LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bt kgao. 4 maq. 28-35
  • “Batho Feela ba Tlwaelehileng ba sa Rutehang”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Batho Feela ba Tlwaelehileng ba sa Rutehang”
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Ha se “ka Matla a Rona” (Diketso 3:​11-26)
  • “Re ke ke ra Kgaotsa ho Bua” (Diketso 4:​1-22)
  • Ba Ile “ba Rapela Modimo” (Diketso 4:​23-31)
  • Re Ikarabella ho ‘Modimo Eseng ho Batho’ (Diketso 4:​32–5:11)
  • Etsisa Petrose ka Hore o se ke wa Nyahamiswa ke Diphoso Tsa Hao
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt kgao. 4 maq. 28-35

KGAOLO YA 4

“Batho Feela ba Tlwaelehileng ba sa Rutehang”

Baapostola ba nka kgato ka sebete, mme Jehova o a ba hlohonolofatsa

E Thehilwe ho Diketso 3:1–5:11

1, 2. Ke mohlolo ofe oo Petrose le Johanne ba ileng ba o etsa haufi le monyako wa tempele?

THAPAMENG ena letsatsi le tjhabile mme letshwele le ya hodimo le tlase. Bajuda ba tjhesehang le barutuwa ba Kreste ba fihla lebaleng la tempele. E tla tloha e ba hora ya ho rapela.a (Dik. 2:​46; 3:1) Petrose le Johanne ba fohla hara letshwele ba lebile monyako wa tempele o bitswang Keiti e Ntle. Hara diqi le lerata la batho ba qoqang mokopakopa ya tswetsweng a holofetse o howa ka lentswe le phahameng mme o kopa dimpho.​—Dik. 3:2; 4:22.

2 Ha Petrose le Johanne ba atamela, mokopakopa eo o bua mantswe ao a tlwaetseng ho a bua ha a kopa tjhelete. Baapostola ba a ema, mme monna eo o ba sheba ka mohau. Petrose o re: “Ha ke na silevera kapa kgauta empa ke o fa ntho eo ke nang le yona. Ka lebitso la Jesu Kreste wa Monazaretha, ema o tsamaye.” Nahana ka moo letshwele le maketseng ka teng ha Petrose a tshwara motho enwa ya holofetseng ka letsoho mme a ema tswee! ka lekgetlo la pele bophelong ba hae. (Dik. 3:​6, 7) Nahana feela monna eo a se a itjheba maotong mme a qala ho tataya! Hase feela a qalang ho tlolatlola le ho rorisa Modimo ka lentswe le phahameng!

3. Ke mpho efe e fetisisang e neng e ka fumanwa ke monna ya neng a holofetse le letshwele?

3 Letshwele le nyakaletseng le mathela ho Petrose le Johanne mathuleng a Solomone. A le sebakeng sena seo Jesu a kileng a ema ho sona a ba a ruta a le ho sona, Petrose o ba tsebisa bohlokwa ba se sa tswa etsahala. (Joh. 10:​23) O tshepisa letshwele le monna ya neng a holofetse mpho e fetang silevera kapa kgauta. Ena ke mpho e kgolo ho feta ho phekolwa. Ke monyetla wa ho baka, ho tshwarelwa dibe, le ho ba balatedi ba Jesu Kreste, “Moetapele e Moholo ya kgethetsweng ho fana ka bophelo” ya kgethilweng ke Jehova.​—Dik. 3:15.

4. (a) Phekolo ya mohlolo e ile ya tsosa kgohlano efe? (b) Re tla araba dipotso dife tse pedi?

4 A letsatsi le ikgethang! Motho a phekolwa mme a kgona ho tsamaya hape. Ba bang ba dikete ba fuwa monyetla wa ho fumana tsebo e nepahetseng le kutlwisiso ya Lentswe la Modimo e le hore ba ka tsamaya ka mokgwa o tshwanelang Modimo. (Bakol. 1:​9, 10) Ho phaella moo, se ileng sa etsahala letsatsing leo se ile sa tsosa kgohlano pakeng tsa balatedi ba tshepahalang ba Kreste le babusi ba neng ba tla leka ho ba thibela ho phetha taelo ya Jesu ya hore ba bolele molaetsa wa Mmuso. (Dik. 1:8) Le hoja Petrose le Johanne e ne e le “batho feela ba tlwaelehileng ba sa rutehang,” re ka ithutang mekgweng eo ba ileng ba e sebedisa le tseleng eo ba neng ba ikutlwa ka yona ha ba ntse ba pakela letshwele?b (Dik. 4:​13) Hona re ka ba etsisa jwang mabapi le seo bona le barutuwa ba bang ba ileng ba se etsa ha ba hanyetswa?

Ha se “ka Matla a Rona” (Diketso 3:​11-26)

5. Re ithutang tseleng eo Petrose a ileng a bua le letshwele ka yona?

5 Petrose le Johanne ba ile ba ema ka pela letshwele, ba tseba hore hara lona e ka nna yaba ho na le ba ileng ba lwanela hore Jesu a bolawe. (Mar. 15:​8-15; Dik. 3:​13-15) Nahana hore Petrose o ile a ba sebete hakaakang ha a phatlalatsa hore monna ya holofetseng o phekotswe ka lebitso la Jesu. Petrose ha a ka a hlatha kwana le kwana. O ile a hlalosa ka ho hlakileng hore letshwele leo le lona le a ikarabella lefung la Kreste. Empa Petrose o ne a sa jara batho bao ka pelo, hobane ba ne ba entse ka “ho hloka tsebo.” (Dik. 3:​17) O ile a ba bitsa setjhaba sa habo mme a tsepamisa mohopolo ditabeng tse thahasellisang tsa molaetsa wa Mmuso. Haeba ba ne ba ka baka mme ba dumela ho Kreste, Jehova o ne a tla ba “kgatholla.” (Dik. 3:​19) Le rona ho hlokahala re be sebete mme re tobe taba ha re phatlalatsa kahlolo e tlang ya Modimo. Le ha ho le jwalo, le ka mohla ha re a lokela ho hlaba batho ka mantswe kapa ho ba ahlola. Ho ena le hoo, re nka hore batho bao re ba pakelang e tla ba bara babo rona, mme jwalo ka Petrose, re tsepamisa mohopolo haholo ditabeng tse thahasellisang tsa molaetsa wa Mmuso.

6. Petrose le Johanne ba ile ba bontsha jwang hore ba ikokobeditse?

6 Baapostola e ne e le batho ba ikokobeditseng. Ha ba a ka ba inkela tlotla bakeng sa mohlolo oo ba o entseng. Petrose o ile a re ho letshwele: “Ke hobaneng ha le re shebile jwalo ka ha eka re entse hore monna eo a tsamaye ka matla a rona kapa ka lebaka la hore re sebeletsa Modimo ka botshepehi?” (Dik. 3:​12) Petrose le baapostola ba bang ba ne ba tseba hore ntho efe kapa efe e ntle eo ba e finyeletseng tshebeletsong ya bona, ba e finyeletse ka matla a Modimo eseng a bona. Ka lebaka leo, ka boikokobetso ba ile ba lebisa thoriso yohle ho Jehova le Jesu.

7, 8. (a) Re ka fa batho mpho efe? (b) Tshepiso “ya hore ho nchafatswe lintho tsohle” e phethahala jwang kajeno?

7 Le rona ho hlokahala re ikokobetse ka tsela e tshwanang ha re etsa mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso. Ke nnete hore moya wa Modimo ha o fe Bakreste ba kajeno matla a ho phekola batho ka mohlolo. Le ha ho le jwalo, re ka thusa batho hore ba be le tumelo ho Modimo le Kreste mme ba fumane mpho e tshwanang le eo Petrose a ileng a ba tshepisa yona​—e leng monyetla wa hore ba tshwarelwe dibe mme ba kgathollwe ke Jehova. Selemo se seng le se seng, batho ba makgolo a dikete ba amohela mpho ena mme e ba barutuwa ba Kreste ba kolobeditsweng.

8 Ka sebele, re phela nakong eo Petrose a ileng a re ke “ya hore ho nchafatswe lintho tsohle.” Tumellanong le dintho tseo “Modimo a ileng a bua ka tsona a sebedisa baprofeta ba hae ba kgale ba halalelang,” Mmuso o ile wa thehwa lehodimong ka 1914. (Dik. 3:​21; Pes. 110:​1-3; Dan. 4:​16, 17) Nakwana ka mora moo, Kreste o ile a qala ho tsamaisa mosebetsi wa tsosoloso ya moya lefatsheng. Ka lebaka leo, batho ba dimilione ba tlisitswe paradeiseng ya moya, hore e be bafo ba Mmuso wa Modimo. Ba hlobotse botho ba kgale bo bodileng mme ba ‘apere botho bo botjha boo Modimo a bo entseng ho ya ka thato ya hae’ (Baef. 4:​22-24) Jwalo ka tabeng ya mokopakopa ya holofetseng, mosebetsi ona o tsotehang le wona ha wa finyellwa ka matla a motho empa o finyeletswe ka moya wa Modimo. Jwalo ka Petrose, ha re ruta ba bang re tlameha ho sebedisa Lentswe la Modimo ka sebete le ka mokgwa o atlehang. Ke matla a Modimo, eseng a rona, a etsang hore re kgone ho thusa batho hore e be barutuwa ba Kreste.

“Re ke ke ra Kgaotsa ho Bua” (Diketso 4:​1-22)

9-11. (a) Baetapele ba Bajuda ba ile ba etsang ha ba utlwa molaetsa wa Petrose le Johanne? (b) Baapostola ba ile ba etsa qeto efe?

9 Ho ile ha tsoha moferefere o moholo ha Petrose a bua mme monna ya neng a holofetse a tlolatlola a bile a hweletsa. Sena se ile sa etsa hore motsamaisi wa tempele​—ya neng a kgethetswe ho hlokomela hore tempele e sireletsehile​—ha mmoho le baprista ba phahameng ba potlakele tempeleng ho ya bona se etsahalang. Mohlomong batho bana e ne e le Basaduse, e leng lequlwana la barui le nang le matla dipolotiking le neng le lwanela hore ho be le kgotso le Baroma, le hana molao wa molomo oo Bafarisi ba neng ba o rata haholo, le bile le soma batho ba dumelang tsohong ya bafu.c Ba ile ba hlabeha hakaakang ha ba fumana Petrose le Johanne ka tempeleng, ba ntse ba ruta ka sebete hore Jesu o tsositswe bafung!

10 Bahanyetsi bao ba halefileng ba ile ba lahlela Petrose le Johanne tjhankaneng mme letsatsing le hlahlamang ba ba isa ka pela lekgotla le phahameng la Bajuda. Ho ya ka babusi bao ba neng ba inka ba phahame, Petrose le Johanne e ne e le “batho feela ba tlwaelehileng ba sa rutehang” ba neng ba se na tokelo ya ho ruta tempeleng. Ba ne ba sa kena dikolo tsa bodumedi tse tsebahalang. Empa, ho bua ha bona ka sebete le ka kgodiseho ho ile ha etsa hore lekgotla le ba tsote. Ke hobaneng ha Petrose le Johanne ba ne ba atleha hakaale? Lebaka le leng ke hore “ba ne ba tlwaetse ho tsamaya le Jesu.” (Dik. 4:​13) Monga bona o ne a ruta ka matla; o ne a sa rute jwalo ka bangodi.​—Dik. 4:​19, 20.

11 Lekgotla le ile la laela baapostola hore ba kgaotse ho bolela ditaba tse monate. Setjhabeng seo, lentswe la lekgotla le ne le hahelwa lesaka. Dibekenyana pele ho moo, ha Jesu a ne a hlahile ka pela lekgotla lena, ditho tsa lona di ile tsa re “a bolawe!” (Mat. 26:​59-66) Le ha ho le jwalo, Petrose le Johanne ha ba a ka ba tshoha. Ba ile ba ema ka pela banna bana ba ruileng, ba rutehileng le ba hlaheletseng setjhabeng mme ka sebete le ka tlhompho ba re: “Lona iketsetseng qeto hore na ho nepahetse mahlong a Modimo hore re mamele lona ho ena le ho mamela yena. Empa rona re ke ke ra kgaotsa ho bua ka dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng”​—Dik. 4:​19, 20.

MOPRISTA YA PHAHAMENG LE BAPRISTA BA KA SEHLOOHONG

Moprista ya phahameng o ne a emela setjhaba sa habo ho Modimo. Lekgolong la pele la dilemo C.E., o ne a boetse a okametse Lekgotla le Phahameng la Bajuda. Baetapele ba Bajuda ba neng ba sebetsa le yena e ne e le baprista ba ka sehloohong. Ba ne ba akarelletsa bao e kileng ya eba baprista ba phahameng, jwalo ka Anase, le banna ba bang​—mohlomong ba tswang malapeng a ka bang mane kapa a mahlano​—ao baprista ba phahameng ba neng ba kgethwa hara ona. Setsebi se bitswang Emil Schürer se itse: “Taba ya hore motho ke setho sa lelapa le kgethehileng, e tlameha e ne e mo kgetholla ka tsela e itseng” hara baprista.

Mangolo a bontsha hore motho e ne e eba moprista ya phahameng bophelo bohle ba hae. (Num. 35:​25) Le ha ho le jwalo, nakong ya diketsahalo tseo buka ya Diketso e buang ka tsona, babusisi ba Roma le marena a neng a le tlasa bolaodi ba Roma ba ne ba kgetha baprista ba phahameng mme ba ba theola ka moo ba ratang ka teng. Empa, ho bonahala eka babusi bana ba bahetene ba ne ba kgetha baprista ba lesika la Arone.

12. Re ka thuswa keng hore re be le sebete le kgodiseho?

12 Na le wena o ka ba le sebete se tshwanang le seo? O ikutlwa jwang ha ho hlaha monyetla wa hore o pakele batho ba ruileng, ba rutehileng kapa ba hlaheletseng setjhabeng? O etsa jwang haeba ditho tsa lelapa, baithutimmoho kapa basebetsimmoho ba o soma ka lebaka la seo o se dumelang? Na o a tshoha? Haeba ho jwalo, o ka hlola tshabo eo. Ha Jesu a sa ntse a le lefatsheng, o ile a ruta baapostola ba hae ka moo ba ka lwanelang tumelo ya bona ka sebete le tlhompho. (Mat. 10:​11-18) Ka mora hore Jesu a tsohe bafung, o ile a tshepisa barutuwa ba hae hore o ne a tla tswela pele a ena le bona “ka matsatsi ohle ho fihlela lefatshe le fela” (Mat. 28:​20) Ka tataiso ya Jesu, “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” o re ruta ka moo re ka sireletsang tumelo ya rona ka teng. (Mat. 24:​45-47; 1 Pet. 3:​15) O etsa jwalo ka ho re ruta dibokeng tsa phutheho, tse jwalo ka Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona, le ka ho re ruta ka dingolwa tse thehilweng Bibeleng, tse jwalo ka dihlooho tse kang “Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa” tse hlahang websaeteng ya jw.org. Na o sebedisa ditokisetso tsee ka botlalo? Haeba o etsa jwalo, o tla ba sebete o be o kgodisehe haholwanyane. Mme jwalo ka baapostola, o ke ke wa dumella letho hore le o thibele ho bua ka dinnete tsa Bibele tse babatsehang tseo o ithutileng tsona.

Moradi wabo rona o pakela mosebetsimmoho le yena ha ba ntse ba nwa kofi.

O se ke wa dumella ntho le ha e le efe hore e o thibele ho bua ka dinnete tsa Bibele tse babatsehang tseo o ithutileng tsona

Ba Ile “ba Rapela Modimo” (Diketso 4:​23-31)

13, 14. Ha re tobane le kganyetso, re lokela ho etsang, hona hobaneng?

13 Hang hoba Petrose le Johanne ba lokollwe ditlamong, ba ile ba kopana le phutheho yohle. “Ba rapela Modimo” mme ba rapella hore ba bolele ditaba tse monate ka sebete. (Dik. 4:​24) Petrose o ne a tseba hantle hore ke bowatla ho tshepa matla a hae ha a leka ho etsa thato ya Modimo. Dibekenyana pele ho moo, o ne a ile a ikotla sefuba a re ho Jesu: “Le haeba ba bang kaofela ba o lahla ka lebaka la ntho e tla o etsahalla, le ka mohla nke ke ka o lahla.” Empa, jwalo ka ha Jesu a ne a boletse esale pele, kapele Petrose o ile a tshaba batho mme a latola motswalle le mosuwe wa hae. Le ha ho le jwalo, Petrose o ile a ithuta hore monna ha a bone habedi.​—Mat. 26:​33, 34, 69-75.

14 Ho ba le boikemisetso feela ho ke ke ha o thusa ho phetha mosebetsi wa ho ba paki ya Kreste. Ha bahanyetsi ba leka ho senya tumelo ya hao kapa ba leka ho o thibela ho bolela ditaba tse monate, latela mohlala wa Petrose le Johanne. Rapela Jehova hore a o matlafatse. Batla tshehetso phuthehong. Bolella baholo le Bakreste ba bang ba hodileng tsebong mathata ao o tobaneng le wona. Dithapelo tsa ba bang di ka o matlafatsa haholo.​—Baef. 6:​18; Jak. 5:16.

15. Ke hobaneng ha ba kileng ba kgaotsa ho bolela ditaba tse monate ka nakwana ba sa lokela ho nyahama?

15 Haeba o kile wa beha meja fatshe ha o hanyetswa, o se ke wa nyahama. Hopola hore ka mora lefu la Jesu baapostola kaofela ba ile ba kgaotsa ho bolela ditaba tse monate ka nakwana empa ba boela ba di bolela ka mafolofolo. (Mat. 26:​56; 28:​10, 16-20) Ho ena le hore diphoso tseo o di entseng nakong e fetileng di o nyahamise, na o ka ithuta ho hong phihlelong eo mme o sebedise seo o ithutileng sona ho matlafatsa ba bang?

16, 17. Re ka ithutang thapelong eo balatedi ba Kreste ba ileng ba e etsa Jerusalema?

16 Re lokela ho rapella eng ha ba boholong ba re hatella? Hlokomela hore barutuwa ha ba a ka ba rapella hore ba se ke ba hlahelwa ke diteko. Ba ile ba hopola hantle seo Jesu a se buileng ha a re: “Haeba ba ntlhorisitse, le lona ba tla le hlorisa.” (Joh. 15:​20) Ho ena le hoo, barutuwa bana ba tshepahalang ba ile ba kopa Jehova hore a ‘bone ka moo ba ba tshosang ka teng.’ (Dik. 4:​29) Barutuwa ba ile ba utlwisisa hantle hore mahloriso ao ba tobaneng le wona a phethahatsa boprofeta. Ba ne ba tseba hore, jwalo ka ha Jesu a ba rutile ho rapela, thato ya Modimo e ne e tla ‘etswa lefatsheng,’ ho sa tsotellehe hore na babusi ba reng.​—Mat. 6:​9, 10.

17 E le hore barutuwa ba ka etsa thato ya Modimo, ba ile ba rapela Jehova, ba re: “O thuse makgoba a hao hore a nne a bolele lentswe la hao ka sebete sohle.” Jehova o ile a arabela thapelo ya bona jwang hanghang? “sebaka seo ba bokaneng ho sona sa sisinyeha yaba kaofela ba tlala moya o halalelang mme ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.” (Dik. 4:​29-31) Ha ho letho le ka thibelang thato ya Modimo hore e phethwe. (Esa. 55:​11) Le haeba ho bonahala kgoro di le majwe, le haeba sera se le matla, haeba re ipiletsa ho Modimo ka thapelo, re ka kgodiseha hore o tla re fa matla a hore re tswele pele ho bolela lentswe la hae ka sebete.

Re Ikarabella ho ‘Modimo Eseng ho Batho’ (Diketso 4:​32–5:11)

18. Ditho tsa phutheho ya Jerusalema di ile tsa thusana jwang?

18 Ka nako le motsotso, phutheho e sa tswa thehwa Jerusalema e ile ya hola ho fihlela e ena le ditho tse 5 000.d Le hoja barutuwa e ne e le batho ba dimelo tse fapafapaneng, ba ne ba “dumellana.” Ba ne ba nahana le ho sheba dintho ka tsela e tshwanang. (Dik. 4:​32; 1 Bakor. 1:​10) Barutuwa ha ba a ka ba rapella feela hore Jehova a hlohonolofatse mosebetsi wa bona. Ba ile ba tshehetsana moyeng mme ha ho hlokahala ba thusana ka dintho tsa ho iphedisa. (1 Joh. 3:​16-18) Ka mohlala, morutuwa Josefa, eo baapostola ba neng ba boetse ba mo bitsa Barnabase, o ile a rekisa tshimo ya hae mme a nehelana ka tjhelete yohle bakeng sa ho thusa batho ba tswang dinaheng tse hole hore ba dule Jerusalema nako e teletsana e le hore ba ka ithuta haholwanyane ka tumelo ya bona e ntjha.

19. Ke hobaneng ha Jehova a ile a bolaya Ananiase le Safira?

19 Ananiase le Safira le bona ba ile ba rekisa thepa ya bona mme ba fana ka monehelo. Ba ile ba etsa eka ba fane ka tjhelete yohle; le ha ho le jwalo,ba ile ba “ipolokela tjhelete e nngwe ka lekunutu.” (Dik. 5:2) Jehova ha a ka a bolaya banyalani bana hobane ba fane ka tjhelete e nyenyane, empa o ile a ba bolaya hobane sepheo sa bona sa ho fana se ne se le sebe mme e le balotsana. Ba “thetsitse Modimo eseng batho.” (Dik. 5:4) Jwalo ka baikaketsi bao Jesu a ileng a ba nyatsa, Ananiase le Safira ba ne ba amehile haholo ka ho roriswa ke batho ho feta ho kgahlisa Modimo.​—Mat. 6:​1-3.

20. Re ithutang ka dimpho tseo re di fang Jehova?

20 Dipaki tsa kajeno tse dimilione di fana ka menehelo ya boithatelo ka seatla se bulehileng ho tshehetsa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate lefatsheng ka bophara, jwalo ka barutuwa bao ba tshepahalang ba Jerusalema ya lekgolong la pele la dilemo. Ha ho motho ya qobeletsweng ho fana ka nako kapa tjhelete ya hae ho tshehetsa mosebetsi ona. Ha e le hantle, Jehova ha a batle hore re mo sebeletse ka lekgonono kapa ka ho qobellwa. (2 Bakor. 9:7) Jehova ha a thahaselle hore na re fana ka bokae empa o thahasella hore na re fana ka sepheo sefe. (Mar. 12:​41-44) Le ka mohla ha re batle ho tshwana le Ananiase le Safira, ebe re etsa hore tshebeletso ya rona ho Modimo e susumetswe ke boikgabi kapa ho batla thoriso. Ho ena le hoo, jwalo ka Petrose, Johanne le Barnabase, e se eka ka mehla re ka sebeletsa Jehova hobane re mo rata mme re rata batho ba bang.​—Mat. 22:​37-40.

PETROSE E NE E LE MOTSHWASI WA DITLHAPI MME YA EBA MOAPOSTOLA YA MAHLAHAHLAHA

Petrose o bitswa ka mabitso a mahlano ka Mangolong. O tsejwa ka lebitso la Seheberu la Simeone, le ka la Segerike la Simone, hape o tsejwa ka lebitso la Petrose le ka la Searame la Kefase. O boetse o tsejwa ka lebitso le kopanyang mabitso a mabedi, e leng Simone Petrose.​—Mat. 10:2; Joh. 1:​42; Dik. 15:14.

Moapostola Petrose o nkile baskete e tshetseng ditlhapi.

Petrose o ne a nyetse mme a dula le mohwehadi wa hae le moenae. (Mar. 1:​29-31) E ne e le motshwasi wa ditlhapi wa Bethsaida, e leng motse o ka leboya ho Lewatle la Galilea. (Joh. 1:​44) Ha morao o ile a dula motseng o haufi wa Kapernauma. (Luka 4:​31, 38) Jesu o ne a dutse ka hara sekepe sa Petrose ha a bua le bongata bo neng bo bokane lebopong la Lewatle la Galilea. Kapele ka mora moo, Petrose o ile a mamela taelo ya Jesu yaba ka mohlolo o tshwasa ditlhapi tse ngata. Petrose o ile a wa ka mangole a tshohile, empa Jesu a re ho yena: “O se ke wa tshoha. Ho tloha hona jwale, o tla tshwasa batho.” (Luka 5:​1-11) Petrose o ne a tshwasa ditlhapi le moenae Andrease, ha mmoho le Jakobo le Johanne. Kaofela ha bona ba ile ba nyahlatsa kgwebo ya bona ya ho tshwasa ditlhapi yaba ba amohela memo ya hore e be balatedi ba Jesu. (Mat. 4:​18-22; Mar. 1:​16-18) Hoo e ka bang ka mora selemo, Petrose e ile ya eba e mong wa ba 12 bao Jesu a ileng a ba kgetha hore e be “baapostola,” kapa “ba romilweng.”​—Mar. 3:​13-16.

Jesu o ne a tsamaya le Petrose, Jakobo le Johanne ha a eya diketsahalong tse kgethehileng. Ba ile ba bona ha Jesu a fetoha sebopeho, ha a tsosa moradi wa Jairuse, le ha a le mahlomoleng serapeng sa Gethesemane. (Mat. 17:​1, 2; 26:​36-46; Mar. 5:​22-24, 35-42; Luka 22:​39-46) Bona ha mmoho le Andrease, ba ile ba botsa Jesu ka pontsho ya ho ba teng ha hae.​—Mar. 13:​1-4.

Petrose o ne a toba taba, a le mahlahahlaha mme ka dinako tse ding a nkeha maikutlo. Ka moo ho bonahalang ka teng o ne a atisa ho bua pele ho ba bang. Dikosepeleng mantswe a hae a hlaha hangata ho feta a baapostola ba bang ba 11 kaofela. Ke yena feela ya neng a rata ho botsa dipotso. (Mat. 15:​15; 18:​21; 19:​27-29; Luka 12:​41; Joh. 13:​36-38) O ile a hana ha Jesu a mo hlatswa maoto, mme ha a kgalemelwa a kopa hore Jesu a mo hlatswe matsoho le hlooho!​—Joh. 13:​5-10.

Ka lebaka la ho nkeha maikutlo Petrose o ile a leka ho kgodisa Jesu hore ho ke ke ha hlokahala hore a utlwiswe bohloko mme a bolawe. Jesu o ile a mo kgalemela ka matla ka lebaka la ho fanya hoo. (Mat. 16:​21-23) Bosiung ba ho qetela Jesu a le lefatsheng, Petrose o ile a re le ha baapostola ba bang bohle ba ka lahla Jesu, yena le ka mohla o ne a ke ke a mo lahla. Ka ha Petrose o ne a le sebete, ha dira tsa Jesu di mo tshwara, o ile a mo sireletsa ka sabole mme ka mora moo a mo sala morao ho ya fihla lebaleng la moprista ya phahameng. Empa, nakwana ka mora moo, Petrose o ile a latola Monga hae ka makgetlo a mararo yaba o lla habohloko ha a hlokomela hore na o entseng.​—Mat. 26:​31-35, 51, 52, 69-75.

Nakwana pele Jesu a iponahatsa ho baapostola ba hae Galilea ka mora hore a tsohe bafung, Petrose o ile a re o yo tshwasa ditlhapi, yaba baapostola ba bang ba tsamaya le yena. Ha Petrose a bona Jesu lebopong la lewatle, o ile a nkeha maikutlo yaba o itahlela ka metsing mme o sesetsa lebopong. Ha baapostola ba ntse ba ja tlhapi eo Jesu a ba phehetseng yona hoseng hoo, o ile a botsa Petrose a re: “Na o nthata ho feta dintho tsee?”​—ke hore, ditlhapi tse neng di le ka pela bona. Jesu o ne a kgothalletsa Petrose hore a kgethe ho mo latela ho ya ho ile ho ena le ho hahamalla mosebetsi o mong, o kang wa ho tshwasa ditlhapi.​—Joh. 21:​1-22.

Hoo e ka bang ka 62-64 C.E., Petrose o ile a bolela ditaba tse monate Babilona, eo hona jwale e leng Iraq, moo ho neng ho ena le Bajuda ba bangata. (1 Pet. 5:​13) Petrose o ile a ngola lengolo la hae la pele le buduletsweng le reheletsweng ka yena a le Babilona, mohlomong le la bobedi. Jesu o ile “a fa Petrose matla,”a hore e be “moapostola ho batho ba bolotseng.” (Bagal. 2:​8, 9) Petrose o ile a phetha mosebetsi ona ka kutlwelobohloko le ka mafolofolo.

JOHANNE​—MORUTUWA EO JESU A NENG A MO RATA

Moapostola Johanne e ne e le mora wa Zebedea ebile e le moena wa moapostola Jakobo. Ka moo ho bonahalang ka teng mme wa hae e ne e le Salome, eo mohlomong e neng e le ngwanabo Maria, mme wa Jesu. (Mat. 10:2; 27:​55, 56; Mar. 15:​40; Luka 5:​9, 10) Ka hoo e ka nna yaba Johanne o ne a amana le Jesu. Ho bonahala eka lelapa labo Johanne le ne le hafa ka nkatana. Kgwebo ya Zebedea ya ho tshwasa ditlhapi e ne e le kgolo hoo a neng a hirile batho. (Mar. 1:​20) Salome o ile a tsamaya le Jesu, a mo sebeletsa ha a le Galilea, mme ha morao a tlisa dinoko bakeng sa ho lokisetsa setopo sa Jesu lepato. (Mar. 16:1; Joh. 19:​40) Mohlomong Johanne o ne a ena le ntlo.​—Joh. 19:​26, 27.

Moapostola Johanne o tshwere moqolo.

Ho ka etsahala hore Johanne e ne e le morutuwa wa Johanne Mokolobetsi ya neng a eme le Andrease ha Johanne Mokolobetsi a shebile Jesu mme a re: “Bonang Konyana ya Modimo.” (Joh. 1:​35, 36, 40) Ka mora moo, ho bonahala eka Johanne mora wa Zebedea o ile a tsamaya le Jesu ha a eya Kana mme a bona mohlolo wa pele wa Jesu. (Joh. 2:​1-11) Johanne o hlalosa mosebetsi oo Jesu a o entseng ha morao Jerusalema, Samaria, le Galilea ka tsela e hlakileng le e qaqileng mme seo se bontsha hore e ka nna yaba mongodi eo wa Kosepele o ile a bona diketsahalo tsena ka mahlo. Jwalo ka Jakobo, Petrose le Andrease, Johanne o ile a tlohela matlowa a hae, seketswana le mosebetsi a sa tsilatsile ha Jesu a mo bitsa hore e be molatedi wa hae mme sena se tiisa hore Johanne o ne a ena le tumelo e matla.​—Mat. 4:​18-22.

Johanne ha a hlahelle ka mahetla jwalo ka Petrose ditlalehong tsa Kosepele. Le ha ho le jwalo, Johanne le yena o ne a le mahlahahlaha, jwalo ka ha ho bontshwa ke lebitso leo Jesu a ileng a mo reha lona le ngwanabo Jakobo​—e leng Boanergese, e bolelang “Bara ba Seaduma.” (Mar. 3:​17) Qalong, Johanne o ne a rata botumo, hoo yena le ngwanabo ba ileng ba re mme wa bona a kope Jesu hore a ba fe maemo a hlaheletseng Mmusong wa hae. Le hoja e ne e le takatso ya boikgabi, e ne e boetse e le pontsho ya hore ba dumela hore Mmuso ke ntho ya sebele. Takatso ya bona ya maemo e ile ya fa Jesu monyetla wa ho eletsa baapostola bohle ba hae hore ho hlokahala ba ikokobetse.​—Mat. 20:​20-28.

Johanne o ile a bontsha hore ha a batle masawana ha a leka ho thibela monna e mong eo e neng e se molatedi wa Jesu hore a leleke bademona ka lebitso la hae. Ka lekgetlo le leng, Johanne o ne a ikemiseditse ho bitsa mollo lehodimong hore o timetse baahi ba Samaria ba sa kang ba amohela manqosa ao Jesu a neng a a rometse hore a yo mo lokisetsa dintho tse itseng. Jesu o ile a kgalemella Johanne diketso tsena. Ho hlakile hore ha nako e ntse e eya, Johanne o ile a ithuta ho ba le botsitso le mohau oo a kileng a bonahala a se na ona. (Luka 9:​49-56) Empa, le hoja Johanne a ne a ena le mefokolo, ke “morutuwa eo Jesu a neng a mo rata.” Ke ka hoo ha Jesu a se a tla shwa a ileng a kopa Johanne hore a sale a hlokometse mme wa hae, Maria.​—Joh. 19:​26, 27; 21:​7, 20, 24.

Johanne o phetse nako e telele ho feta baapostola ba bang, jwalo ka ha Jesu a ne a profetile. (Joh. 21:​20-22) O ile a sebeletsa Jehova ka botshepehi ka dilemo tse ka bang 70. Ho ella qetellong ya bophelo ba hae, nakong ya puso ya Moemphera Domitian wa Roma, o ile a iswa kgolehong sehlekehlekeng sa Patmose “ka lebaka la ho bua ka Modimo le ho ruta batho nnete ka Jesu.” Ha a le moo hoo e ka bang ka 96 C.E., o ile a bona dipono tseo a ileng a di ngola bukeng ya Tshenolo. (Tshen. 1:​1, 2, 9) Ho dumelwa hore ka mora hore a lokollwe, o ile a ya Efese, moo a ileng a ngola Kosepele ya hae teng ha mmoho le mangolo a tsejwang e le Johanne wa Pele, wa Bobedi le wa Boraro, mme a shwella Efese hoo e ka bang ka 100 C.E.

a Dithapelo di ne di etswa tempeleng ha ho etswa mahlabelo a hoseng le a mantsiboya. Sehlabelo sa mantsiboya se ne se etswa ka “hora ya borobong,” e leng hoo e ka bang ka hora ya boraro thapama.

b Sheba lebokose la sehlooho se reng “Petrose e ne e le Motshwasi wa Ditlhapi Mme ya Eba Moapostola ya Mahlahahlaha,” le la sehlooho se reng “Johanne​—Morutuwa eo Jesu a Neng a mo Rata.”

c Sheba lebokose la sehlooho se reng “Moprista ya Phahameng le Baprista ba ka Sehloohong.”

d E ka nna yaba ho ne ho ena le Bafarisi ba ka bang 6 000 le sehlopha se batlang se le senyenyane sa Basaduse Jerusalema ka 33 C.E. Mohlomong lena ke lebaka le leng le ileng la etsa hore dihlopha tsena tse pedi di se ke tsa ja ditheohelang ha di utlwa dithuto tsa Jesu.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share