KGAOLO YA 3
“Ba Tlala Moya o Halalelang”
Se ileng sa etsahala ha ho fanwa ka moya o halalelang ka Pentekonta
E Thehilwe ho Diketso 2:1-47
1. Hlalosa hore na ho ne ho eba jwang Moketeng wa Pentekonta.
KE THABO feela diterateng tsa Jerusalema.a Mosi o lopalla o tloha aletareng ya tempele ha Balevi ba bina Hallel (Pesaleme ya 113 ho ya ho 118); ho ka etsahala hore motho a le mong o a e phokola ebe ba bang ba a e dumela. Baeti ba a phethesela diterateng. Ba tswa dibakeng tse hole tse kang Elame, Mesopotamia, Kapadosia, Pontase, Egepeta le Roma.b Ho etsahalang? Ke Pentekonta, eo hape ho thweng ke “letsatsi la ho tlisa dihlahiswa tsa pele tse butswitseng.” (Num. 28:26) Mokete ona wa selemo le selemo o ba qetellong ya kotulo ya harese le qalong ya kotulo ya koro. Ke letsatsi la thabo.
2. Ho etsahala dintho dife tse hlollang ka Pentekonta ya 33 C.E.?
2 Hoo e ka bang ka hora ya borobong hoseng hona ho phodileng ha monate nakong ya selemo ka 33 C.E., ho etsahala ntho e nngwe e tla dula e tsotwa ka dilemo tse makgolo. Ka tshohanyetso, lehodimong ho hlaha “lerata . . . le jwalo ka la moya o fokang ka sekgahla,” kapa “modumo . . . o kang wa moya o fokang ka sefefo.” (Dik. 2:2; Bibele ya Sesotho) Lerata lena le tlala ntlo eo barutuwa ba Jesu ba ka bang 120 ba bokaneng ho yona. Ka mora moo, ho etsahala ntho e hlollang. Ba bona maleme a kang a mollo mme ka leng la wona le dula hodima e mong le e mong wa bona.c Jwale, ba “tlala moya o halalelang” mme ba qala ho bua dipuo tse sa tshwaneng! Ha barutuwa ba tloha moo, baeti ba kopanang le bona diterateng tsa Jerusalema ba a makala, hobane barutuwa ba kgona ho buisana le bona! Ka sebele, e mong le e mong o utlwa ba ‘bua puo ya hae.’—Dik. 2:1-6.
3. (a) Ke hobaneng ha ho ka thwe se etsahetseng ka Pentekonta ya 33 C.E. ke sa bohlokwa historing ya borapedi ba nnete? (b) Puo ya Petrose e ne e amana jwang le ho sebediswa ha “dinotlolo tsa Mmuso”?
3 Tlaleho ena e thahasellisang e hlalosa ketsahalo ya bohlokwa borapeding ba nnete—e leng ya ho thehwa ha setjhaba sa Iseraele ya moya, phutheho ya Bakreste ba tlotsitsweng. (Bagal. 6:16) Empa ha ho felle moo. Ha Petrose a bua le letshwele letsatsing leo, o ile a sebedisa senotlolo sa pele sa “dinotlolo tsa Mmuso” tse tharo, tse neng di tla bulela dihlopha tse sa tshwaneng monyetla wa ho fumana ditlhohonolofatso tse kgethehileng. (Mat. 16:18, 19) Senotlolo sena sa pele se ile sa thusa Bajuda le basokolohi ba Bajuda hore ba amohele ditaba tse monate mme ba tlotswe ka moya o halalelang wa Modimo.d Ka tsela eo e ne e tla ba karolo ya Iseraele ya moya, mme ba be le tshepo ya ho busa e le marena le baprista Mmusong wa Mesia. (Tshen. 5:9, 10) Ha morao, monyetla oo o ne o tla fuwa Basamaria le Baditjhaba. Bakreste ba kajeno ba ka ithutang diketsahalong tsa bohlokwa tsa Pentekonta ya 33 C.E.?
“Ba ne ba le Sebakeng se le Seng” (Diketso 2:1-4)
4. Ke jwang phutheho ya Bakreste ya kajeno e ntshetsang pele se qadilweng ke phutheho e thehilweng ka 33 C.E.?
4 Phutheho ya Bakreste e thehilwe ka barutuwa ba ka bang 120 bao ‘kaofela ba neng ba le ha mmoho sebakeng se le seng,’ kamoreng e ka hodimo, mme ba tlotswa ka moya o halalelang. (Dik. 2:1) Qetellong ya letsatsi leo, phutheho eo e ne e se e ena le ditho tse kolobeditsweng tse dikete. Eo e ne e le qalo feela ya kgolo ya mokgatlo o hlophisitsweng o ntseng o hola le kajeno! Ruri Modimo o sebedisa banna le basadi ba mo tshabang—e leng phutheho ya Bakreste ya kajeno—hore ‘ditaba tse monate tsa Mmuso di bolelwe lefatsheng lohle hore batho ba ditjhaba tsohle ba di utlwe’ pele lefatshe le fela.—Mat. 24:14.
5. Ho kopanela le phutheho ya Bakreste ho ne ho tla ba le molemo ofe lekgolong la pele la dilemo le kajeno?
5 Hape phutheho ya Bakreste e ne e tla matlafatsa batlotsuwa moyeng, mme ha morao e matlafatse “dinku tse ding.” (Joh. 10:16) Pauluse o ile a bontsha ka moo a ananelang hore ebe ditho tsa phutheho di a tshehetsana ha a ngolla Bakreste ba Roma a re: “Ke labalabela ho le bona e le hore ke le fe mpho e tswang ho Modimo hore le tle le matlafale kapa e le hore nna le lona re ka kgothatsana ka tumelo ya rona.”—Bar. 1:11, 12.
6, 7. Kajeno phutheho ya Bakreste e phetha taelo ya Jesu ya ho ruta batho ba ditjhaba tsohle jwang?
6 Kajeno, phutheho ya Bakreste e na le sepheo se tshwanang le seo e neng e ena le sona lekgolong la pele la dilemo. Jesu o ile a fa barutuwa ba hae mosebetsi o thabisang le hoja ba ne ba tla tobana le ditshitiso. O ile a re ho bona: “Le etse batho ba ditjhaba tsohle barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moya o halalelang, le ba rute ho mamela dintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Mat. 28:19, 20.
7 Jehova o sebedisa phutheho ya Bakreste ya Dipaki Tsa Jehova ho etsa mosebetsi oo kajeno. Ke nnete hore ha ho bonolo ho ruta batho ba buang dipuo tse sa tshwaneng. Ho sa tsotellehe seo, Dipaki Tsa Jehova di hatisitse dingodilweng tse thehilweng Bibeleng ka dipuo tse fetang 1 000. Haeba o ba teng ka mehla dibokeng tsa phutheho ya Bakreste mme o etsa mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso le wa ho etsa barutuwa, o na le lebaka la ho thaba. o e mong wa ba seng bakae lefatsheng kajeno ba nang le tlotla ya ho paka ka ho phethahetseng ka lebitso la Jehova!
8. Re fumana molemo ofe ha re le dibokeng?
8 Jehova Modimo o fane ka bara ba bo rona lefatsheng ka bophara ho o thusa ho mamella bophelo bo thata o ntse o thabile. Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Baheberu a re: “A re tsotellaneng e le hore re ka susumeletsana ho ba lerato le ho etsa dintho tse ntle. Re se ke ra tlohela ho bokana mmoho jwalo ka ha ba bang ba tlwaetse empa re kgothatsane. Re etse dintho tsena le ho feta hobane re a bona hore letsatsi le ntse le atamela.” (Baheb. 10:24, 25) Phutheho ya Bakreste ke mpho e tswang ho Jehova bakeng sa hore o kgothatse ba bang le bona ba o kgothatse. Atamelana le bara le baradi beno ba Bakreste. Le ka mohla o se ke wa tlohela ho ya dibokeng tsa Bakreste!
“Barutuwa ba Bua Dipuo Tsa Bona” (Diketso 2:5-13)
“Re utlwa ba bua ka mesebetsi e meholo ya Modimo ka dipuo tsa rona.”—Diketso 2:11
9, 10. Ba bang ba entseng hore ba kgone ho pakela batho ba buang dipuo tsa dinaha tse ding?
9 A ko inahanele hore letshwele le kopakaneng la Bajuda le basokolohi le ile la thaba hakaakang ka Pentekonta ya 33 C.E.! Mohlomong boholo ba ba neng ba le teng bo ne bo bua Segerike kapa Seheberu. Empa “barutuwa ba bua dipuo tsa bona.” (Dik. 2:6) Ka sebele e tlameha ebe batho bao ba ile ba ameha dipelo ha ba utlwa ditaba tse monate ka dipuo tsa bona. Ke nnete hore Bakreste kajeno ha ba na dineo tsa mohlolo tsa ho bua dipuo tsa dinaha tse ding. Le ha ho le jwalo, ba bangata ba ithaopela ho bolella batho ba ditjhaba tsohle molaetsa wa Mmuso. Ka tsela efe? Ba bang ba ithutile puo e ntjha e le hore ba ka sebeletsa diphuthehong tse haufi le moo ba dulang teng tsa dipuo tsa dinaha tse ding kapa esita le ho fallela dinaheng tse ding. Hangata ba hlokometse hore batho ba kgahlwa haholo ke boiteko ba bona.
10 Nka ka mohlala, Christine, ya ileng a ithuta Segujarati ha mmoho le Dipaki tse ding tse supileng. Ha a kopana le mosadi ya sebetsang le yena ya buang Segujarati, o ile a mo dumedisa ka puo ya hae. Mosadi enwa o ile a thaba a ba a batla ho tseba hore na ke hobaneng ha Christine a leka ka matla ho ithuta puo e thata hakana ya Segujarati. Christine o ile a mo pakela. Mosadi enwa o ile a re ho Christine: “E tlameha ebe molaetsa wa lona ke wa bohlokwa e le ka nnete.”
11. Re ka itokisetsa ho pakela batho ba buang dipuo tse ding jwang?
11 Ke nnete hore hase bohle ba ka ithutang puo e nngwe. Le ha ho le jwalo, re ka dula re le malalaalaotswe ho bolella batho ba dipuo tse ding molaetsa wa Mmuso. Jwang? Ka ho sebedisa JW Language® app ho ithuta ho dumedisa ka e nngwe ya dipuo tse buuwang moo o dulang. O ka boela wa ithuta dipolelo tse seng kae tse ka etsang hore motho a batle ho bua le wena. Ba bontshe jw.org. Mohlomong o ka ba bontsha divideo le dingodilweng tse fumanehang ka dipuo tsa bona. Ha re sebedisa dithulusi tsena tshimong, re tla thaba jwalo ka Bakreste ba mehleng ya pele. Batho ba neng ba tswa dinaheng tse ding ba ile ba makala ha ba utlwa ditaba tse monate ka “dipuo tsa bona.”
“Petrose a Ema” (Diketso 2:14-37)
12. (a) Moprofeta Joele o ile a reng ha a bolela mohlolo o neng o tla etsahala ka Pentekonta ya 33 C.E.? (b) Ke hobaneng ha ho ne ho lebeletswe hore boprofeta ba Joele bo tla phethahala lekgolong la pele la dilemo?
12 “Petrose a ema” e le hore a bue le letshwele la ditjhaba tse sa tshwaneng. (Dik. 2:14) O ile a hlalosetsa bohle hore ke Modimo ya neng a fane ka matla a mohlolo a ho bua dipuo tse sa tshwaneng e le ho phethahatsa boprofeta ba Joele bo reng: “Ke tla fa motho e mong le e mong moya o halalelang.” (Joele 2:28) Pele Jesu a nyolohela lehodimong, o ile a re ho barutuwa ba hae: “Ke tla kopa Ntate mme yena o tla le fa mothusi,” mme a re mothusi eo ke “moya.”—Joh. 14:16, 17.
13, 14. Petrose o ile a leka jwang ho finyella dipelo tsa batho bao a buisanang le bona, mme re ka mo etsisa jwang?
13 Petrose o ile a dihela dikgala ka mantswe a matla, a re ho letshwele: “Baiseraele bohle ba ke ba tsebe hore ka nnete Jesu enwa eo le mo kgokgothetseng palong, Modimo o mo kgethile hore e be Morena hape e be Kreste.” (Dik. 2:36) Bonneteng, boholo ba batho ba neng ba mametse Petrose bo ne bo le siyo ha Jesu a bolaelwa palong. Empa, ka ha e ne e le karolo ya setjhaba sa Bajuda, ba ne ba ikarabella bakeng sa ketso ena. Le ha ho le jwalo, hlokomela hore Petrose o ile a buisana le Bajuda ba habo ka tlhompho mme a ba finyella dipelo. Sepheo sa Petrose e ne e le ho susumetsa bamamedi ba hae hore ba bake, eseng ho ba nyatsa. Na mantswe a Petrose a ile a ba kgopisa? Le hanyenyane. Ho ena le hoo, ba ile “ba utlwa bohloko bo tebileng.” Ba botsa ba re: “Re etse jwang?” Mohlomong tlhompho eo Petrose a neng a bua ka yona e ile ya etsa hore a finyelle dipelo tsa ba bangata, hoo ba ileng ba susumelletseha hore ba bake.—Dik. 2:37.
14 Re ka etsisa Petrose ka ho finyella batho dipelo. Ha re pakela ba bang, ha ho hlokahale hore re tsotelle ntho e nngwe le e nngwe eo monga ntlo a e buang e sa dumellaneng le mangolo. Ho ena le hoo, re lokela ho bua ka dintlha tseo re dumellanang ka tsona le monga ntlo. Ka mora moo ka bohlale re ka behelana mabaka le yena ka Lentswe la Modimo. Hangata ha dinnete tsa Bibele di bolelwa ka tsela e molemo jwalo, ho bonolo hore batho ba dipelo di ntle ba di amohele.
“Le Kolobetswe” (Diketso 2:38-47)
15. (a) Petrose o ile a reng, mme batho ba etsa jwang? (b) Ke hobaneng ha ba dikete ba ileng ba utlwa ditaba tse monate ka Pentekonta ba ne ba tshwaneleha hore ba kolobetswe letsatsing lona leo?
15 Ka letsatsi le thahasellisang la Pentekonta ya 33 C.E., Petrose o ile a re ho Bajuda le basokolohi ba amohetseng molaetsa wa hae: “Bakang le be le kolobetswe.” (Dik. 2:38) Ka mora moo, ba ka bang 3 000 ba ile ba kolobetswa, mohlomong ba kolobeletswa matamong a Jerusalema kapa a pela yona.e Na ba entse see ka lebaka la ho nkeha maikutlo? Na tlaleho ee ke mohlala ho Baithuti ba Bibele le ho bana bao batswadi ba bona e leng Bakreste hore ba kolobetswe ka lepotlapotla? Le hanyenyane. Hopola hore Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng ba ileng ba kolobetswa letsatsing leo la Pentekonta ya 33 C.E. ba ne ba kgothaletse ho ithuta Lentswe la Modimo, mme e le karolo ya setjhaba se inehetseng ho Jehova. Ho feta moo, ba ne ba se ba ntse ba bontsha hore ba a tjheseha—ba bang ba tsamaya sebaka se selelele e le hore ba be teng moketeng ona wa selemo le selemo. Ka mora hore ba amohele dinnete tse mabapi le seo Jesu Kreste a se etsang ho phethahatsa morero wa Modimo, ba ne ba itokiseditse ho tswela pele ho sebeletsa Modimo—empa jwale e se e le balatedi ba Kreste ba kolobeditsweng.
16. Bakreste ba lekgolong la pele la dilemo ba ile ba bontsha moya wa boitelo jwang?
16 Ka sebele Jehova o ile a hlohonolofatsa sehlopha seo. Bibele e re: “Barutuwa bohle ba batjha ba ne ba bokana ebile ba arolelana dintho tsohle. Ba ne ba rekisa dintho tsa bona ebe ba arolela bohle tjhelete ho ya ka moo e mong le e mong a hlokang ka teng.”f (Dik. 2:44, 45) Ruri Bakreste bohle ba nnete ba lokela ho etsisa moya oo wa lerato le boitelo.
17. Ho hlokahala hore motho a nke mehato efe e le hore a tshwanelehele ho kolobetswa?
17 Ho hlokahala mehato e mengata ya Mangolo e le hore Mokreste a ka inehela a ba a kolobetswa. Motho o lokela ho rua tsebo ya Lentswe la Modimo. (Joh. 17:3) Ho hlokahala hore a bontshe tumelo mme a bakele mekgwa ya hae ya pele, a bontshe hore o e swabetse e le ka nnete. (Dik. 3:19) Jwale o tlameha ho sokoloha, kapa ho fetoha, mme a qale ho etsa mesebetsi e metle e dumellanang le thato ya Modimo. (Bar. 12:2; Baef. 4:23, 24) Ka mora hore a nke mehato ena, o inehela ho Modimo ka thapelo ebe o a kolobetswa.—Mat. 16:24; 1 Pet. 3:21.
18. Barutuwa ba kolobeditsweng ba Kreste ba na le tlotla efe?
18 Na o morutuwa wa Jesu Kreste ya inehetseng le ho kolobetswa? Haeba ho jwalo, ananela tlotla ena. Jwalo ka barutuwa ba lekgolong la pele la dilemo ba neng ba tletse moya o halalelang, o ka sebediswa haholo hore o fane ka bopaki bo hlakileng mme o etse thato ya Jehova!
a Sheba lebokose la sehlooho se reng “Jerusalema—Setsi sa Bodumedi ba Sejuda.”
b Sheba lebokose la sehlooho se reng “Roma—Setsi sa Mmuso o Moholo,” “Bajuda Mesopotamia le Egepeta,” “Bakreste ba Pontase.”
c “Maleme” ana e ne e se mollo wa sebele, empa e ne e le ho kang “malakabe a mollo,” e leng seo ka sebele se bontshang hore se neng se dutse ho morutuwa ka mong se ne se shebahala jwalo ka mollo se bile se kganya jwalo ka wona.
d Sheba lebokose la sehlooho se reng “Basokolohi e ne e le Bomang?”.
e Ka la 7 August, 1993, kopanong ya matjhaba ya Dipaki Tsa Jehova Kiev, Ukraine, batho ba 7 402 ba ile ba kolobetswa matamong a tsheletseng. Ba ile ba kolobetswa ka nako e etsang dihora tse pedi le metsotso e leshome le metso e mehlano.
f Ka nakwana ho ile ha lokisetswa dintho tseo baeti ba neng ba le Jerusalema ba neng ba di hloka e le hore ba fumane thuto e eketsehileng ya dintho tsa moya. Di ne di fanwa ka boithatelo mme ho se motho ya qobellwang.—Dik. 5:1-4.