Pina ea 123
Balisa—Limpho Tseo e Leng Banna
Printed Edition
1. Jehova oa re hlokomela,
O re fa balisa.
Ba re tataisa ka mohlala,
Oa bona o motle.
(K’HORASE)
Molim’o re file balisa,
A re ke re ba tšepeng.
’Me ba amehile ka linku;
A re ke re ba rateng.
2. Ke balisa ba re tsotellang;
Ba re tataisang.
Leha re ka ba mahlomoleng,
Ba bua ka mosa.
(K’HORASE)
Molim’o re file balisa,
A re ke re ba tšepeng.
’Me ba amehile ka linku;
A re ke re ba rateng.
3. Ba re fa taeo ea Molimo,
Re eme re tiile.
Re luleng tseleng ea Molimo,
Re mo sebeletse.
(K’HORASE)
Molim’o re file balisa,
A re ke re ba tšepeng.
’Me ba amehile ka linku;
A re ke re ba rateng.
(Sheba le Esa. 32:1, 2; Jer. 3:15; Joh. 21:15-17; Lik. 20:28.)