. Ka hoo ke ile ka ipotsa hore na ke ne ke tla ikutlwa jwang haeba ke ne ke sa utlwe ha motho e mong a bua le nna. Nnete ke hore ke ne ke tla mo sheba ka tsela e bontshang hore ke ntse re sa utlwe hore na o ntse a reng. Le hoja ke ne ke ka ba le ntho e nthusang ho utlwa, sefahleho sa ka se ne se tla bontsha hore ha ke utlwisise hore na o ntse a reng.”

“Ha ke ipeha maemong a motho ya sa utlweng, kgethollo eo ke nang le yona e ya fela.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share