THUTO 8
Ke Hobaneng ha Modimo a Dumella Bobe le Mathata?
1. Bobe bo qadile jwang?
Nako eo Modimo a dumeletseng batho hore ba ipuse ka yona e lekane hore ho bonahale hore ba hlolehile ho itharollela mathata
Bobe bo qadile lefatsheng nakong ya ha Satane a bua leshano la pele. Qalong Satane e ne e le lengeloi le phethahetseng, empa “ha aa ka a ema a tiile nneteng.” (Johanne 8:44) O ile batla borapedi boo ka tshwanelo bo lokelang ho iswa ho Modimo feela. Satane o ile a thetsa mosadi wa pele e leng Eva mme a mo susumelletsa hore a mamele yena ho e na le ho mamela Modimo. Adama o ile a hloleha ho mamela Modimo mme a mamela Eva . Qeto ya Adama e ile ya fella ka mathata le lefu.— Bala Genese 3:1-6, 19.
Ha Satane a kgothalletsa Eva hore a se ke a mamela Modimo, o ile a qala ho fetohela bobusi ba Modimo, kapa a fetohela boemo ba Molimo jwaloka ya Phahameng ka ho Fetisisa. Batho ba bangata ba latetse Satane kaha ha ba batle hore Modimo a ba buse. Kahoo, Satane o fetohile “mmusi wa lefatshe.”—Bala Johanne 14:30; 1 Johanne 5:19.
2. Na popo ya Modimo e ne e na le phoso?
Mesebetsi yohle ya Modimo e phethahetse. Modimo o bopile batho le mangeloi ba na le bokgoni ba ho mo mamela ka tsela e phethahetseng. (Deuteronoma 32:4, 5) Modimo o re bopile re na le tokoloho ya ho ikgethela ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. Tokoloho ena e re fa monyetla wa hore re bontshe hore re rata Modimo.—Bala Jakobo 1:13-15; 1 Johanne 5:3.
3. Ke hobaneng ha Modimo a dumeletse mathata ho tla fihlela jwale?
Jehova o dumeletse hore ka nakwana ho be le bofetohedi kgahlanong le bobusi ba hae. Hobaneng? E le ho bontsha hore puso leha e le efe e mo behellang ka thoko, e ke ke ya tswela batho molemo. (Moeklesia 7:29; 8:9) Bopaki ba seo bo bonahetse ka mora dilemo tse 6 000 esale batho ba e ba teng. Babusi ba lefatshe ba hlolehile ho fedisa dintwa, tlolo ya molao, ho hloka toka le malwetse.—Bala Jeremia 10:23; Baroma 9:17.
Ho fapana le se etswang ke mebuso ya batho, batho ba fumana molemo pusong ya Modimo. (Esaia 48:17, 18) Haufinyane, Jehova o tla fedisa mebuso yohle ya batho. Ke batho ba kgethang ho buswa ke Modimo feela ba tla phela lefatsheng.—Esaia 11:9.—Bala Daniele 2:44.
Shebella video e reng Ke Hobaneng ha Modimo a Dumella Mathata?
4. Mamello ya Modimo e re fa monyetla wa hore re etseng?
Satane o boletse hore batho ba sebeletsa Jehova hobane ba shebile hore a ba etsetse ntho e itseng. Na o ka kgona ho shanofatsa taba eo? E o ka kgona! Mamello ya Modimo e re fa monyetla wa hore kaofela re bontshe hore na re kgetha ho buswa ke Modimo kapa ke batho. Re bontsha ka tsela eo re phelang ka yona hore na re kgetha mang.—Bala Jobo 1:8-12; Liproverbia 27:11.
5. Re ka bontsha jwang hore re batla ho buswa ke Modimo?
Tsela eo re phelang ka yona e ka bontsha hore na re batla ho buswa ke Modimo kapa tjhe
Re ka bontsha hore re batla ho buswa ke Modimo ka hore re phele tumellanong le bodumedi ba nnete bo thehilweng Lentsweng la Modimo, Bibele. (Johanne 4:23) Feela jwaloka Jesu, re ka hana ho buswa ke Satane ka hore re se ke ra kena dintweng le dipolotiking.—Bala Johanne 17:14.
Satane o sebedisa matla a hae ho etsa hore boitshwaro bo bobe le dintho tse kotsi di bonahale di thabisa. Haeba re hana ho etsa dintho tse jwalo, metswalle ya rona le ditho tse ding tsa lelapa di ka nna tsa re nyefola. (1 Petrose 4:3, 4) Kahoo re lokela ho kgetha. Na re tla tlwaelana le batho ba ratang Modimo? Na re tla mamela melao ya hae e bontshang hore o bohlale ebile o a re rata? Haeba re etsa jwalo, re tla bontsha hore Satane o ne a le leshano ha a re ha ho motho ya ka sebeletsang Modimo ha maemo a le thata.—Bala 1 Bakorinthe 6:9, 10; 15:33.
Lerato leo Modimo a ratang batho ka lona lea re tiisetsa hore bohloko le mathata di tla fela. Batho ba bontshang hore ba dumela sena ba tla thabela ho phela lefatsheng ka ho sa feleng.—Bala Johanne 3:16.