KAROLO YA 7 • DIKETSO 18:23–21:17
Ho “Ruta Phatlalatsa Le Ka Ntlo Le Ntlo”
Ke hobaneng ha ho hlokahala hore re ikokobetse re be re sebedise mekgwa e sa tshwaneng ha re ruta batho ba fapafapaneng? Mokgwa o ka sehloohong oo re o sebedisang ha re bolela ditaba tse monate ke ofe? Re ka bontsha jwang hore ho etsa thato ya Modimo ho bohlokwa ho feta dintho tseo re batlang ho di finyella bophelong? Dintlha tse thahasellisang tse mabapi le leeto la boraro ebile e le la ho qetela la Pauluse e le moromuwa di ka re thusa hore re fumane dikarabo tsa dipotso tsena tsa bohlokwa.