LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • kr kgao. 2 maq. 13-29
  • Mmuso o Thehwa Lehodimong

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mmuso o Thehwa Lehodimong
  • Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • “Lenqosa la ka . . . le Tla Hleka Tsela ka Pela Ka”
  • Ho Rapela ka Nnete
  • “Tswang ho Yena, Setjhaba sa Ka”
  • Ho Bokana Bakeng sa Borapedi
  • Ho Tjheseha Boboleding
  • Mmuso wa Modimo o a Thehwa!
  • Nako ya Teko
  • Nako ya ho Tsosoloswa!
  • Morena o Kgantsha Lesedi la Mmuso
    Mmuso wa Modimo o a Busa!
Mmuso wa Modimo o a Busa!
kr kgao. 2 maq. 13-29

KGAOLO YA 2

Mmuso o Thehwa Lehodimong

NTLHAKGOLO YA KGAOLO

Kamoo Modimo a ileng a etsa hore batho ba hae ba itokisetse ho thehwa ha Mmuso

1, 2. Ke ketsahalo efe e kgolo ka ho fetisisa e ileng ya etsahala lefatsheng, hona ke hobaneng ha ho sa makatse hore ebe batho ha ba a ka ba bona ha e etsahala?

NA O kile wa ipotsa hore na ho ka be ho bile jwang ho phela nakong eo ho ileng ha e ba le diphetoho tse kgolo haholo historing? Batho ba bangata ba a ipotsa. Empa nahana: Haeba o ne o ile wa phela nakong eo ya bohlokwa, na o ka be o ile wa bona diketsahalo tse ka sehloohong tse ileng tsa tlisa phetoho eo? Mohlomong o ka be o sa di bona. Hangata diketsahalo tse tlisang diphetoho bophelong ba batho, tse kang ho fediswa ha mebuso, di etsahala batho ba bangata ba sa tsebe ba bile ba sa bone. Leha ho le jwalo, diphetoho tseo di ama batho ba dimilione.

2 Ho thweng ka ketsahalo e kgolo ka ho fetisisa e ileng ya etsahala lefatsheng? Ketsahalo eo e ile ya ama batho ba dimilione. Empa, batho ha ba a ka ba bona ha e etsahala. Ha e le hantle, re bua ka ho thehwa ha Mmuso wa Modimo lehodimong, e leng puso ya Kreste eo e leng kgale e tshepisitswe, eo haufinyane e tla fedisa mebuso yohle ya lefatshe. (Bala Daniele 2:34, 35, 44, 45.) Kaha ha ho motho ya ileng a bona ketsahalo eo ya bohlokwa, na re ka fihlela qeto ya hore Jehova o ne a sa batle hore batho ba tsebe ka yona? Kapa ho e na le hoo, na o ile a etsa hore batho ba hae ba tshepahalang ba itokisetse ketsahalo eo esale pele? A re boneng.

“Lenqosa la ka . . . le Tla Hleka Tsela ka Pela Ka”

3-5. (a) “Lenqosa la selekane” leo ho builweng ka lona ho Malakia 3:1 e ne e le mang? (b) Ho ne ho tla etsahalang pele “lenqosa la selekane” le ka tla tempeleng?

3 Ho tloha dinakong tsa boholoholo, Jehova o ile a nna a etsa hore batho ba hae ba itokisetse ho thehwa ha Mmuso wa Kreste. Ka mohlala, nahana ka boprofeta ba Malakia 3:1 bo reng: “Bonang! Ke romela lenqosa la ka, mme le tla hleka tsela ka pela ka. Ka tshohanyetso ho tla tla Morena wa nnete tempeleng ya hae, eo le mo batlang, le lenqosa la selekane leo le le thabelang.”

4 Mehleng ya kajeno, Jehova, “Morena wa nnete,” o ile a tla neng ho tla hlahloba ba neng ba sebeletsa lebaleng le lefatsheng la tempele ya hae ya tshwantsetso? Boprofeta bo bontsha hore Jehova o ne a tla tla le “lenqosa la selekane.” Lenqosa leo e ne e le mang? Ha ho e mong haese Morena eo Modimo a mo kgethileng, Jesu Kreste! (Luka 1:68-73) Jwaloka Mmusi ya neng a sa tswa behwa, o ne a tla hlahloba le ho hlwekisa batho ba Modimo lefatsheng.—1 Pet. 4:17.

5 Jwale, “lenqosa” le leng leo ho builweng ka lona pele ho Malakia 3:1 e ne e le mang? Lenqosa leo le ne le tla hlahella nako e telele pele Morena eo Modimo a mo kgethileng a e ba teng. Na ho na le motho ya ileng a “hleka tsela” ka pela Morena eo, dilemo tse mashome pele ho 1914?

6. Ke mang “lenqosa” leo ho profetilweng ka lona le ileng la tla pele ho lokisetsa batho ba Modimo dintho tse neng di tla etsahala?

6 Bukeng ena, re tla fumana dikarabo tsa dipotso tseo ha re ntse re ithuta ka histori e thabisang ya batho ba Jehova ba mehleng ena. Histori ena e bontsha hore bofelong ba dilemo tsa bo 1800, ho ile ha e ba le sehlopha se le seng se senyenyane sa batho ba tshepahalang bao e neng e le bona feela Bakreste ba nnete hara ba bangata ba bohata. Sehlopha seo se ile sa tsejwa e le Baithuti ba Bibele. Batho ba neng ba se etella pele, e leng Charles T. Russell le metswalle ya hae e haufi, ka sebele e ile ya e ba “lenqosa” leo ho profetilweng ka lona kaha ba ne ba ruta batho ba Modimo Mangolo mme ba ba lokisetsa dintho tse neng di tla etsahala. A re ke re hlahlobe ditsela tse nne tseo “lenqosa” le ileng la etsa seo ka tsona.

Ho Rapela ka Nnete

7, 8. (a) Dilemong tsa bo 1800, ke bomang ba ileng ba bontsha hore thuto ya hore moya ha o shwe ke leshano? (b) C. T. Russell le metswalle ya hae e haufi ba ile ba pepesa dithuto dife tse ding tsa leshano?

7 Baithuti ba Bibele ba ile ba rapela pele ba ithuta mme ba dumellana ka seo ba ithutileng sona yaba ba bokella dithuto tseo tsohle tsa nnete mme ba di printa. Ka dilemo tse makgolo Bokreste ba bohata bo ile ba ruta batho mashano ka Modimo kaha dithuto tse ngata tsa bona di ne di tswa boheteneng. Mohlala o ka sehloohong ke thuto ya hore moya ha o shwe. Leha ho le jwalo, dilemong tsa bo 1800, batho ba mmalwa ba tshepahalang ba neng ba ithuta Bibele, ba ile ba hlahloba thuto ena mme ba fumana hore ha e tswe Lentsweng la Modimo. Henry Grew, George Stetson le George Storrs, ba ile ba ngola le ho fana ka dipuo ka sebete, ba bontsha hore dithuto tseo tsa Satane ke leshano.a Seo ba ileng ba se ngola se ile sa ama C. T. Russell le metswalle ya hae haholo.

8 Sehlopha se senyenyane sa Baithuti ba Bibele se ile sa fumana hore dithuto tse ding tse amanang le thuto ya hore moya ha o shwe, tse kang thuto ya hore batho bohle ba lokileng ba ya lehodimong kapa ya hore Modimo o hlokofatsa meya ya batho ba kgopo mollong o sa feleng wa dihele, di ne di ferekanya ebile e le leshano. Russell le metswalle ya hae e haufi ba ile ba bontsha hore dithuto tseo ke mashano, ka hore ba ngole dihlooho tse ngata, dibuka, dipampitshana le hore ba fane ka dipuo tse ileng tsa phatlalatswa dikoranteng.

9. Makasine ya Zion’s Watch Tower e ile ya bontsha jwang hore thuto ya Boraro bo bong ke leshano?

9 Ka ho tshwanang, Baithuti ba Bibele ba ile ba bontsha hore thuto ya Boraro bo bong, e neng e hlomphuwa haholo, e ne e le leshano. Ka 1887, Zion’s Watch Tower e ile ya re: “Mangolo a bolela ka ho hlaka hore Jehova le Morena Jesu ke batho ba babedi ba fapaneng mme a hlalosa hore na ha e le hantle ba amana jwang.” Sehlooho seo se ile sa bontsha hore ho a makatsa hore ebe “kgopolo ya Boraro bo bong, e leng Modimo a le mong ho ba bararo empa ka nako e tshwanang e le medimo e meraro ho a le mong, e ile ya ata hakaalo mme batho ba e dumela. Empa taba ya hore e atile ebile e ya amohelwa e bontsha kamoo kereke e neng e robetse kateng ha sera se ntse se e thatela ka dithuto tse fosahetseng.”

10. Makasine ya Watch Tower e ile ya bontsha jwang hore 1914 e ne e le selemo sa bohlokwa?

10 Jwalokaha lebitso la yona, e leng Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence le bontsha, makasine ena e ne e amehile ka ho teba ka boprofeta bo mabapi le ho ba teng ha Kreste. Batlotsuwa ba tshepahalang ba ileng ba ngola makasine eo ba ile ba hlokomela hore boprofeta ba Daniele bo mabapi le “dinako tse supileng,” bo ne bo amana le nako ya ho phethahala ha merero ya Modimo mabapi le Mmuso wa Kreste. Ho tloha dilemong tsa bo 1870, ba ile ba tshwaya 1914 e le selemo seo dinako tseo tse supileng di neng di tla fela ka sona. (Dan. 4:25; Luka 21:24) Le hoja barababo rona ba nakong eo ba ne ba sa utlwisise ka botlalo bohlokwa ba selemo seo, ba ile ba phatlalatsa seo ba neng ba se tseba mme le kajeno re ntse re bona diphello tsa seo ba ileng ba se phatlalatsa.

11, 12. (a) Morabo rona Russell o ile a isa tlotla ho mang ka seo a neng a se ruta? (b) Mosebetsi o neng o etswa ke Russell le metswalle ya hae e ne e le wa bohlokwa hakae dilemong tse mashome pele ho 1914?

11 Russell kapa metswalle ya hae, ha ba a ka ba ithorisa ka hore ke bona ba fumaneng dinnete tseo tsa bohlokwa tse tswang ho modimo le hore ba a di utlwisisa. Russell o ile a hlokomela hore ba utlwisisitse dinnete ka lebaka la batho ba di fumaneng pele ho bona. Ha bohlokwa le ho feta, o ile a isa tlotla ho Jehova Modimo, ya rutang batho ba Hae seo ba lokelang ho se tseba, ka nako e loketseng. Ho hlakile hore Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba Russell le metswalle ya hae ba ho kgetholla nnete dithutong tsa leshano. Ha dilemo di ntse di e ya ba ile ba kgaotsa ho etsa dintho tse neng di etswa ke Bokreste ba bohata.

Morabo rona Russell le metswalle ya hae ba ne ba buella dinnete tsa Bibele

12 Mosebetsi oo banna bao ba tshepahalang ba ileng ba o etsa ha ba buella dithuto tsa nnete dilemong tse mashome pele ho 1914, ka sebele o ne o thabisa! Morao kwana The Watch Tower and Herald of Christ’s Presence ya November 1, 1917, e ile ya re: “Batho ba bangata kajeno ha ba sa dula ba tshohile ka lebaka la dithuto tsa bohata tse kang hore batho ba sa mameleng Modimo ba ya diheleng . . . Dithuto tsa nnete tse thehilweng Bibeleng, tse qadileng ho rutwa dilemong tse fetang 40 tse fetileng, di ntse di pharalla butlebutle. E se neng, batho bohle ba tla be ba di tseba. Kahoo, mang kapa mang ya ka lekang ho sitisa ho pharalla ha tsona, o tla be a tswana le motho ya batlang nale moferong.”

13, 14. (a) “Lenqosa” le ile la lokisetsa Morena wa Mmuso o lehodimong jwang? (b) Re ka ithutang ho barababo rona ba phetseng dilemong tse fetang lekgolo tse fetileng?

13 Nahana ka sena: Na batho ba ka be ba ile ba itokisetsa ho ba teng ha Kreste haeba ba ne ba sa tsebe phapang pakeng tsa Jesu le Ntate wa hae, Jehova? Ka sebele ba ne ba ke ke! Hape ba ne ba ke ke ba itokisa haeba ba ne ba nahana hore bophelo ba ho se shwe ke mpho e fuwang batho bohle eseng feela balatedi ba mmalwa ba Kreste; kapa haeba ba ne ba nahana hore Modimo o hlokofatsa batho mollong wa dihele ka ho sa feleng ba se na tshepo ya ho pholoha! Ntle ho pelaelo, “lenqosa” le ile la lokisetsa Morena wa Mmuso o lehodimong tsela!

14 Rona re lokela ho etsang kajeno? Re ka ithutang ho barababo rona ba mehleng ya kgale? Le rona re lokela ho ba babadi le baithuti ba hlwahlwa ba Lentswe la Modimo. (Joh. 17:3) Kaha batho ba phathahane ka dintho tse se nang thuso, mme ha ba na nako ya ho ithuta nnete, e se eka rona re ka labalabela ho ithuta nnete!—Bala 1 Timothea 4:15.

“Tswang ho Yena, Setjhaba sa Ka”

15. Ha nako e ntse e eya, Baithuti ba Bibele ba ile ba hlokomela eng? (Sheba le mongolo o botlaseng ba leqephe.)

15 Baithuti ba Bibele ba ile ba ruta batho hore ba lokela ho tswa dikerekeng tsa bohata. Ka 1879, Makasine ya Watch Tower e ile ya bua ka “kereke ya Babylona.” Na e ne e bua ka bo mopapa? Kereke ya Roma e Khatholike? Ka dilemo tse makgolo dikereke tsa Boprostanta di ile tsa bolela hore Babylona eo boprofeta ba Mangolo bo buang ka yona ke Kereke e Khatholike. Leha ho le jwalo, ha nako e ntse e eya, Baithuti ba Bibele ba ile ba hlokomela hore dikereke tsohle tsa Bokreste ba bohata ke karolo ya “Babylona” ya mehleng ena. Hobaneng? Hobane kaofela ha tsona di ne di ruta dithuto tsa leshano tse kang tseo ho builweng ka tsona ka hodimo.b Ha nako e ntse e ya, dingolwa tsa rona di ile tsa bua ka ho toba ka seo ditho tse tshepahalang tsa dikereke tsa Babylona di lokelang ho se etsa.

16, 17. (a) Ke jwang Buka ya Boraro ya Millennial Dawn le makasine ya Wacth Tower di ileng tsa kgothalletsa batho hore ba tswe bodumeding ba bohata? (b) A mang a mabaka a ileng a etsa hore batho ba se ke ba ela ditlhokomediso tseo hloko ke afe? (Sheba mongolo o botlaseng ba leqephe.)

16 Ka mohlala, ka 1891, Buka ya Boraro ya Millennial Dawn e ile ya bua ka hore Modimo o lahlile Babylona ya mehleng ena, mme e ile ya re: “Dikereke tsohle tsa Bokreste ba bohata di lahlilwe.” E ile ya phaella ka hore bohle “ba sa dumellaneng le dithuto tsa bohata le mekgwa ya dikereke ba lokela ho tswa ho tsona.”

17 Ka January 1900, makasine ya Watch Tower e ile ya kgalemela batho bao mabitso a bona a ntseng a le dikerekeng tsa Bokreste ba bohata mme ba ipuella ka ho re, “Ke dumellana le nnete ka hohlehohle mme ke ka sewelo ke yang kerekeng.” Sehlooho seo se ile sa botsa sa re: “Empa na ho loketse hore motho a se ke a tswa ka ho feletseng Babylona? Na ke hona ho mamela hoo . . . mme na seo ke sona se thabisang le se amohelehang ho Modimo? Ka sebele hase sona. Motho [setho sa kereke] eo o kene selekaneng le kereke eo phatlalatsa mme o lokela ho phela ho latela seo a ikanetseng sona ho fihlela . . . a itokolla phatlalatsa.” Ha dilemo di ntse di e ya molaetsa oo o ile wa e ba matla le ho feta.c Bahlanka ba Jehova ba lokela ho itokolla ka ho feletseng bodumeding ba bohata.

18. Ke hobaneng ha ho ne ho hlokahala hore batho ba tswe Babylona e Moholo?

18 Haeba batho bane ba sa bolellwe kgafetsa hore ba tswe Babylona e moholo, na Kreste jwaloka Morena ya sa tswa behwa a ka be a ile a ba le sehlopha se itokisitseng sa bahlanka ba tlotsitsweng lefatsheng? Tjhe, hobane ke Bakreste ba tswileng Babylona feela ba ka rapelang Jehova ka “moya le ka nnete.” (Joh. 4:24) Na le rona kajeno re ikemiseditse ho itokolla bodumeding ba bohata? A re tsweleng pele re mamela taelo e reng: “Tswang ho yena, setjhaba sa ka.”—Bala Tšenolo 18:4.

Ho Bokana Bakeng sa Borapedi

19, 20. Ke jwang makasine ya Watch Tower e ileng ya kgothalletsa batho ba Modimo hore ba bokane hammoho bakeng sa borapedi?

19 Baithuti ba Bibele ba ile ba ruta badumedimmoho hore ba lokela ho bokana hammoho borapeding, ha ho kgoneha. Ha ho a lekana hore feela Bakreste ba nnete ba tswe bodumeding ba bohata. Ho boetse ho hlokahala hore ba kopanele borapeding bo hlwekileng. Ho tloha ka dimakasine tsa pele, makasine ya Watch Tower e ile ya kgothalletsa babadi hore ba bokane hammoho bakeng sa borapedi. Ka mohlala, ka July 1880, Morabo rona Russell o ile a fana ka tlaleho e mabapi le leeto la ho fana ka dipuo leo a ileng a le nka, o ile a bolela kamoo diboka tseo e ileng ya e ba tse kgothatsang kateng. Yaba o kgothalletsa babadi hore ba ngole dikarete tse mabapi le hore na ba ikutlwa jwang ka ho bokana hammoho mme tse ding tsa tsona di ne di tla hatiswa makasineng. Lebaka e ne e le lefe? O ile a re: “Re tsebiseng . . . kamoo Morena a le hlohonolofatsang kateng; ha le ntse le bokana le ba nang le tumelo e matla jwaloka ya lona.”

Charles Russell o na le sehlopha sa pele sa Baithuti ba Bibele Copenhagen, Denmark, ka 1909

20 Ka 1882, sehlooho se reng “Ho Bokana Hammoho” se ile sa hlaha makasineng ya Watch Tower. Sehlooho seo se ile sa kgothalletsa Bakreste hore ba tshware diboka “e le hore ba ka hahana, ba kgothatsana le ho matlafatsana.” Se ile sa re: “Ha ho tsotellehe hore na ho na le motho ya rutehileng kapa ya nang le bokgoni bo itseng hara lona. E mong le e mong o lokela ho tla le Bibele, leqephe le pene mme le sebedise tlhahlamano ya mantswe a sehlooho e hlahang Bibeleng, . . . ka hohle kamoo ho ka kgonehang. Kgethang sehlooho; le kope tataiso ya Moya o halalenag e le hore le utlwisise; le bale, le nahane, le bapise lengolo ka lengolo mme ha ho pelaelo hore ha le etsa seo le tla fumana nnete.”

21. Phutheho ya Allegheny, Pennsylvania, e ile ya beha mohlala ofe mabapi le ho tshwara diboka le ho disa ditho tsa phutheho?

21 Ntlokgolo ya Baithuti ba Bibele e ne e le Allegheny, Pennsylvania, U.S.A. Baithuti ba Bibele ba ile ba beha mohlala o motle ka ho bokana hammoho e le ha ba mamela keletso eo Modimo a faneng ka yona ho Baheberu 10:24, 25. (E bale.) Hamorao, morabo rona ya hodileng ya bitswang Charles Capen o hopola a e ba teng dibokeng tseo esale moshanyana. O ile a ngola a re: “Ke ntse ke hopola temana e neng e ngotswe leboteng la holo ya kopano. ‘Moruti wa lona o mong, e leng Kreste, mme lona bohle le bana ba motho a le mong.’ Ke ne ke dula ke hopola temana eo, ha ho na baruti hara batho ba Jehova.” (Mat. 23:8) Morabo rona Capen o ile a hopola kamoo diboka tseo di neng di matlafatsa kateng ebile di kgothatsa, o boetse o hopola le kamoo Morabo rona Russell a neng a etsa boiteko bo matla ba ho hlokomela setho se seng le se seng sa phutheho kateng.

22. Batho ba tshepahalang ba ile ba etsang ha ba kgothalletswa hore ba be teng dibokeng tsa Bokreste, hona re ka ithutang ho bona?

22 Batho ba tshepahalang ba ile ba etsisa mohlala ona mme ba latela ditaelo tseo ba neng ba di fuwe. Ho ile ha qalwa diphutheho diprofinseng tse kang Ohio le Michigan, hammoho le Amerika Leboya le dinaheng tse ding. Nahana ka sena: Na batho ba tshepahalang ba ka be ba itokiseditse ho ba teng ha Kreste haeba ba ne ba sa ka ba kwetlisetswa hore ba mamele keletso e buduletsweng ya ho bokana hammoho bakeng sa borapedi? Ho hlakile hore ba ne ba ke ke! Rona re lokela ho etsang kajeno? Le rona re lokela ho ikemisetsa ho ba teng dibokeng tsa Bokreste kamehla, re etse sohle seo re ka se kgonang ho rapela hammoho le ho matlafatsana tumelong.

Ho Tjheseha Boboleding

23. Watch Tower e ile ya hlakisa jwang hore batlotsuwa bohle e lokela ho ba baboledi ba nnete?

23 Baithuti ba Bibele ba ile ba ruta hore batlotsuwa bohle e lokela ho ba baboledi ba nnete. Ka 1885, Watch Tower e ile ya re: “Ha rea lokela ho lebala hore setho se seng le se seng sa sehlopha sa batlotsuwa, se tlotseditswe ho bolela (Esa. 61:1), se bitseditswe tshebeletso.” Makasine ya 1888 e ile ya re: “Mosebetsi wa rona o hlakile . . . Haeba re iphapanyetsa wona mme re ipehela mabaka, ka sebele re tla be re le bahlanka ba botswa, re ipaka re sa tshwanelehe hore re ka ba batlotsuwa.”

24, 25. (a) Ke jwang Russell le metswalle ya hae ba ileng ba etsa ho fetang feela ho kgothalletsa batho ho etsa mosebetsi wa boboledi? (b) Morekisi e mong wa dibuka o re mosebetsi wa hae o ne o le jwang nakong eo dikoloi di neng di e sobe teng?

24 Morabo rona Russell le metswalle ya hae, ba ile ba etsa ho fetang feela ho kgothalletsa batho ho etsa mosebetsi wa boboledi. Ba ile ba boela ba hatisa dipampitshana tse neng di bitswa Bible Students’ Tracts, tseo hamorao di ileng tsa bitswa Old Theology Quarterly. Babadi ba Watch Tower ba ile fuwa dipampitshana tsena e le hore ba di fe batho ba sa ba patadise.

Re lokela ho ipotsa, ‘Na mosebetsi wa boboledi ke wa bohlokwa bophelong ba ka?’

25 Batho ba ileng ba kenela tshebeletso ya bopulamadiboho ba ne ba bitswa barekisi ba dibuka tsa bodumedi. Charles Capen, eo ho builweng ka yena ka hodimo, e ne e le e mong wa bona. Hamorao o ile a re: “Ke ne ke sebedisa dimmapa tse neng di entswe ke Lefapha le Hlahlobang Mobu le Mafika la Mmuso wa United States e le hore di ntataise hore ke kgone ho qeta tshimo ya Pennsylvania. Dimmapa tsena di ne di bontsha ditsela tsohle, e leng se neng se etsa hore ke finyelle dikarolo tsohle tsa setereke se seng le se seng ka maoto. Ka dinako tse ding, ka mora leeto la matsatsi a mararo ke tsamaya naha kaofela, ke nka diodara tsa dibuka tsa Studies in the Scriptures, ke ne ke hira pere le kariki e le hore ke ise dibuka tseo ho batho ba di odarileng. Hangata ha e ne eba bosiu ke ne ke robala matlong a bo rapolasi. Ka nako eo dikoloi di ne di e sobe teng.”

Morekisi wa dibuka tsa bodumedi. Hlokomela “Chart of the Ages” e ngotsweng lehlakoreng la kariki

26. (a) Ke hobaneng ha batho ba Modimo ba ne ba lokela ho etsa mosebetsi wa boboledi e le hore ba itokisetse ho busa ha Kreste? (b) Re lokela ho ipotsa lipotso dife?

26 Ka sebele ho ne ho hlokahala sebete le tjheseho e le hore batho ba mehleng eo ba etse mosebetsi wa boboledi. Haeba Bakreste ba nnete ba ne ba sa ka ba rutwa bohlokwa ba mosebetsi wa boboledi, na ba ka be ba ile ba itokisetsa ho busa ha Kreste? Ho hlakile hore ba ne ba ke ke! Lebaka ke hore, mosebetsi oo e ne e tla ba ntho e hlaheletseng e bontshang ho ba teng ha Kreste. (Mat. 24:14) Batho ba Modimo ba ne ba lokela ho itokisetsa ho etsa hore mosebetsi oo o pholosang bophelo e be ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Le rona kajeno re lokela ho ipotsa: ‘Na mosebetsi wa boboledi ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba ka? Na ke a itela e le hore ke etse mosebetsi oo kaofela?’

Mmuso wa Modimo o a Thehwa!

27, 28. Keng seo moapostola Johanne a ileng a se bona ponong, hona Satane le bademona ba hae ba ile ba etsang ha Mmuso o thehwa?

27 Qetellong selemo sa bohlokwa sa 1914 se ile sa fihla. Jwalokaha ho boletswe qalong ya kgaolo ena, ha ho motho ya ileng a bona diketsahalo tse thabisangtse neng di etsahala lehodimong. Leha ho le jwalo, moapostola Johanne o ile a fuwa pono e hlalosang diketsahalo ka tsela ya tshwantshetso. A ko nahane ka sena: Johanne o ile a bona “pontsho e kgolo” lehodimong. “Mosadi” wa Modimo—e leng mokgatlo wa hae wa dibopuwa tsa moya o lehodimong—ke moimana mme o tswala ngwana wa moshanyana. Re bolellwa hore haufinyane, ngwana enwa wa tshwantshetso, o tla “disa ditjhaba kaofela ka molamu wa tshepe.” Leha ho le jwalo, ka mora hore ngwana eo a tswalwe, o ile a “nkelwa ho Modimo le teroneng ya hae.” Ho ile ha utlwahala lentswe le phahameng lehodimong, le re: “Jwale ho hlahile poloko le matla le mmuso wa Modimo wa rona le bolaodi ba Kreste wa hae.”—Tšen. 12:1, 5, 10.

28 Ha ho pelaelo hore seo Johanne a ileng a se bona ponong, e ne e le ho thehwa ha Mmuso oo Kreste e neng ele Morena wa ona. Ka sebele pono eo e ne e le e thabisang, empa hase bohle ba ileng ba e thabela. Satane le bademona ba hae ba ile ba lwantsha mangeloi a tshepahalang, a neng a etellwa pele ke Mikaele kapa Kreste. Phello e bile efe? Rea bala: “Drakone e kgolo ya dihelwa tlase, noha ya pele, e bitswang Diabolose le Satane, e kgelosang lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona; ya dihelwa tlase lefatsheng, mme mangeloi a yona a dihelwa tlase le yona.”—Tšen. 12:7, 9.

Ka 1914, Baithuti ba Bibele ba ile ba hlokomela ka ho hlaka pontsho ya ho ba teng ha Kreste ho sa bonahaleng

29, 30. Ka mora ho thehwa ha Mmuso wa Modimo, maemo a ile a fetoha jwang (a) lefatsheng? (b) lehodimong?

29 Nako e telele pele ho 1914, Baithuti ba Bibele ba ile ba bolela hore nako ya matshwenyeho e ne e tla qala selemong sona seo. Empa le bona ba ne ba sa tsebe hore ba ne ba hlile ba nepile. Jwalokaha pono ya Johanne e bontsha, Satane o ne a tla halefela batho le ho feta: “Ho madimabe lefatshe le lewatle, hobane Diabolose o theohetse ho lona, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e kgutshwanyane.” (Tšen. 12:12) Ka 1914, ho ile ha qhoma ntwa ya pele ya lefatshe mme pontsho ya ho ba teng ha Kreste e le morena ya matla e ile ya qala ho phethahala lefatsheng ka lohle. Ho ile ha qaleha ‘matsatsi a ho qetela’ a tsamaiso ena ya dintho.—2 Tim. 3:1.

30 Leha ho le jwalo, ho ile ha e ba le thabo lehodimong. Satane le bademona ba hae ba ile ba lelekwa lehodimong mme ba ne ba ke ke ba hlola ba dumellwa lehodimong. Tlaleho ya Johanne e re: “Ka lebaka lena thabang, lona mahodimo le lona ba dulang ho ona!” (Tšen. 12:12) Kaha mahodimo a ne a se a hlwekisitswe mme Jesu a behilwe teroneng e le Morena, Mmuso oo wa Modimo o ne o se o loketse ho busa batho ba Modimo lefatsheng. O ne o tla etsang? Jwalokaha re bone qalong ya kgaolo ena, Kreste e le “lenqosa la selekane” o ne a tla qala ka ho hlwekisa bahlanka ba Modimo mona lefatsheng. Seo se ne se tla bolelang?

Nako ya Teko

31. Keng seo Malakia a ileng a se profeta mabapi le nako ya ho hlwekisa, hona boprofeta boo bo ile ba qala ho phethahala jwang? (Sheba le mongolo o botlaseng ba leqephe.)

31 Malakia o ile a profeta hore mosebetsi wa ho hlwekisa o ne o tla ba boima. O ile a ngola a re: “Kemang ya ka mamellang letsatsi la ho tla ha hae? Ke mang ya ka emang ho hlaheng ha hae? Hobane o jwalo ka mollo wa moqhibidisi, le jwalo ka sesepa sa bahlatswi.” (Mal. 3:2, BPN) Ruri seo e ile ya e ba nnete! Ho tloha ka 1914, batho ba Modimo ba ile ba tobana le mathata le diteko tse boima. Ha Ntwa ya Pele ya Lefatshe e ntse e tswelapele, Baithuti ba Bibele ba bangata ba ile ba hloriswa hampe mme ba kwallwa teronkong.d

32. Keng se ileng sa tsosa moferefere hara batho ba Modimo ka mora 1916?

32 Ho ile ha boela ha tsoha moferefere le ka phuthehong. Ka 1916, Morabo rona Russell o ile a hlokahala a le dilemo di 64, e leng se ileng sa tshosa batho ba Modimo. Ha a hlokahala, ho ile ha bonahala hore batho ba bang ba ne ba behile tshepo ya bona ho yena ka ho feteletseng. Batho bangata ba ne mo hlompha haholo hoo ekang ba mo rapela empa Morabo rona Russell o ne a sa batle seo. Batho ba bangata ba ne ba nahana hore ka mora lefu la hae ba ne ba ke ke ba tswela pele ba fumana nnete mme ba bang ba ile ba hanyetsa ka bohale boiteko bo neng bo etswa ba hore ho tswelwe pele. Seo se ile sa etsa hore bokwenehi bo qale mme phutheho ya qala ho arohana.

33. Ho ile ha etsahalang ha seo batho ba Modimo ba neng ba se lebeletse se sa phethahale?

33 Bothata bo bong e ne e le hore, dintho tseo batho ba neng ba di lebeletse ha dia ka tsa phethahala. Le hoja makasine ya Watch Tower e ile ya bontsha ka nepo hore Dinako Tsa Baditjhaba di ne di tla fela ka 1914, barababo rona ba ne ba ntse ba e so utlwisise se neng se tla etsahala ka selemo seo. (Luka 21:24) Ba ne ba nahana hore ka 1914, Kreste o ne a tla lata sehlopha sa monyaduwa sa batlotsuwa e le hore se yo busa le yena lehodimong. Seo ha sea ka sa etsahala. Qetellong ya 1917, makasine ya The Watch Tower e ile ya phatlalatsa hore kotulo ya dilemo tse 40 e ne e tla fela nakong ya selemo, ka 1918. Empa mosebetsi wa boboledi ha o a ka wa fela. O ile wa nna wa tswelapele le ka mora nako eo. Makasine eo e ile ya hlalosa hore nako ya kotulo e ne e fedile empa ho ne ho setse nako ya ho bokella. Ho ntse ho le jwalo, ba bangata ba ile ba kgaotsa ho sebeletsa Jehova ka lebaka la ho swetseha.

34. Ka 1918, ho ile ha tsoha teko efe e ileng ya nyahamisa batho ba Modimo, hona ke hobaneng ha baruti ba Bokreste ba bohata ba ile ba nahana hore batho ba Modimo ba “shwele”?

34 Ka 1918, ho ile ha etsahala ntho e ileng ya nyahamisa batho ba Modimo. J. F. Rutherford, ya ileng a hlahlama C. T. Russell mosebetsing wa ho etella pele batho ba Modimo, o ile a tshwarwa le barababo rona ba supileng ba neng ba e na le boikarabelo ka phuthehong. Nyewe ya bona e ile ya sebetswa ka leeme mme ba ahlolelwa ho hlola nako e telele teronkong e kgolo Atlanta, Georgia, U.S.A. Ka nako eo, ho ile ha bonahala eka mosebetsi wa batho ba Modimo o ke ke wa hlola o tswela pele. Baruti ba bangata ba Bokreste ba bohata ba ile ba thaba. Ba ile ba nahana hore Baithuti bao ba Bibele ha ba sa na matla ebile ba ke ke ba hlola ba ba tshwenya kaha “baetapele” ba bona ba teronkong, ntlokgolo e Brooklyn e kwetswe mme mosebetsi wa boboledi o thibetswe Amerika le Europe. (Tšen. 11:3, 7-10) Ba ne ba fositse hakaakang!

Nako ya ho Tsosoloswa!

35. Ke hobaneng ha Jesu a ile a dumella hore balatedi ba hae ba fete ditekong, hona o ile a etsang ho ba thusa?

35 Dira tsa nnete di ne di sa tsebe hore Jesu o ile a dumella hore batho ba hae ba fete ditekong tseo, hobane ka nako eo, Jehova o ne a ba hlatswa le ho ba hlwekisa. (Mal. 3:3) Jehova le Mora wa hae Jesu ba ne ba tseba hantle hore batho ba tshepahalang ba ne ba tla feta ditekong tseo tse kang mollo ba hlwekisitswe, ba hlatswitswe mme ba loketse ho sebeletsa Morena. Ho tloha maqalong a 1919, ho ile ha hlaka hore moya wa Modimo o ile wa etsa seo dira tsa batho ba hae di neng di nahana hore se ke ke sa kgoneha. Baithuti ba Bibele ba ile ba boela ba eba matla. (Tšen. 11:11) Ka nako eo, ka sebele Kreste o ile a phethahatsa ntho e ka sehloohong e neng e tla ba pontsho ya matsatsi a ho qetela. O ile a beha “lekgoba le tshepahalang le le masene,” e leng sehlopha se senyenyane sa batlotsuwa se neng se tla etella batho ba hae pele ka hore se ba fe dintho tseo ba di hlokang, ka nako e tshwanetseng, e le hore ba be le tumelo e matla.—Mat. 24:45-47.

36. Ke dintho dife tse ileng tsa etswa e le ho thusa hore batho ba Modimo ba be le tumelo e matla?

36 Morabo rona Rutherford le metswalle ya hae ba ile ba lokollwa teronkong ka la 26 March, 1919. Hanghang ho ile ha lokisetswa hore ho tshwarwe kopano ka September. Ho ile ha etswa ditokisetso tsa hore ho ngolwe makasine ya bobedi, e neng e tla bitswa The Golden Age. Makasine ena e ne e tla tsamaiswa le ya The Watch Tower mme e ne e tla sebediswa tshebeletsong ya tshimo.e Selemong sona seo ho ile ha printwa koranta ya pele ya Bulletin, eo hona jwale e bitswang Bukana ya Diboka ya Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona. Ho tloha qalong feela, haesale e kgothalletsa batho ho etsa mosebetsi wa boboledi. Ha ho pelaelo hore ho tloha ka 1919 ho paka ka ntlo le ntlo e ile ya e ba mosebetsi wa bohlokwa ka ho fetisisa.

37. Ka mora 1919, batho ba bang ba ile ba bontsha jwang hore ha ba tshepahale?

37 Mosebetsi wa boboledi o ile wa tswela pele o hlwekisa bahlanka ba Kreste, hobane batho ba ikgohomosang ba ne ba sa ikemisetsa ho etsa. Batho ba neng ba sa ikemisetsa ho etsa mosebetsi oo, ba ile ba tswa ho batho tshepahalang. Dilemo tse ileng tsa latela 1919, batho ba sa kang ba tshepahala ba ile ba halefa yaba ba etselletsa bahlanka ba tshepahalang ba Jehova le ho printa dibuka tse buang mashano ka bona mme ba tshehetsa bahlorisi ba bahlanka bao ba Jehova.

38. Ho atleha le ho hlola ha balatedi ba Kreste lefatsheng ho re fa kgodiseho efe?

38 Leha ho le jwalo, ho sa tsotellehe ditlhaselo tseo, balatedi ba Kreste ba lefatsheng ba ile ba tswela pele ho atleha le ho ba le tumelo e tiileng. Ha re nahana kamoo ba ileng ba atleha le ho hlola kateng, seo se re kgodisa hore ka sebele Mmuso wa Modimo o a busa! Ke ka tshehetso le ka tlhohonolofatso ya Modimo feela, eo a fanang ka yona ka Mmuso o buswang ke Mora wa hae, sehlopha sa batho feela ba sa phethahalang se ka hlolang Satane le tsamaiso ya hae e kgopo!—Bala Esaia 54:17.

Morabo rona Rutherford o fana ka puo e kgothatsang kopanong dikgwedi tse seng kae feela ka mora hore a lokollwe teronkong

39, 40. (a) Buka ee ngotswe jwang? (b) Ho ithuta buka ye ho tla o tswela molemo jwang?

39 Dikgaolong tse tla latela, re tla hlahloba seo Mmuso wa Modimo o se finyeletseng lefatsheng dilemong tse lekgolo esale o thehwa lehodimong. Karolo e nngwe le e nngwe ya buka ena e tla akaretsa taba e ikgethang ka mosebetsi wa Mmuso mona lefatsheng. Kgaolong ka nngwe, ho tla ba le lebokose la tlhahlobo le tla re thusa ho tseba hore na ha e le hantle Mmuso ke wa sebele hakae ho rona. Dikgaolong tse qetellang, re tla tshohla hore na re ka lebella eng ha Mmuso o fihla haufinyane, o fedisa tsamaiso ena e kgopo mme o tlisa lefatshe la paradeise. Ho ithuta buka ye ho tla o tswela molemo jwang?

40 Satane o batla hore o se ke wa dumela hore Mmuso wa Modimo ke ntho ya sebele. Empa Jehova o batla ho matlafatsa tumelo ya hao e le hore e o sireletse mme o dule o le matla. (Baef. 6:16) Kahoo, re o kgothalletsa hore o rapelle tataiso ya Modimo ha o ntse o bala buka ena. Tswela pele o ntse o ipotsa, ‘Na Mmuso wa Modimo ke wa sebele ho nna? Haeba Mmuso oo e le wa sebele ho wena, o tla o tshehetsa ka botshepehi ho fihlela bohle ba bona hore Mmuso wa Modimo ke wa sebele mme o a busa!

a E le hore o ithute ka ho eketsehileng ka Grew, Stetson le Storrs, sheba buka ya Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, leqepheng la 45-46.

b Baithuti ba Bibele ba ile ba bona ho hlokahala hore ba tswe ho mekgatlo ya bodumedi ba bohata empa ba ile ba tswela pele ho nka batho ba neng ba dumela ho thekollo mme ba boetse ba ipolela hore ba inehetse ho Modimo jwaloka barababo bona, le hoja batho bao e ne e se Baithuti ba Bibele.

c A mang a mabaka a ileng a etsa hore batho ba se ke ba ela ditlhokomediso tseo hloko, e ne e le hobane di ne di sebetsa haholo ho mohlatswana wa Kreste wa ba 144 000. Kgaolong ya 5, re tla bona hore pele ho 1935 ho ne ho nahanwa hore “bongata bo boholo ba batho” bo hlalositsweng ho Tšenolo 7:9, 10 ho Bibele ya Sesotho, bo ne bo tla akarelletsa ditho tsa bodumedi ba Bokreste ba bohata mme e ne e tla ba karolo ya bobedi ya batho ba yang lehodimong ba tla fuwa moputso ka lebaka la hore ba ile ba ema le Kreste ho fihlela qetellong.

d Ka September 1920, makasine ya The Golden Age (eo hona jwale e leng Fadimehang!) e ile ya hatisa sehlooho se ikgethang se neng se bua ka diketsahalo tsa kamoo batho ba neng ba hloriswa ka sehloho kateng nakong ya ntwa, tse neng di etsahala Canada, Engelane, Jeremane le United States. Leha ho le jwalo, batho ba phetseng dilemong tse lekgolo pele ho ntwa ya pele ya lefatshe ha ba a ka ba hloriswa ka tsela eo.

e Ka dilemo tse ngata, makasine ya Tora ya ho Lebela e ne e sebediswa haholo ke ditho tsa mohlatswana e le ho ba matlafatsa.

Mmuso ke wa Sebele Hakae ho Wena?

  • Ke mang ya ileng a thusa balatedi ba nnete ba Jesu hore ba itokisetse ho thehwa ha Mmuso?

  • Bakreste ba nnete ba ne ba itokiseditse ho thehwa ha Mmuso ka ditsela dife?

  • Ke dintho dife tse bontshang hore Mmuso wa Modimo ke puso ya sebele? (Sheba lebokose le reng “Mmuso wa Modimo—Puso ya Sebele.”)

  • O ka etsisa balatedi ba Jesu ba tshepahalang ba phetseng dilemong tse makgolo tse fetileng jwang ha o ntse o tshehetsa Mmuso wa Modimo kajeno?

MMUSO WA MODIMO—PUSO YA SEBELE

Na Mmuso wa Modimo ke puso ya sebele? Nahana ka dikarolo tse seng kae tsa Mmuso wa Modimo. Ipotse, ‘Na karolo ka nngwe ha e bontshe hore Mmuso ke wa sebele jwaloka mebuso ya batho ebile o phahametse puso leha e le efe ya lefatshe kajeno?

  • MORENA

    Jesu Kreste o ile a behwa teroneng ka 1914 mme ke Morena ya nang le toka, ya bohlale, ya mosa le ya ikokobeditseng ka pela Jehova Modimo. (Esa. 9:6, 7; 11:1-3) Ho fapana le babusi ba lefatshe ba sa phethahalang, a ke ke a etsa bobodu kapa a sitiswa ke batho ba batlang hore melao e fetolwe ka mabaka a boithati kapa makgotla a setjhaba a sa kgotsofaleng.

  • MATLA A HO FANA KA MOLAO LE A HO AHLOLA

    Bophelo ba Jesu ha a le lefatsheng le mohlala wa hae ke motheo wa molao o phethahetseng, e leng “molao wa Kreste.”—Bagal. 6:2; 1 Pet. 2:21.

    Jehova o file Mora wa hae matla a ho ahlola mme Jesu o phetha mosebetsi oo ka ho phethahetseng ho feta moahlodi leha e le ofe wa motho.—Joh. 5:22.

  • SEHLOPHA SA BATSAMAISI

    Jesu o tla busa le batho ba 144 000 mme ba tla sebetsa hammoho le yena ho busa lefatshe ka toka. Morero o ka sehloohong wa puso ya Jesu ke ho etsa hore batho ba boelane le Modimo, kahoo babusimmoho le yena ba tla sebeletsa e le baprista ho phethahatsa seo.—Tšen. 14:1; 20:6.

  • LEBOTHO LA NTWA

    Kaha Jesu ke Moetapele wa lebotho le leholo la mangeloi a matla, o laola lebotho lena le matla ka ho fetisisa. Haufinyane lebotho lena le tla lwantsha batho bohle ba kgopo.—Pes. 45:1, 3-5; Tšen. 19:11, 14-16.

  • SETULO SA BORENA

    Terone ya Jesu e lehodimong mme o lehlakoreng la Ntate wa hae. Lehodimo ke ‘sebaka sa [Jehova] sa bodulo se phahameng sa kgalalelo le botle.’ (Esa. 63:15) Na ke sebaka sa sebele? Ke sa sebele le ho feta motsemoholo kapa mohaho leha e le ofe wa mmuso hobane dintho tse lehodimong ha di bole.—Mat. 6:20.

  • MMUSO O TLA BUSA LEFATSHE

    Kajeno, batho bao Jesu a ba busang ba jwaloka bajaki ba bolokang melao dinaheng tsohle le ditjhabeng tsohle. Empa Jehova o ba file naha ya tshwantshetso leng sebaka seo ba sebeletsang Morena ho sona. (Esa. 60:2; 66:8) Haufinyane, lefatshe lohle e tla ba naha ya sebele ya Mmuso wa Jesu.—Pes. 72:8.

  • SEO MMUSO O TLA SE ETSETSA BATHO

    Haufinyane Mmuso wa Modimo o tla phethahatsa seo Modimo a se tshepisitseng mme o tlise ditlhohonolofatso tsena kaofela le tse ding tse ngata.—Pes. 72:16; Esa. 2:3; 33:24; 35:6; 65:21.

    • HO SE KULE

    • MATLO

    • MOSEBETSI

    • THUTO

    • DIJO

  • BAFO BA TSHEPAHALANG

    Bibele e re: “Moo setjhaba se haellang ho na le tshenyeho ya molaodi ya phahameng,” empa “ho na le mokgabo wa morena ha batho ba le bangata.” (Liprov. 14:28) Palo ya batho ba tshepahalang ba tshehetsang mmuso ona e eketsehile mme e ka hodimo ho dimilione tse supileng le halofo.—Pes. 72:8; Esa. 60:22.

BA NE BA ITOKISEDITSE HO THEHWA HA MMUSO

Hlokomela dintho tse ileng tsa etsahala dilemo tse mashome pele ho selemo sa 1914. Na o a hlokomela hore na diketsahalo tseo di ile tsa thusa batho ba Modimo jwang hore ba itokisetse ho thehwa ha Mmuso wa Kreste?

  1. Bohareng ba 1800

    Henry Grew, George Stetson le George Storrs ba ile ba hlahloba le ho bontsha hore thuto ya hore moya ha o shwe ke leshano

  2. 1868 kapa 1869

    Charles T. Russell o ile a qala ho hlahloba dithuto tsa dikereke tsa Bokreste ba bohata ka hloko mme a fumana hore dikereke di hlalosa Mangolo ka tsela e fosahetseng; “tumelo e fokolang” ya Russell e ile ya tiiswa hape ka mora hore a mamele puo ya moruti wa Mosabatha, Jonas Wendell

  3. 1870

    Morabo rona Russell o ile theha sehlopha sa batho ba ithutang Bibele mme ba ile ba qala ho ithuta Bibele kamehla

  4. 1870-1875

    Dinnete tse mabapi le moya, thekollo le mokgwa oo Kreste a tla kgutla ka wona di ile tsa hlaka

  5. 1876

    Sehlooho se hatisitsweng bukeng ya Bible Examiner, se ngotsweng ke C. T. Russell se ile sa bontsha hore 1914 ke selemo seo Dinako Tsa Baditjhaba di tla fela ka sona

  6. 1877

    Ho ile ha hatiswa buka ya The Object and Manner of Our Lord’s Return, e neng e hlakisa dinnete tse mabapi le ho kgutla ha Kreste

  7. 1879

    Ho ile ha hatiswa makasine ya pele ya Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence

    Babylona e Moholo e ile ya tsebahala e le dikereke tsa Bokreste ba bohata

  8. 1880

    Morabo rona Russell o ile a ya leboya botjhabela ba United States mme o ne a etela le ho matlafatsa dihlopha tsa Baithuti ba Bibele

  9. 1881

    Ho ile ha hatiswa dipampitshana (tse nang le maqephe a fetang lekgolo) mme di ile tsa fuwa babadi ba Watch Tower e le hore ba di abele batho mahala

    Watch Tower e mema babadi hore ba ikgopotse Lefu la Morena Jesu, Allegheny, Pennsylvania

    Mosebetsi wa ho rekisa dibuka tsa bodumedi o ile wa qala

    Dihlooho tse kang, “Ho Batlwa Baboledi ba 1 000” le “Ba Tlotseditswe ho Bolela” di kgothalletsa batho hore ba etse mosebetsi wa boboledi

    Bakreste ba neng ba eso tshware diboka, ba kgothalletswa ho bokana kamehla

  10. 1882

    Ho ile ha hatiswa sehlooho se neng se hanyetsa thuto ya Boraro bo bong

  11. 1885

    Dingolwa tsa mokgatlo wa Watch Tower di finyella batho ba dikhontinenteng tse hlano

  12. 1886

    Ho ile ha lokollwa buka ya pele ya dibuka tsa The Divine Plan of the Ages tseo hamorao di ileng tsa tsejwa e le Studies in the Scriptures

    Makasine ya Watch Tower e ile ya mema batho “sebokeng” sa matsatsi a mararo se neng se tla latelwa ke Sehopotso sa Lefu la Kreste, kahoo ho ile ha qala ho ba le dikopano selemo le selemo

  13. 1889

    Ntlo ya Bibele e ile ya hahwa Allegheny, Pennsylvania

  14. 1890

    Mokgatlo wa Watch Tower o ile wa hatisa Bibele ya New Testament ya Rotherham, e sebedisa khamphani ya lefatshe

  15. 1891

    C. T. Russell o ile a qala ho etela dinaha tse kantle ho United States, a batla ditsela tsa ho “ntshetsa pele ho haswa ha nnete”

  16. 1894

    Baemedi ba Tower Tract Society, bao e neng e le balebedi ba tsamayang, ba ile ba romelwa hore ba etele le ho kgothatsa diphutheho

  17. 1895

    Makasine ya Watch Tower e ile ya hlokomedisa hore ba bang ba ne ba tshwara “Dihlopha tsa Mantsiboya” tsa ho ithuta Bibele mme ya kgothalletsa hore “ho tshwarwe Dihlopha tsena dibakeng tsohle”

  18. 1896

    C. T. Russell o ile a hatisa bukana ya Senyesemane e reng Mangolo a Reng ka Dihele?

  19. 1900

    Ho ile ha thehwa ofisi ya pele ya lekala London, Engelane

    Mosebetsi wa boboledi o fihla dinaheng tse 28

  20. 1903

    Ho ile ha ajwa dipampitshana mahala ka Sontaha se seng le se seng mme seo se ne se etswa diterateng tse pela dikereke, ho ile ha boela ha etswa matsholo a ho ya ka ntlo le ntlo e le ho etsa mosebetsi ka ho eketsehileng

    Dipuo tsa Russell di ile tsa qala ho hlaha kamehla dikoranteng

  21. 1909

    Ntlokgolo ya Mokgatlo wa Watch Tower e fallela Brooklyn, New York

  22. 1910

    Baithuti ba Bibele ba qala ho ipitsa International Bible Students Association

  23. 1911-1912

    C. T. Russell le metswalle ya hae e tsheletseng ba ile ba nka leeto la dikhilomithara tse 56 000 ho pota lefatshe e le hore ba batlisise “boemo ba Bakreste le hore na ho ka ba le kgolo” dinaheng tse akaretsang China, India, Japane le dinaheng tsa Philippines

  24. 1914

    “Photo-Drama of Creation” e ile ya qala ho bontshwa New York, ka la 11 January, hamorao ya bontshwa metseng e mehlano kgweding e latelang. Ha selemo seo se fela e ne e se e bonwe ke batho ba 9 000 000 Amerika Leboya, Europe, Australia le New Zealand

    Ka October, C. T. Russell o ile a bolella lelapa la Bethele a re: “Dinako Tsa Baditjhaba di fedile; nako ya marena a bona e fedile.” Moradiwabo rona e mong o re Russell o ile a phaella ka ho re: “Kahoo, ha re tsebe se larileng kapele”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share