LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • T-35 maq. 1-4
  • Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
  • Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
  • Dintlha tse Ding
  • O nahana hore bokamoso bo tla ba jwang?
    O Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Jwang?
  • Na mahlomola a tla ke a fele?
    Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
  • Ha e le hantle ke mang ya busang lefatshe?
    Ha e le hantle ke mang ya busang lefatshe?
  • Mmuso wa Modimo ke Eng?
    Mmuso wa Modimo ke Eng?
Tse Ding
Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?
T-35 maq. 1-4
Batswadi ba shebile difoto tsa moradi wa bona e monyenyane ya hlokahetseng

Na ruri bafu ba ka boela ba phela?

O ka araba potso ee jwang? Ka . . .

  • e?

  • tjhe?

  • kapa ka mohlomong?

BIBELE YONA E RENG?

“Modimo o tla tsosa batho.”—Diketso 24:15, Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

HO TSEBA SEE HO KA O THUSA JWANG?

Ho ka o tshedisa ha o shwelwa ke batho bao o ba ratang.—2 Bakorinthe 1:3, 4.

Ho ka o lokolla hore o se ke wa tshaba ho shwa.—Baheberu 2:15.

Ho ka o fa tshepo ya hore baratuwa ba hao ba tla phela hape.—Johanne 5:28, 29.

Lelapa le mohlolohadi ba tshediswa ke tshepo ya tsoho

NA RE KA DUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mararo:

  • Modimo ke Mmopi. Bibele e re Jehova Modimo ke “mohlodi wa bophelo.” (Pesaleme ya 36:9; Diketso 17:24, 25) Ka ha ke yena ya fileng dibopuwa tsohle bophelo, o na le matla a ho tsosa bafu.

  • Modimo o ile a tsosa bafu nakong e fetileng. Bibele e bua ka batho ba robedi ba ileng ba tsoswa bafung—bao e neng e le bana, e le batho ba baholo, e le banna le basadi—hona mona lefatsheng. Ba bang ba ne ba sa tswa hlokahala, empa e mong o ne a qetile matsatsi a mane ka lebitleng.—Johanne 11:39-44.

  • Modimo o labalabela ho boela a tsosa bafu. Jehova o hloile lefu, o le tadima e le sera. (1 Bakorinthe 15:26) O hlolohelwa ho hlola sera seo, ho fedisa lefu ka hore a tsose bafu. O labalabela ho tsosa ba mohopolong wa hae le ho ba bona ba phela hape lefatsheng.—Jobo 14:14, 15.

O KA NNA WA IPOTSA

Kgolo ya moshanyana ho tloha boseeng ho ya botsofading

Ke hobaneng ha re tsofala ebile re shwa?

Bibele e araba potso ena ho GENESE 3:17-19 le ho BAROMA 5:12.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share