Pina ea 15
Pōpo e Senola Khanya ea Jehova
Printed Edition
(Pesaleme ea 19)
1. Maholimo a roka Jehova.
Khanya ea hae k’e bona ho ’ona.
Ba bonolo ba rutoa ke ’ona
Leh’a ntse a khutsitse kamehla.
Ba bonolo ba rutoa ke ’ona
Leh’a ntse a khutsitse kamehla.
2. U bōpile le maseli ’ohle.
Ua beha meeli ea maoatle.
Pōpo ea hao ho motho k’e hlollang.
Re roka uena ea tšoanelehang.
Pōpo ea hao ho motho k’e hlollang.
Re roka uena ea tšoanelehang.
3. Melao ea hao eohle e hloekile.
Likhopotso tsa hao ke tsa ’nete.
Li feta ntho tsohle ka bohlokoa.
Re mpe re khomarele ho tsona.
Li feta ntho tsohle ka bohlokoa.
Re mpe re khomarele ho tsona.
(Sheba le Pes. 12:6; 89:7; 144:3; Bar. 1:20.)