KGAOLO YA 28
“Le Karolong e Holehole ya Lefatshe”
Dipaki Tsa Jehova di ntshetsa pele mosebetsi wa boboledi o qadilweng ke balatedi ba Jesu Kreste dilemo tse 2000 tse fetileng
1. Bakreste ba lekgolong la pele la dilemo ba tshwana ka ditsela dife le Dipaki Tsa Jehova kajeno?
BA ILE ba paka ka tjheseho. Dipelo tsa bona di ile tsa ba susumelletsa hore ba amohele thuso le tataiso ya moya o halalelang. Mahloriso ha a ka a ba kwala melomo mme Modimo o ile a ba hlohonolofatsa haholo. Sena sohle se ile sa etsahalla Bakreste ba pele mme se etsahalla le Dipaki Tsa Jehova kajeno.
2, 3. Ke eng e ikgethang haholo ka buka ya Diketso?
2 Ha ho pelaelo hore diketsahalo tse thahasellisang le tse matlafatsang tumelo tse bukeng ya Bibele ya Diketso Tsa Baapostola di o kgothaditse. Ke lengolo le ikgethang hara mangolo a mang a Bibele hobane ke lona feela le buang ka seo Bakreste ba lekgolong la pele la dilemo ba ileng ba se etsa ka mora hore Jesu a kgutlele lehodimong.
3 Buka ya Diketso e bua ka batho ba 95 ba tswang dinaheng tse 32, metseng e 54 le dihlekehlekeng tse 9. Ke buka e hlollang e buang ka batho ba tlwaelehileng, ditho tsa bodumedi tse ikgohomosang, boradipolotiki ba makoko le bahlorisi ba sehloho. Ka hodima tsohle e bua ka bara le baradi beno ba lekgolong la pele la dilemo ba neng ba ena le mathata a tlwaelehileng ebile e le baboledi ba tjhesehang ba ditaba tse monate.
4. Ke hobaneng ha re ikutlwa re atamelane ka tsela e kgethehileng le batho ba tshwanang le moapostola Pauluse, Tabitha le dipaki tse ding tse tshepahalang tsa mehleng ya kgale?
4 Bahlanka ba bang ba Jehova ba tshepahalang ba neng ba akareletsa moapostola Petrose le moapostola Pauluse ba tjhesehang, ngaka e ratwang Luka, Barnabase ya fanang, Setefane ya sebete, Tabitha ya pelo e ntle, Lydia ya ratang baeti hammoho le dipaki tse ding tse tshepahalang ba phetse dilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng. Le ha ho le jwalo, re ikutlwa re atamelane le bona ka tsela e kgethehileng. Hobaneng? Hobane re etsa mosebetsi o tshwanang le wa bona wa ho etsa barutuwa. (Mat. 28:19, 20) Ruri ke tlotla e kgolo ho kenya letsoho mosebetsing ona.
“. . . le karolong e holehole ya lefatshe.”—Diketso 1:8
5. Balatedi ba pele ba Jesu ba ile ba qala ho bolela ditaba tse monate hokae?
5 Nahana ka mosebetsi oo Jesu a o fileng balatedi ba hae. O ile a re: “Ha le fumana moya o halalelang, le tla ba le matla mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, dibakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e holehole ya lefatshe.” (Dik. 1:8) Pele, moya o halalelang o ile wa matlafatsa barutuwa hore e be dipaki “Jerusalema.” (Dik. 1:1–8:3) Ka mora moo, ka tataiso ya moya oo o halalelang ba ile ba paka “Judea le Samaria.” (Dik. 8:4–13:3) Yaba ba qala ho bolela ditaba tse monate le “karolong e holehole ya lefatshe.”—Dik. 13:4–28:31.
6, 7. Ke dintho dife tseo re nang le tsona tse re thusang ho etsa mosebetsi wa boboledi tseo Bakreste ba lekgolo la pele la dilemo ba neng ba se na tsona?
6 Bara le baradi beno ba lekgolong la pele la dilemo ba ne ba se na Bibele esita le ha e se e le kopi feela ya Bibele kapa dingolwa tse fapafapaneng tseo ba ka di sebedisang ha ba etsa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate. Kosepele ya Matheu e bile teng hoo e ka bang ka 41 C.E. Pauluse o ile a ngola mangolo a mang a hae pele buka ya Diketso e qetwa hoo e ka bang ka 61 C.E. Pele Bakreste ba Bajuda e eba balatedi ba Jesu, ba ne ba utlwile ha Mangolo a Seheberu a balwa ka sinagogeng. (2 Bakor. 3:14-16) Empa le bona ba ne ba lokela hore e be baithuti ba kgothetseng hobane mohlomong ba ne ba lokela ho qotsa ditemana ka hlooho.
7 Kajeno, bongata ba rona re na le Bibele le dingolwa tse ngata tse thehilweng Bibeleng. Re etsa batho hore e be barutuwa ka hore re phatlalatse ditaba tse monate ka dipuo tse ngata dinaheng tse fetang 240.
Re Matlafatswa ke Moya o Halalelang
8, 9. (a) Moya o halalelang o ile wa thusa barutuwa ba Jesu hore ba etseng? (b) Moya wa Modimo o thusa mohlanka ya tshepahalang hore a etseng?
8 Ha Jesu a laela barutuwa ba hae hore e be dipaki, o ile a re ho bona: “Ha le fumana moya o halalelang, le tla ba le matla.” Moya o halalelang wa Modimo kapa matla a hae a sebetsang, o ne o tla thusa balatedi ba Jesu hore e be dipaki lefatsheng lohle. Petrose le Pauluse ba ile ba fodisa batho ba kulang, ba leleka bademona mme ba tsosa le bafu ka thuso ya moya o halalelang. Le ha ho le jwalo, moya ona o halalelang o ile wa fa baapostola le barutuwa ba bang matla a ho etsa mosebetsi wa bohlokwa le ho feta, e leng wa ho ruta batho nnete e tla ba thusa hore ba fumane bophelo bo sa feleng.—Joh. 17:3.
9 Ka letsatsi la Pentekonta ya 33 C.E., barutuwa ba Jesu ba ile ba bua “dipuo tse fapaneng ho ya ka moo moya o neng o ba tataisa ka teng.” Ka hoo, ba ile ba kgona ho paka ka “mesebetsi e meholo ya Modimo.” (Dik. 2:1-4, 11) Ke nnete hore kajeno ha re bue dipuo tse fapaneng ka mohlolo. Le ha ho le jwalo, moya wa Modimo o thusa mohlanka ya tshepahalang ho hatisa dingolwa tse thehilweng Bibeleng ka dipuo tse ngata. Ka mohlala, kgwedi le kgwedi ho hatiswa dimakasine tse dimilione tsa Tora ya ho Lebela le Fadimehang! mme websaeteng ya rona ya jw.org ho fumaneha dingolwa le divideo tse thehilweng Bibeleng ka dipuo tse fetang 1000. Sena sohle se re nolofalletsa hore re phatlalatse “mesebetsi e meholo ya Modimo” bathong ba ditjhaba, merabe le maleme ohle.—Tshen. 7:9.
10. Ho tloha ka 1989, ke eng se nnileng sa etswa mabapi le ho fetolela Bibele?
10 Ho tloha ka 1989 mohlanka ya tshepahalang o ile a etsa bonnete ba hore ho hatiswa Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Mangolo a Halalelang ka dipuo tse ngata. Bibele ena e se e fetoletswe ka dipuo tse fetang 200, ho se ho hatisitswe tse fetang dimilione tse 240 mme ho sa ntse ho tla hatiswa tse ding tse eketsehileng. Ke Modimo feela ya entseng hore mosebetsi ona o atlehe a sebedisa moya wa hae o halalelang.
11. Ho finyeletswe eng mosebetsing wa phetolelo wa Dipaki Tsa Jehova?
11 Mosebetsi wa phetolelo o etswa ke baithaopi ba dikete ba Dipaki Tsa Jehova ba tswang dinaheng tse fetang 150. Sena ha se makatse hobane ona ke wona feela mokgatlo o tataiswang ke moya o halalelang lefatsheng ka bophara, hore o fane ka “bopaki bo hlakileng” ka Jehova Modimo, Morena wa hae eo e leng Mesia le ka Mmuso o hlonngweng lehodimong.—Dik. 28:23.
12. Pauluse le Bakreste ba bang ba ile ba kgona jwang ho etsa mosebetsi wa ho paka?
12 Ha Pauluse a pakela Bajuda le Baditjhaba Antioke ya Pisidia, “bohle bao dipelo tsa bona di neng di ba susumetsa hore ba amohele lentswe le fanang ka bophelo bo sa feleng [e ile] ya eba badumedi.” (Dik. 13:48) Ha Luka a phethela buka ena ya Diketso, o re Pauluse o ile a ‘bolela ka Mmuso wa Modimo . . . ka sebete a sa sitiswe ke letho.’ (Dik. 28:31) Pauluse o ne a paka a le hokae? O ne a le Roma e leng motsemoholo wa mmuso o neng o le matla wa lefatshe. Ebang balatedi ba Jesu ba lekgolong la pele la dilemo ba ne ba bolela ditaba tse monate ka ho buisana le batho kapa ka ditsela tse ding, ba ne ba thuswa le ho tataiswa ke moya o halalelang.
Ho Tiisetsa Hara Mahloriso
13. Ke hobaneng ha re lokela ho rapela ha re hloriswa?
13 Ha barutuwa ba Jesu ba lekgolong la pele la dilemo ba hloriswa, ba ile ba kopa Jehova ka matla hore a ba fe sebete. Phello e ile yaba efe? Ba ile ba tlala moya o halalelang mme ba fuwa matla a ho bolela lentswe la Modimo ka sebete. (Dik. 4:18-31) Le rona re rapella bohlale le matla a ho tswela pele re paka ho sa tsotellehe mahloriso. (Jak. 1:2-8) Ka ha Modimo wa re hlohonolofatsa mme moya wa hae o a re thusa, re tswela pele ho bolela ditaba tse monate. Ha ho letho le ka sitisang mosebetsi wa ho paka, ebang ke kganyetso e matla kapa mahloriso a sehloho. Ha re hloriswa, ruri re lokela ho rapella moya o halalelang, bohlale le sebete sa hore re bolele ditaba tse monate.—Luka 11:13.
14, 15. (a) “Mahloriso a qadileng ka mora lefu la Setefane” a ile a fella ka eng? (b) Ho tlile jwang hore batho ba bangata ba ithute nnete Siberia mehleng ee?
14 Setefane o ile a fana ka bopaki ka sebete pele dira tsa hae di mo bolaya. (Dik. 6:5; 7:54-60) Ka lebaka la ‘mahloriso a maholo’ a ileng a ba teng ka nako eo, barutuwa bohle ntle le baapostola ba ile ba hasana ho pholletsa le Judea le Samaria. Feela seo ha se a ka sa emisa mosebetsi wa ho paka. Filipi o ile a ya Samaria ho ya “bolella batho ka Kreste” mme mosebetsi wa hae o ile wa beha ditholwana tse ntle. (Dik. 8:1-8, 14, 15, 25) Ho feta moo, ho thwe: “Barutuwa ba neng ba hasane ka lebaka la mahloriso a qadileng ka mora lefu la Setefane ba ile ba hasana ho ya fihla Foenisia, Saeprase le Antioke empa ba ne ba bua le Bajuda feela ka lentswe la Modimo. Le ha ho le jwalo, hara bona ho ne ho ena le bana ba bo rona ba Saeprase le Saerene ba ileng ba tla Antioke mme ba bua le batho ba buang Segerike, ba ba bolella ditaba tse monate ka Morena Jesu.” (Dik. 11:19, 20) Ka nako eo, mahloriso a ile a etsa hore molaetsa wa Mmuso o phatlalatswe.
15 Ho ile ha etsahala se tshwanang Soviet Union. Dilemong tsa bo 1950, Dipaki Tsa Jehova tse dikete di ile tsa iswa Siberia. Ka ha di ne di hasane metseng e fapafapaneng, ditaba tse monate di ile tsa tswela pele ho bolelwa sebakeng seo se seholo. Ho hang Dipaki tse ngata jwalo di ne di ke ke tsa kgona ho ba le tjhelete ya ho palama hore di e ilo bolela ditaba tse monate sebakeng se bohole ba dikhilomithara tse ka bang 10 000. Le ha ho le jwalo, mmuso ke wona o ileng wa di isa sebakeng seo se hole. Mora e mong wabo rona o ile a re: “Ho ileng ha etsahala ke hore ba boholong ka bobona ba ile ba nolofaletsa batho ba dikete ba Siberia ba dipelo di ntle hore ba tsebe nnete.”
Jehova o ba Hlohonolofatsa Haholo
16, 17. Buka ya Diketso e bontsha jwang hore Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi wa ho paka?
16 Ruri Jehova o ile a hlohonolofatsa Bakreste ba lekgolong la pele la dilemo. Pauluse le ba bang ba ile ba lema mme ba nosetsa, “empa Modimo a nna a hodisa.” (1 Bakor. 3:5, 6) Buka ya Diketso e bontsha hore kgolo e jwalo e ile ya eba teng hobane Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi wa ho paka. Ka mohlala, “lentswe la Modimo [le ile] la nna la tsebahala mme barutuwa ba [ile ba] eketseha haholo Jerusalema.” (Dik. 6:7) Ha mosebetsi wa ho paka o ntse o eketseha “barutuwa bohle ba Judea, Galilea le Samaria ba [ile ba] eba le kgotso mme ba matlafala. Ha ba ntse ba tsamaya ditseleng tsa Jehova ebile ba kgothatswa ka moya o halalelang, ba nna ba eketseha.”—Dik. 9:31.
17 Bajuda le batho ba buang Segerike ba ile ba utlwa nnete ho dipaki tse sebete tsa Antioke ya Siria. Bibele e re: “Jehova o ne a ba tsheheditse mme batho ba bangata ba ile ba dumela ho Morena.” (Dik. 11:21) Mabapi le tswelopele e eketsehileng e ileng ya eba teng motseng oo, Bibele e re: “Lentswe la Jehova la nna la tsebahala mme batho ba bangata ya eba badumedi.” (Dik. 12:24) Hape, ka lebaka la mosebetsi wa Pauluse le ba bang wa ho pakela Baditjhaba ka ho phethahetseng, “Lentswe la Jehova la nna la hola le ho hlola ka lebaka la matla a hae.”—Dik. 19:20.
18, 19. (a) Re tseba jwang hore “letsoho la Jehova” le na le rona? (b) Fana ka mohlala o bontshang hore Jehova o tshehetsa batho ba hae.
18 Ha ho pelaelo hore “letsoho la Jehova” le na le rona kajeno. Ke ka lebaka leo batho ba bangata e bang badumedi mme ba bontsha boinehelo ba bona ho Modimo ka ho kolobetswa. Ho feta moo, ke ka thuso le tlhohonolofatso ya Modimo feela re kgonang ho mamella kganyetso e matla le mahloriso a matla mme re phethe tshebeletso ya rona ka katleho jwalo ka ha Pauluse le Bakreste ba bang ba lekgolong la pele la dilemo le bona ba ile ba etsa. (Dik. 14:19-21) Jehova Modimo o tla re thusa ka dinako tsohle hobane “matsoho a hae” a re tshehetsa ka mehla ditekong tsohle tsa rona. (Deut. 33:27) Hape, a re hopoleng hore le ka mohla Jehova a ke ke a lahla batho ba hae kgerehlwa ka lebaka la lebitso la hae le leholo.—1 Sam. 12:22; Pes. 94:14.
19 Ka mohlala, ka ha Morabo rona Harald Abt o ile a tswela pele a paka, Manazi a ile a mo isa kampong ya mahloriso ya Sachsenhausen nakong ya Ntwa ya II ya Lefatshe. Ka May 1942, sepolesa sa sekgukgu sa Gestapo se ile sa ya ha hae ho mosadi wa hae Elsa, sa nka moradinyana wa bona mme sa tshwara Elsa sa mo isa dikampong tse fapafapaneng. Moradi wa bo rona Abt o ile a re: “Dilemong tseo ke di qetileng dikampong tsa mahloriso tsa Jeremane, ke ile ka ithuta thuto e ikgethang ya hore moya wa Jehova o ka o matlafatsa haholo ha o le tlasa teko e matla. Pele ke tshwarwa, ke ne ke ile ka bala lengolo la moradi e mong wabo rona le neng le bolela hore tlasa teko e matla moya wa Jehova o o thusa hore o kgobe matshwafo. Ke ne ke nahana hore e tlameha ebe o feteletsa ditaba empa ha ke se ke hlahelwa ke diteko, ke ile ka hlokomela hore seo a neng a se bua ke nnete. Ke sona se hlileng se etsahalang. Ke ntho e thata ho e utlwisisa haeba e eso ka e o etsahalla empa ha ke ne ke tshwerwe ke ile ka bona hore ka nnete moya wa Modimo o ka o thusa hore o kgobe matshwafo.”
Tswela Pele o Fana ka Bopaki bo Hlakileng
20. Pauluse o ile a etsang ha a ntse a le ditlamong, hona see se ka kgothatsa bara le baradi ba bang ba bo rona jwang?
20 Ha buka ya Diketso e dihela dikgala e re Pauluse o ile a ‘bolela ka Mmuso wa Modimo’ ka tjheseho. (Dik. 28:31) Ka ha o ne a le ditlamong, o ne a se na bolokolohi ba ho paka ka ntlo le ntlo Roma. Ho sa tsotellehe seo, o ile a tswela pele a pakela bohle ba mo etelang. Kajeno, bara le baradi ba bang ba bo rona ba ratehang ba hloleha ho tswa ka tlung, mohlomong ha ba kgone le ho theoha betheng kapa ba dula mahaeng a batho ba hlokang tlhokomelo ka lebaka la botsofadi, ho kula kapa ho fokollwa ke bophelo. Le ha ho le jwalo, ba sa ntse ba rata Modimo haholo mme ba sa ntse ba ena le takatso e matla ya ho paka. Re a ba rapella mme re ka ba ra kopa hore Ntate wa rona ya lehodimong a ba thuse ho fumana batho ba batlang ho ithuta ka yena le ka merero ya hae e babatsehang.
21. Ke hobaneng ha re lokela ho hopola hore metsotso e se e jele babedi ha re etsa mosebetsi wa ho paka?
21 Bongata ba rona re kgona ho kopanela mosebetsing wa ntlo le ntlo le dikarolong tse ding tsa mosebetsi wa ho etsa barutuwa. Ka hoo e se eka e mong le e mong wa rona a ka etsa sohle seo a ka se kgonang ho etsa mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso, ka hore a fane ka bopaki ho isa “karolong e holehole ya lefatshe.” Re tlameha ho hopola hore metsotso e jele babedi ha re etsa mosebetsi ona, etswe pontsho ya ho ba teng ha Kreste e bonahala ka ho hlaka. (Mat. 24:3-14) Nako e se e lekane motinyane. Hona jwale re lokela hore re “dule [re] phathahane ka mosebetsi wa Morena.”—1 Bakor. 15:58.
22. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang ha re ntse re letetse letsatsi la Jehova?
22 Ha re ntse re letetse hore “letsatsi le leholo le le tshosang la Jehova le [fihle],” e se eka re ka ikemisetsa ho tswela pele re paka ka sebete le ka botshepehi. (Joele 2:31) Re sa ntse re tla fumana batho ba bangata ba jwalo ka Baberea ba ileng ba “amohela lentswe la Modimo ka dipelo tsohle.” (Dik. 17:10, 11) Ka hona, e se eka re ka paka ho fihlela re utlwa mantswe a reng: “O entse hantle, wena lekgoba le molemo le le tshepahalang.” (Mat. 25:23) Haeba re phetha karolo ya rona ka tjheseho mosebetsing wa ho etsa barutuwa kajeno mme re dula re tshepahala ho Jehova, ruri re tla thaba ka ho sa feleng hobane re bile le tlotla e kgolo ya ho fana ka “bopaki bo hlakileng” ka Mmuso wa Modimo.