LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • fg thuto 7 dipotso 1-5
  • Mmuso wa Modimo Keng?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mmuso wa Modimo Keng?
  • Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
  • Dintlha tse Ding
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Bibele e re Rutang?
  • Mmuso wa Modimo ke Eng?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Mmuso wa Modimo o Tlo Etsang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Nnete ka Mmuso wa Modimo
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2020
Tse Ding
Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
fg thuto 7 dipotso 1-5

THUTO 7

Mmuso wa Modimo ke Eng?

1. Mmuso wa Modimo ke Eng?

[Setshwantsho se leqepheng la 14]

Keng e etsang hore Jesu e be Morena ya loketseng?—MAREKA 1:40-42.

Mmuso wa Modimo ke puso e busang e le lehodimong. O tla nka sebaka sa mebuso e meng yohle mme o tla etsa hore thato ya Modimo e etsahalale lehodimong le lefatsheng. Ke ditaba tse molemo hore e be Modimo o tla sebedisa Mmuso wa hae ka tsela ena. Haufinyane, Mmuso oo o tla kgotsofatsa seo batho ba bangata ba se batlang, eleng ho ba le puso e molemo. O tla kopanya bohle ba phelang lefatsheng.—Bala Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10; 24:14.

Mmuso o tlameha ho ba le morena. Kahoo, Jehova o kgethile Mora wa hae, Jesu Kreste hore e be Morena wa Mmuso wa Hae.—Bala Tšenolo 11:15.

Shebella video e reng Mmuso wa Modimo Keng?

2. Ke hobaneng ha Jesu e le Morena ya loketseng?

Mora wa Modimo ke morena ya loketseng hobane o mosa ebile o emela se nepahetseng ka tiyo. (Johanne 1:14) Hape o na le matla a lekaneng hore a thuse batho hobane o tla busa lefatshe a le lehodimong. Ka mora hore a tsoswe, o ile a nyolohela lehodimong yaba o ema ka letsohong le letona la Jehova. (Baheberu 10:12, 13) Qetellong, Modimo o ile a mo fa matla a hore a qale ho busa.—Bala Daniele 7:13, 14.

3. Ke bomang ba tla busa le Jesu?

Sehlopha se bitswang “bahalaledi” se tla busa le Jesu lehodimong. (Daniele 7:27) Bahalaledi ba pele ba ileng ba kgethwa, ke baapostola ba tshepahalang ba Jesu. Ho fihlela jwale Jehova o ntse a kgetha banna le basadi ba tshepahalang hore e be bahalaledi. Ba tsoswa ka mmele wa moya jwaloka Jesu.—Bala Johanne 14:1-3; 1 Bakorinthe 15:42-44.

Ke batho ba bakae ba yang lehodimong? Jesu o itse ke “mohlatswana.” (Luka 12:32) Qetellong ba tla ba 144 000. Jesu o tla busa lefatshe le bona.—Bala Tšenolo 14:1.

4. Ho ile ha etsahalang ha Jesu a qala ho busa?

Mmuso wa Modimo o qadile ho busa ka 1914.a Ntho ya pele eo Jesu a ileng a e etsa ha e ba Morena, e bile ho dihela Satane le bademona ba hae lefatsheng. Satane o ile a halefa mme a qala ho baka dikgathatso lefatsheng lohle. (Tšenolo 12:7-10, 12) Ho tloha nakong eo, bomadimabe ba batho bo ile ba eketseha haholo. Dintwa, tlala, malwetse le ditshisinyeho tsa lefatshe, kaofela ke karolo ya “pontsho” ya hore haufinyane Mmuso wa Modimo o tla laola lefatshe.—Bala Luka 21:7, 10, 11, 31.

5. Mmuso wa Modimo o tla etsetsa batho eng?

Ka mosebetsi wa boboledi o etswang lefatsheng lohle, Mmuso wa Modimo o kopanya batho ba bangata haholo ba ditjhaba tsohle. Batho ba bonolo ba dimilione ba kgetha ho buswa ke Jesu. Mmuso wa Modimo o tla ba sireletsa ha o timetsa puso e kgopo e busang lefatsheng hona jwale. Kahoo, bohle ba batlang ho fumana molemo Mmusong wa Modimo ba lokela ho ithuta ho mamela Jesu.—Bala Tšenolo 7:9, 14, 16, 17.

Ka dilemo tse 1 000 feela, Mmuso ona o tla finyella seo Modimo a neng a se batlela batho ho tloha tshimolohong. Lefatshe lohle e tla ba paradeise. Qetellong, Jesu o tla busetsa Mmuso ho Ntate wa hae. (1 Bakorinthe 15:24-26) Na ho na le motho eo o mo tsebang eo o ka ratang ho mo bolella ka Mmuso wa Modimo?—Bala Pesaleme ya 37:10, 11, 29.

E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng, sheba kgaolo ya 8 le ya 9 bukeng ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

a E le hore u fumane dintlha tse eketsehileng mabapi le hore na boprofeta ba Bibele bo hlalosa 1914 jwang, sheba leqephe la 215-218 bukeng ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share