LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • fg thuto 13 dipotso 1-4
  • Ditaba Tse Molemo ke Dife ka Bodumedi?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ditaba Tse Molemo ke Dife ka Bodumedi?
  • Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
  • Dintlha tse Ding
  • Madumedi a Bohata a Sentse Modimo Lebitso Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • O ka Kgetholla Bodumedi ba Nnete Jwang?
    Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo!
fg thuto 13 dipotso 1-4

THUTO 13

Ditaba Tse Molemo ke Dife ka Bodumedi?

1. Na madumedi ohle a lokile?

Ho na le batho ba ratang nnete madumeding ohle. Ho a thabisa ho tseba hore Modimo o bona batho ba jwalo le hore o a ba kgathalla. Empa ka maswabi, bodumedi bo nnile ba sebedisetswa dintho tse mpe. (2 Bakorinthe 4:3, 4; 11:13-15) Ho ya ka ditlaleho tsa ditaba, madumedi a mang a ameha diketsong tsa bokgukguni, ditlhaselong tse reretsweng ho timetsa merabe e meng, dintweng le tlhekefetsong ya bana. Batho ba dumelang ho Modimo e le kannete ba utlwiswa bohloko ke diketso tsena.—Bala Matheu 24:3-5, 11, 12.

Bodumedi ba nnete bo tlotlisa Modimo empa ba bohata bona ha bo mo kgahlise. Bo ruta dikgopolo tse siyo ka Bibeleng, tse akarelletsang ho ruta leshano ka Modimo le ka bafu. Empa Jehova o batla hore batho ba tsebe nnete ka yena.—Bala Ezekiele 18:4; 1 Timothea 2:3-5.

2. Ditaba tse molemo ke dife ka bodumedi?

Taba e thabisang ke hore Modimo a ke ke a thetswa ke madumedi a ipolelang hore a mo rata empa ha e le hantle a rata dintho tse mpe tse etswang lefatsheng lena la Satane. (Jakobo 4:4) Lentswe la Modimo le re madumedi ohle a bohata ke “Babylona e Moholo.” Babylona e ne e le motse wa boholoholo oo ho ona bodumedi ba bohata bo qadileng teng ka mora Morwallo wa mehleng ya Noe. Haufinyane Modimo o tla timetsa ka tshohanyetso bodumedi bona bo thetsang le ho hatella batho.—Bala Tšenolo 17:1, 2, 5, 16, 17; 18:8.

Ho na le ditaba tse ding tse molemo. Jehova ha a lebala batho ba ratang nnete, ba ntseng ba kena dikereke tsa bohata tse lefatsheng. O kopanya batho bao ka ho ba ruta nnete.—Bala Mikea 4:2, 5.

3. Batho ba ratang nnete ba lokela ho etsang?

[Setshwantsho se leqepheng la 27]

Borapedi ba nnete bo thusa batho hore ba momahane.

Jehova o kgathalla batho ba ratang nnete le toka. O ba kgothalletsa hore ba tswe bodumeding ba bohata. Batho ba ratang Modimo ba ikemiseditse ho fetoha e le hore ba mo kgahlise.—Bala Tšenolo 18:4.

Mehleng ya baapostola, batho ba ratang nnete ba ile ba thaba ha ba utlwa ditaba tse molemo ho baapostola. Jehova o ile a ba ruta hore ba phele ka tsela e molemo, e leng ho phela ba thabile, ba tseba hore na ba phelelang ebile ba na le tshepo. Ba re behetse mohlala o motle, hobane ba ile ba amohela ditaba tse molemo mme ba etsa hore Jehova e be wa bohlokwa bophelong ba bona.—Bala 1 Bathesalonika 1:8, 9; 2:13.

Jehova o amohela batho ba furallang bodumedi ba bohata ka lapeng la hae. Haeba o amohela ho mengwa ke Jehova, o tla ba motswalle wa hae, o be setho sa lelapa le lerato la barapedi ba hae, mme o fumane bophelo bo sa feleng.—Bala Mareka 10:29, 30; 2 Bakorinthe 6:17, 18.

4. Modimo o tla etsa jwang hore ho be le thabo naheng e nngwe le e nngwe?

Kahlolo e tlang ya borapedi ba bohata ke ditaba tse molemo. E tla lokolla batho bohle kgatellong. Le ka mohla bodumedi ba bohata bo ke ke ba hlola bo kgelosa batho le ho ba arola. Batho bohle ba phelang ka nako eo ba tla kopanngwa borapeding bo le bong feela ba Modimo wa nnete.—Bala Tšenolo 18:20, 21; 21:3, 4.

E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng, sheba kgaolo ya 15 le 16 bukeng ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share