LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • bt kgao. 20 maq. 157-164
  • Ho “Hola le ho Hlola” Hara Kganyetso

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho “Hola le ho Hlola” Hara Kganyetso
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
  • Dihloohwana
  • O ne a “Rutehile Haholo Mangolong” (Diketso 18:​24-28)
  • Ho “Kgodisa Batho ka Mmuso wa Modimo” (Diketso 18:​23; 19:​1-10)
  • “La Hola le ho Hlola” ho sa Tsotellehe Meya e Kgopo (Diketso 19:​11-22)
  • “Ha Tsoha Moferefere o Moholo” (Diketso 19:​23-41)
Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka Mmuso wa Modimo”
bt kgao. 20 maq. 157-164

KGAOLO YA 20

Ho “Hola le ho Hlola” Hara Kganyetso

Se etswang ke Apolose le Pauluse ho ntshetsa pele ditaba tse monate

E Thehilwe ho Diketso 18:​23–19:41

1, 2. (a) Pauluse le bomphato ba hae ba ile ba eba kotsing efe ha ba le Efese? (b) Re tla tshohla eng kgaolong ee?

HO UTLWAHALA modumo le lerata la batho ba bangata ba mathang diterateng tsa Efese. Ba ikentse mokgopi mme e se e le moferefere feela. Ba tshwara batho ba babedi ba tsamayang le Pauluse ba a ba hulanya. Kapelepele ha ho sa na batho seterateng se seholo se nang le mabenkele ha letshwele le morusu le ntseng le eketseha le itshohlometsa ka lebaleng le leholo la dipapadi la motse leo ho lona ho ka kenang batho ba 25 000. Boholo ba batho ha ba tsebe hore na moferefere o bakilwe ke eng empa ba nahana hore mohlomong ho sokelwa modimotsana wa bona ya ratehang ya bitswang Artemise. Ka hoo, ba qala ho hweletsa le ho phetapheta mantswe a reng: “O moholo Artemise wa Baefese!”​—Dik. 19:34.

2 Re boetse re bona ha Satane a leka ho sebedisa mokgopi o tswileng taolong ho thibela ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo hore di se ke tsa phatlalatswa. Ha e le hantle lena hase lona feela leqheka leo Satane a le sebedisang. Kgaolong ena re tla tshohla maqiti a mmalwa ao Satane a ileng a a sebedisa ho thibela mosebetsi wa Bakreste ba lekgolong la pele la dilemo le ho ba arola. Habohlokwa le ho feta, re tla hlokomela hore maqiti a hae ohle a ile a hloleha hobane “lentswe la Jehova [le ile] la nna la hola le ho hlola ka lebaka la matla a hae.” (Dik. 19:​20) Ke hobaneng ha Bakreste bao ba ile ba hlola? Ke ka mabaka ao re hlolang ka wona kajeno. Ha e le hantle hase rona ba hlolang empa ke Jehova. Le ha ho le jwalo, jwalo ka Bakreste bao ba lekgolong la pele la dilemo, ho hlokahala re phethe karolo ya rona. Ka thuso ya moya wa Jehova, re ka ba le ditshobotsi tse tla re thusa hore re phethe tshebeletso ya rona. A re qale ka ho tshohla mohlala wa Apolose.

O ne a “Rutehile Haholo Mangolong” (Diketso 18:​24-28)

3, 4. Akuila le Prisilla ba ile ba lemoha eng ka Apolose mme ba ile ba mo thusa jwang?

3 Ha Pauluse a leba Efese leetong la hae la boraro e le moromuwa, ho ile ha fihla Mojuda ya bitswang Apolose motseng oo. O ne a tswa motseng o tummeng wa Alexandria, Egepeta. Apolose o ne a ena le ditshobotsi tse ikgethang. O ne a bua ha monate. Ntle le ho ba kgeleke, o ne a “rutehile haholo Mangolong.” Ntle ho moo, “o ne a tjheseha ka lebaka la moya o halalelang.” Ka ha Apolose o ne a tjheseha, o ile a bua ka sebete ka pela Bajuda ntlong ya thapelo.​—Dik. 18:​24, 25.

4 Akuila le Prisilla ba ile ba mo utlwa. Ha ho pelaelo hore ba ne ba thabetse ho utlwa a “ruta dintho tse nepahetseng ha a bua ka Jesu.” Le hoja a ne a bua ditaba tse nepahetseng ka Jesu, ka mora nakwana banyalani bana ba Bakreste ba ile ba lemoha hore ho na le ntho ya bohlokwa eo a sa e tsebeng. O ne “a tseba kolobetso ya Johanne feela.” Le hoja banyalani bana e ne e se barui empa e le baetsi ba ditente, ha ba a ka ba ikutlwa ba le basesaane kahobane Apolose e le kgeleke kapa a rutehile. Ho ena le hoo, “ba tsamaya le yena mme ba mo qaqisetsa ditsela tsa Modimo ka tsela e nepahetseng.” (Dik. 18:​25, 26) Monna eo wa kgeleke, ya bileng a rutehileng o ile a etsa jwang? Ho hlakile hore o ile a bontsha e nngwe ya ditshobotsi tsa bohlokwa ka ho fetisisa tseo Bakreste ba lokelang ho leka ho ba le tsona e leng boikokobetso.

5, 6. Apolose o ile a etsa eng hore Jehova a mo sebedise mme re ka ithuta eng mohlaleng wa hae?

5 Ka ha Apolose o ile a dumela ha Akuila le Prisilla ba mo thusa, e ile ya eba mohlanka ya atlehang haholwanyane wa Jehova. O ile a ya Akaia, moo a ileng “a thusa barutuwa haholo.” Hape o ile a atleha ho pakela Bajuda ba moo ba neng ba tsitlella hore Jesu e ne e se Mesia ya profetilweng. Luka o re: “O ne a bua ka matla ka pela batho bohle, a fana ka bopaki ba hore Bajuda ba fositse, a bontsha ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.” (Dik. 18:​27, 28) Apolose e bile tlhohonolofatso e kaakang diphuthehong. Ha e le hantle, ke e mong ya entseng hore “lentswe la Jehova” le nne le hlole. Re ka ithutang mohlaleng wa Apolose?

6 Bakreste ba tlameha ho ikokobetsa. E mong le e mong wa rona o na le makgabane a itseng ebang ke neo eo re tswetsweng ka yona, phihlelo kapa tsebo. Le ha ho le jwalo, boikokobetso ba rona bo lokela ho totobala ho feta makgabane a rona. Ho seng jwalo a tla re bakela mathata. A ka nna a etsa hore re ikgohomose. (1 Bakor. 4:7; Jak. 4:6) Haeba re ikokobeditse e le ka nnete, re tla leka ho nka hore ba bang ba re phahametse. (Bafil. 2:3) Re ke ke ra kwata ha re kgalemelwa kapa ra hana ho rutwa ke ba bang. Ka sebele re ke ke ra tsitlella maikutlong a rona ha re hlokomela hore ha a dumellane le ka moo moya o halalelang o re tataisang ka teng hona jwale. Ha feela re dula re ikokobeditse, Jehova le Mora wa hae ba tla re sebedisa.​—Luka 1:​51, 52.

7. Pauluse le Apolose ba behile mohlala wa boikokobetso ka tsela efe?

7 Boikokobetso bo boetse bo etsa hore re se ke ra qothisana lehlokwa le ba bang. Na o ka nahana ka moo Satane a neng a labalabela ho baka dikarohano ka teng hara Bakreste bao ba pele? A ka be a ile a thaba hakaakang haeba batho ba nang le tshusumetso e matla jwalo ka Apolose le moapostola Pauluse ba ne ba ile ba itumella hore ba qothisane lehlokwa, mohlomong e mong a lwanela hore a hlahelle ho feta e mong diphuthehong. Ho ka be ho bile bonolo hore ba etse jwalo. Bakreste ba bang Korinthe ba ile ba qala ho re, “Nna ke wa Pauluse,” ha ba bang ba re, “nna ke wa Apolose.” Na Pauluse le Apolose ba ne ba kgothalletsa moya o jwalo o bakang karohano? Le hanyenyane! Ka boikokobetso Pauluse o ile a dumela hore Apolose o phethile karolo e itseng mosebetsing wa boboledi, a ba a mo tlotla ka ho mo fa mesebetsi e meng e eketsehileng. Apolose yena a mamela keletso ya Pauluse. (1 Bakor. 1:​10-12; 3:​6, 9; Tite 3:​12, 13) Ba re behetse mohlala o motle hakaakang kajeno wa hore re sebedisane le ba bang ka boikokobetso.

Ho “Kgodisa Batho ka Mmuso wa Modimo” (Diketso 18:​23; 19:​1-10)

8. Pauluse o ile a kgutlela Efese ka tsela efe, hona hobaneng?

8 Pauluse o ne a tshepisitse hore o tla kgutlela Efese mme o ile a fela a etsa jwalo.a (Dik. 18:​20, 21) Le ha ho le jwalo, hlokomela hore na o ile a sebedisa tsela efe ha a kgutla. Ha re qetela ho bua ka yena o ne a le Antioke, Siria. E le hore a fihle Efese, a ka be a ile a nka tsela e kgutshwanyane e yang Seleusia, a kena sekepeng yaba o leba ka ho toba sebakeng seo a yang ho sona. Ho ena le hoo, o ile “a tsamaya dibakeng tse hare ho naha.” Ho hakanngwa hore leeto la Pauluse leo ho builweng ka lona ho Diketso 18:​23 le 19:1 le nkile dikhilomithara tse ka bang 1 600. Ke hobaneng ha Pauluse a ile a kgetha ho nka leeto le boima jwalo? Hobane o ne a rerile ho “matlafatsa barutuwa bohle.” (Dik. 18:​23) Leeto la hae la boraro e le moromuwa, jwalo ka a pele a mabedi, le ne le tla ba boima, empa e ne e se tshenyo ya nako. Kajeno bapotolohi le basadi ba bona ba bontsha moya o kang ona. Na ha re ananele lerato la bona le bontshang boitelo?

EFESE, MOTSEMOHOLO WA ASIA

Efese e ne e le motse o moholo ka ho fetisisa karolong e ka bophirimela ya Asia Minor. Mehleng ya moapostola Pauluse, ho ka etsahala hore baahi ba teng ba ne ba feta 250 000. Ka ha e ne e le motsemoholo wa profinse ya Roma ya Asia, e ne e bitswa “Toropo ya Pele le e Kgolo ka ho Fetisisa ya Asia.”

Efese e ile ya ruiswa haholo ke kgwebo le bodumedi. Ka ha e ne e le haufi le noka eo dikepe di fetang ho yona, boemakepe ba teng bo ne bo le mateanong a ditsela tsa kgwebo. Efese ho ne ho ena le tempele e tummeng ya Artemise hammoho le ditempelana le ditempele tsa medimo e mengata ya Greece, Roma, Egepeta le Anatolia.

Tempele ya Artemise, eo ho nnileng ha thwe ke e nngwe ya dintho tse hlollang ka ho fetisisa lefatsheng mehleng eo, e ne e le bolelele ba dimithara tse ka bang 105 le bophara ba tse 50. E ne e ena le dipilara tse ka bang 100 tsa mmabole mme bophahamo ba pilara ka nngwe e le dimithara tse ka bang 17, botlaseng ba yona e le bophara ba dimithara tse ka bang 1,8. Sebakeng sohle sa Mediterranean, tempele ena e ne e nkwa e halalela mme tjhelete e ngata e ne e behwa tlhokomelong ya Artemise. Ka hoo, tempele e ile ya boela ya fetoha setsi sa bohlokwa sa banka Asia.

Mehaho e meng ya bohlokwa Efese e ne e le lebala la dipapadi bakeng sa ditlhodisano tsa diatleletiki mohlomong le dipapadi tsa ntwa, diketsahalo, dibaka tsa setjhaba tsa boithabiso, dimmaraka le mabenkele a hahilweng ka dipilara.

Setsebi sa jeokrafi sa Mogerike se bitswang Strabo se re ho ne ho atisa ho ba le dintho tse sa hlwekang tseo lewatle le di lahlelang boemakepeng ba Efese. Ke ka lebaka leo ha morao motse ona o sa kang wa hlola o sebediswa e le boemakepe mme wa lahlwa kgerehlwa. Ka ha kajeno ha ho na motse sebakeng sena, baeti ba yang dithakong tsa motse ona o moholo wa Efese ba kgona ho utlwisisa hore na o ne o le jwang mehleng ya boholoholo.

9. Ke hobaneng ha ho ile ha hlokahala hore barutuwa ba itseng ba kolobetswe hape mme seo ba se entseng se re ruta eng?

9 Ha Pauluse a fihla Efese, o ile a fumana barutuwa ba ka bang 12 ba Johanne Mokolobetsi. Ba ne ba kolobeditswe ka kolobetso e neng e se e sa sebetse. Ho feta moo, ho ne ho bonahala ba sa tsebe hakaalo ka moya o halalelang kapa ba sa tsebe letho ka wona. Pauluse o ile a ba beha leseding mme jwalo ka Apolose, ba ne ba ikokobeditse ba bile ba labalabela ho ithuta. Ha ba qeta ho kolobetswa ka lebitso la Jesu, ba ile ba amohela moya o halalelang le dimpho tsa ho etsa mehlolo. Ka ho hlakileng, ho latela tataiso ya mokgatlo o hlophisitsweng wa Jehova o hatelang pele ho tlisa mahlohonolo.​—Dik. 19:​1-7.

10. Ke hobaneng ha Pauluse a ile a tloha ka ntlong ya thapelo a ya holong mme o re behetse mohlala ofe ha re le tshebeletsong?

10 Kapele ka mora moo ho ile ha eba le mohlala o mong o bontshang hore ho bile le kgatelopele. Ka sebete Pauluse o ile a ruta ka ntlong ya thapelo ka dikgwedi tse tharo. Le hoja a ne “a kgodisa batho ka Mmuso wa Modimo,” ba bang ba ile ba satalatsa melala mme ba mo hanyetsa ka matla. Ho ena le ho senya nako ka ba neng “ba bua hampe ka Tsela ya Morena,” Pauluse o ile a lokisetsa ho ya bua holong ya sekolo. (Dik. 19:​8, 9) Ho ne ho hlokahala hore ba batlang ho hatela pele moyeng ba tlohe ka ntlong ya thapelo ba ye holong eo. Jwalo ka Pauluse, re ka kgaotsa moqoqo ha re lemoha hore mongantlo ha a ikemisetsa ho mamela kapa o mpa a batla ho tsosa dikgang feela. Ho sa ntsane ho ena le batho ba bangata ba kang dinku bao ho hlokahalang hore ba utlwe molaetsa wa rona o kgothatsang!

11, 12. (a) Pauluse o ile a beha mohlala wa ho kgothala le ho fetoha le maemo ka ditsela dife? (b) Dipaki Tsa Jehova di bontshitse jwang hore di kgothetse ebile di fetoha le maemo tshebeletsong ya tsona ya phatlalatsa?

11 Ho ka etsahala hore Pauluse o ne a bolela ditaba tse monate holong eo ya sekolo letsatsi le leng le le leng hoo e ka bang ho tloha ka 11:​00 hoseng ho fihlela hoo e ka bang ka 4:​00 thapama. (Dik. 19:9) Mohlomong ka nako eo ho ne ho tjhesa haholo ebile ho thotse ka ha ba bangata ba ne ba kgaoditse ho sebetsa mme ba ja ba bile ba phomotse. Nahana feela hore haeba Pauluse o ile a phathahana jwalo ka dilemo tse pedi, e tlameha ebe o ile a qeta dihora tse fetang 3 000 a ruta.b Lena ke lebaka le leng le entseng hore ebe lentswe la Jehova le ile la nna la hola la ba la hlola. Pauluse o ne a kgothetse a bile a fetoha le maemo e le hore tshebeletso ya hae e ka tswela batho ba motseng oo molemo. Phello e bile efe? “Bajuda le Bagerike bohle ba dulang profinseng ya Asia ba ile ba utlwa lentswe la Morena.” (Dik. 19:​10) Ruri o ile a paka ka ho phethahetseng.

Baradi ba bo rona ba babedi ba paka ka founu.

Re leka ho buisana le batho kae kapa kae

12 Kajeno Dipaki Tsa Jehova le tsona di bontshitse hore di kgothetse ebile di fetoha le maemo. Re leka ho buisana le batho kae kapa kae, neng kapa neng. Re paka diterateng, dimmarakeng le moo ho emiswang dikoloi. Re ka nna ra buisana le batho ka fono kapa ra ba ngolla. Ha re etsa mosebetsi wa ntlo le ntlo, re leka ho ya ho batho ka dinako tseo ho ka etsahalang hore ebe ba teng ka tsona.

“La Hola le ho Hlola” ho sa Tsotellehe Meya e Kgopo (Diketso 19:​11-22)

13, 14. (a) Jehova o ile a thusa Pauluse hore a etse eng? (b) Bara ba Skeva ba ile ba etsa phoso efe mme kajeno batho ba bangata ba bodumeding ba bohata ba etsa phoso e tshwanang le ee jwang?

13 Luka o re bolella hore tshebeletso ya Pauluse e ile ya beha ditholwana tse thabisang, haholoholo hobane Jehova o ile a mo thusa hore a etse “mehlolo e meholo.” Esita le masela le diforeskoto tseo Pauluse a neng a di apara di ne di iswa ho batho ba kulang, ebe ba a fola. Le meya e kgopo e ne e lelekwa ka tsela ena.c (Dik. 19:​11, 12) Batho ba bangata ba ile ba lemoha ha makgotla a Satane a hlolwa empa hase bohle ba ileng ba thaba.

14 “Bajuda ba bang ba neng ba tlwaetse ho tsamaya hohle ba leleka bademona” ba ile ba leka ho etsa mehlolo eo Pauluse a neng a e etsa. Ba bang ba Bajuda bao ba ile ba leka ho leleka bademona ka ho ipiletsa lebitsong la Jesu le la Pauluse. Luka o re bolella ka bara ba supileng ba Skeva ba lelapa la boprista, ba ileng ba leka ho etsa sena. Modemona o ile a re ho bona: “Ke tseba Jesu le Pauluse, lona le bomang?” Yaba monna ya nang le modemona o hlasela bonketsisane bao, a tlolela hodima bona jwalo ka phoofolo e hlaha mme ba baleha ba tswile maqeba ba bile ba hlobotse. (Dik. 19:​13-16) “Lentswe la Jehova” le ile la hlola ka ho feletseng, ka ha ho ile ha totobala hore Pauluse o filwe matla empa ditho tseo tsa bodumedi ba bohata ha di na wona. Kajeno ho na le ba dimilione ba etsang phoso ya ho nahana hore ho lekane hafeela ba ipiletsa lebitsong la Jesu kapa ba ipitsa “Bakreste.” Le ha ho le jwalo, jwalo ka ha Jesu a bontshitse, ke feela ba hlileng ba etsang thato ya Ntate wa hae ba nang le tshepo ya sebele ya bokamoso.​—Mat. 7:​21-23.

15. Ke jwang re ka etsisang mohlala wa Baefese tabeng ya ho sebedisana le meya le ho ba le dintho tse amanang le meya?

15 Ho hlabiswa dihlong hona ha bara ba Skeva ho ile ha etsa hore batho ba bangata ba tshabe Modimo, e leng se ileng sa etsa hore ba bangata e be badumedi mme ba kgaotse ho sebedisana le meya. Boselamose bo ne bo atile haholo Efese. Ho ne ho tlwaelehile hore batho ba loye ba bang, ba rwale, ba be ba ba betse ka dipolelo tsa boloi tseo hangata di neng di ngotswe. Jwale Baefese ba bangata ba ile ba susumelletseha ho ntsha dibuka tsa bona tsa boselamose yaba ba di tjhesa phatlalatsa, le hoja ho hlakile hore di ne di tura haholo.d Luka o re: “Lentswe la Jehova la nna la hola le ho hlola ka lebaka la matla a hae.” (Dik. 19:​17-20) E bile bopaki bo babatsehang hakaakang ba hore nnete e hlola leshano le bademona! Batho bao ba tshepahalang ba re behetse mohlala o motle kajeno. Le rona re phela lefatsheng leo ho lona batho ba bangata ba sebedisanang le meya. Haeba re ka fumana hore re na le ntho e amanang le meya, re lokela ho etsisa Baefese re e lahle hanghang! A re tsamaeleng hole le mekgwa e nyonyehang jwalo, ho sa tsotellehe hore na re tla lahlehelwa hakae.

“Ha Tsoha Moferefere o Moholo” (Diketso 19:​23-41)

Demetriase o tshwere setshwantsho sa silevera sa Artemise mme o bua a halefile le banna bao a sebetsang le bona ka lebenkeleng leo ba etsetsang dintho tsa silevera ho lona Efese. Ka morao re bona Pauluse a pakela batho ba tlileng mmarakeng.

“Bontate, le a tseba hore re ruile tjena ka lebaka la kgwebo ena.”​—Diketso 19:25

16, 17. (a) Hlalosa ka moo Demetriase a ileng a baka moferefere ka teng Efese. (b) Baefese ba ile ba bontsha jwang hore ba tjhesehela bodumedi ka ho feteletseng?

16 Jwale re hlokomela leqheka le leng la Satane mantsweng a Luka a reng: “Ha tsoha moferefere o moholo ka lebaka la Tsela ya Morena.” O ne a sa feteletse ditaba.e (Dik. 19:​23) Monna ya bitswang Demetriase ya etsang dintho tsa silevera o ile a baka moferefere. O ile a qala ka ho kenya batho ba bang ba etsang dintho tsa silevera moya, a ba hopotsa hore ba ruisitswe ke ho rekisa medimo ya ditshwantsho. Yaba o ba bolella hore molaetsa wa Pauluse o beha kgwebo ya bona ka mosing, hobane Bakreste ha ba rapele ditshwantsho. Jwale, ka ha o ne a tseba hore batho bao ba ne ba ikgantsha ka ho ba baahi ba Efese le ka botjhaba ba bona, o ile a ba lemosa hore modimotsana Artemise le tempele ya bona e tummeng lefatsheng lohle e ne e le kotsing ya ho “nkwa e se na thuso.”​—Dik. 19:​24-27.

17 Ho ile ha etsahala seo Demetriase a neng a se batla. Batho bao ba etsang dintho tsa silevera ba ile ba qala ho hweletsa ba ntse ba re “O moholo Artemise wa Baefese,” mme ha eba le moferefere motseng, e leng se ileng sa etsa hore ho be le mokgopi o lerata oo re buileng ka wona qalong ya kgaolo ena.f Ka ha Pauluse o ne a itetse, o ne a batla ho ya lebaleng la diketsahalo ho ya bua le mokgopi oo, empa barutuwa ba mo kopa ka tiyo hore a se ke a ipeha kotsing. Monna e mong ya bitswang Alexandere o ile a ema ka pela letshwele leo yaba o leka ho bua le lona. Ka ha e ne e le Mojuda, mohlomong o ne a labalabela ho hlalosa phapang pakeng tsa Bajuda le Bakreste bao. Letshwele leo le ne le se na taba le seo. Ha le hlokomela hore ke Mojuda, le ile la mo tlatsetsa lerata, la phetapheta mantswe a reng “O moholo Artemise wa Baefese” ka dihora tse ka bang pedi. Le kajeno batho ba ntse ba tjhesehela bodumedi ka ho feteletseng mme sena se etsa hore ba tswe taolong.​—Dik. 19:​28-34.

18, 19. (a) Motlalehi wa motse o ile a kgutsisa mokgopi wa Efese jwang? (b) Ka dinako tse ding batho ba Jehova ba ile ba sireletswa jwang ke ba boholong mme re ka etsa eng hore re sireletswe jwalo?

18 Qetellong motlalehi wa motse o ile a kgutsisa letshwele leo. Monna enwa ya hlaphohetsweng ka kelellong o ile a kgodisa letshwele hore Bakreste bao ba ne ba sa sokele tempele ya bona le modimotsana wa bona, le hore Pauluse le bomphato ba hae ba ne ba sa sitelwa Artemise mme ho ne ho ena le dibaka tsa molao tseo ba ka isang diqoso tse jwalo teng. Mohlomong o ile a atleha haholo ha a hopotsa mokgopi oo hore o kotsing ya ho halefisa Roma ka lebaka la seboka seo se seng molaong le se tswileng taolong. Ka mora moo o ile a qhala mokgopi oo. Sena se ile sa etsa hore hanghang moferefere o fele ka lebaka la mantswe ao a utlwahalang.​—Dik. 19:​35-41.

19 Lena e ne e se lekgetlo la pele leo ka lona motho ya hlaphohetsweng ka kelellong ya nang le matla a itseng pusong a ileng a sireletsa balatedi ba Jesu, ebile e ne e se lekgetlo la ho qetela. Ha e le hantle, moapostola Johanne o ile a bona ponong hore matsatsing ana a ho qetela, dikarolo tse batlang di tsitsitse tse tshwantshetswang ke lefatshe, di ne di tla metsa morwallo wa mahloriso ao Satane a a tlisetsang balatedi ba Jesu. (Tshen. 12:​15, 16) Ke sona se etsahetseng. Hangata, baahlodi ba hlokang leeme ba sireleditse tokelo ya Dipaki Tsa Jehova ya ho bokana bakeng sa borapedi le ho bolella ba bang ditaba tse monate. Ha e le hantle, ho ka etsahala hore boitshwaro ba rona ke bona bo etsang hore re hlole. Ho bonahala hore boitshwaro ba Pauluse bo ile ba etsa hore a hlomphuwe ke ba bang ba boholong mmusong wa Efese, ke ka hoo ba neng ba labalabela ho mo sireletsa. (Dik. 19:​31) E se eka le rona ho tshepahala le ho hlompha ha rona ho ka kgahla ba re bonang. Re ke ke ra tseba hore na diphello tsa seo e tla ba dife.

20. (a) O ikutlwa jwang ka tsela eo lentswe la Jehova le ileng la hlola ka teng lekgolong la pele la dilemo le ka moo le hlolang ka teng kajeno? (b) O ikemiseditse ho etsang ha Jehova a ntse a hlola mehleng ya rona?

20 Na ha ho re thabise ho bona ka moo ‘lentswe la Jehova le ileng la nna la hola le ho hlola ka teng’ lekgolong la pele la dilemo? Ho a thabisa ho bona ka moo Jehova a entseng hore re hlole ka tsela e tshwanang kajeno. Na o ka thabela ho ba le tlotla ya ho nka karolo le ha e ka ba e nyenyane tlholong ee? Haeba ho jwalo, ithute mehlaleng eo re e tshohlileng. Dula o ikokobeditse, o latele tataiso ya mokgatlo o hlophisitsweng wa Jehova o hatelang pele, o tswele pele ho sebetsa ka thata, o qobe tshebedisano le meya mme o etse sohle seo o ka se kgonang hore o fane ka bopaki bo botle ka ho tshepahala le ho hlompha.

a Sheba lebokose la sehlooho se reng “Efese, Motsemoholo wa Asia.”

b Pauluse o ile a boela a ngola 1 Bakorinthe ha a le Efese.

c Mohlomong masela ao e ne e le disakatuku tseo Pauluse a neng a di fasa phatleng hore mofufutso o se ke wa kena ka mahlong. Hore ebe Pauluse o ne a apara diforeskoto nakong ena ho bolela hore e ka nna yaba o ne a sebetsa ka thata mosebetsing wa hae wa ho etsa ditente ha a sa bolele ditaba tse monate, mohlomong a o etsa hoseng haholo.​—Dik. 20:​34, 35.

d Luka o re di ne di ja dikotwana tse 50 000 tsa silevera. Haeba o ne a bua ka denari, sena se bolela hore mehleng eo, haeba motho o ne a sebetsa matsatsi a supileng ka beke, o ne a lokela ho sebeletsa tjhelete eo ka matsatsi a 50 000 e leng dilemo tse ka bang 137.

e Ba bang ba re Pauluse o ne a bua ka ketsahalo ena ha a re ho Bakorinthe, “re ne re bile re sa kgodiseha hore na re tla phela kapa tjhe.” (2 Bakor. 1:8) Le ha ho le jwalo, mohlomong o ne a nahanne boemo bo bong bo neng bo le kotsi ho feta bona. Ha Pauluse a re “ke lwanne le dibata Efese,” mohlomong o ne a bua ka diphoofolo tse hlaha lebaleng la dipapadi kapa a bolela batho ba neng ba mo hanyetsa. (1 Bakor. 15:​32) Ho ka etsahala hore o ne a bolela dibata tsa sebele kapa tsa tshwantshetso.

f Mekgatlo ena ya barekisi e ne e le matla haholo. Ka mohlala, hoo e ka bang dilemo tse lekgolo ha morao, mokgatlo wa batho ba bakang mahobe o ile wa baka moferefere o kang ona Efese.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share