Pina ea 70
“Nepisisa Lintho Tsa Bohlokoa Haholo”
1. Re tšoanela ho ba le temoho,
Re tsebe ntho tsa ’nete,
Re tsebe ntho tsa bohlokoa tseo re lokelang ho li etsa!
Ratang toka;
Hloeang bobe.
Thabisang Jah,
Le fumane thabo ea sebele.
Le ithute
Ho etsa lintho tsa bohlokoa.
2. Re bolele taba tse molemo,
Re thuse ba kang linku,
Ho fumana tsela ea bophelo,
Le ho tlotlisa ’Mōpi.
Re boleleng Taba tsena.
’Me re bontše
Hore re rata baahelani,
Re ba rute Litaba
tsena tsa bohlokoa!
3. Ha re etsa lintho tsa bohlokoa,
Tumelo e tla tiea.
Re be le khotso e khaphatsehang
Tšepo e tla ba matla.
Re fumane Le metsoalle,
Re e rate
Ka lerato le matla la ’nete.
Tsena ruri,
Ke tsona lintho tsa bohlokoa!
(Sheba le Pes. 97:10; Mat. 22:37; Joh. 21:15-17; Lik. 10:42.)