LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • hf karolo 4 maq. 12-14
  • Ho Sebedisa Tjhelete Hantle

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho Sebedisa Tjhelete Hantle
  • Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • 1 RERANG DINTHO KA HLOKO
  • 2 SHEBANG DINTHO KA BOTSHEPEHI LE KA TSELA YA SEBELE
  • Na Tjhelete ke Motso wa Mefuta Eohle ya Dintho Tse Mpe?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
hf karolo 4 maq. 12-14
Banyalani ba rerisana ka hore na ba tla sebedisa tjhelete jwang

KAROLO YA 4

Ho Sebedisa Tjhelete Hantle

“Ka [puisano] merero e tla tiiswa ka thata.”​—Liproverbia 20:18

Kaofela re hloka tjhelete hore re hlokomele ba malapa a rona ka dintho tseo ba di hlokang. (Liproverbia 30:8) Etswe “tjhelete [ke] tshireletso.” (Moeklesia 7:12) Mohlomong ha ho bonolo hore le buisane ka tjhelete le le banyalani, empa le se ke la dumella tjhelete hore e le bakele mathata lenyalong. (Baefese 4:32) Banyalani ba lokela ho tshepana mme ba sebetse hammoho ha ba etsa qeto ya hore na ba tla sebedisa tjhelete jwang.

1 RERANG DINTHO KA HLOKO

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ke mang ho lona ya batlang ho haha tora ya sa duleng fatshe pele mme a bale ditshenyehelo, ho bona haeba a e na le ho lekaneng ho e phetha?” (Luka 14:28) Ke habohlokwa hore le rerisane hore na le tla sebedisa tjhelete ya lona jwang. (Amose 3:3) Etsang qeto ka dintho tseo ho hlokahalang hore le di reke le hore na le ka kgona ho sebedisa tjhelete e kae. (Liproverbia 31:16) Taba ya hore le na le tjhelete ya ho reka ntho e itseng ha e bolele hore jwale le lokela ho e reka. Lekang ho qoba dikoloto. Sebedisang tjhelete eo le nang le yona feela.​—Liproverbia 21:5; 22:7.

SEO LE KA SE ETSANG:

  • Haeba bofelong ba kgwedi le saletswe ke tjhelete e ngata, etsang qeto hammoho hore na le tla etsang ka yona

  • Haeba ditshenyehelo tsa lona di feta tjhelete eo le nang le yona, etsang moralo wa ho fokotsa ditshenyehelo. Ka mohlala, le ka nna la pheha dijo lapeng ho e na le ho ya jella restjhorenteng

Banyalani ba nahana ka ditshenyehelo tsa bona tse kgolo

2 SHEBANG DINTHO KA BOTSHEPEHI LE KA TSELA YA SEBELE

SEO BIBELE E SE BUANG: “Etsa tokisetso e tshepahalang, eseng feela mahlong a Jehova, empa hape le mahlong a batho.” (2 Bakorinthe 8:21) Tshepahala ho molekane wa hao mabapi le tjhelete eo o e fumanang le eo o e sebedisang.

Kamehla o buisane le molekane wa hao ha o etsa diqeto tse kgolo mabapi le ho sebedisa tjhelete. (Liproverbia 13:10) Ha le buisana ka tjhelete, seo se tla le thusa hore ho be le kgotso lenyalong la lona. Tadima tjhelete eo o e kgolang e le ya lelapa, eseng ya hao o le mong.​—1 Timothea 5:8.

ABanyalani ba sheba lethathamo la dintho tseo ba di hlokang

SEO LE KA SE ETSANG:

  • Dumellanang hore na ke tjhelete e kae eo le ka e sebedisang ho sa hlokahale hore le buisane ka yona pele

  • Le se ke la emela hore ho hlahe bothata pele, ebe e le hona le buisanang ka tjhelete

TSELA EO LE TADIMANG TJHELETE KA YONA

Le hoja tjhelete e le ya bohlokwa, le se ke la e dumella hore e bake pherekano lenyalong la lona kapa e le bakele matshwenyeho ho sa hlokahale. (Matheu 6:25-34) Ha le hloke tjhelete e ngata hore le thabele bophelo. Bibele e re: “Le itebele kgahlanong le ho tjhatjheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong.” (Luka 12:15) Ha ho letho le ka rekwang ka tjhelete leo e leng la bohlokwa ho feta lenyalo la lona. Kahoo, le kgotsofalle seo le nang le sona mme le ka mohla le se ke la hlokomoloha kamano ya lona le Modimo. Ha le etsa jwalo, lelapa la lona le tla thaba mme Jehova o tla le amohela.—Baheberu 13:5.

IPOTSE . . .

  • Keng seo re ka se etsang re le lelapa hore re se ke ra kena dikolotong?

  • Nna le molekane wa ka re qetetse neng ho buisana ka bolokolohi ka tjhelete?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share