KAROLO YA 7
Kamoo o ka Rutang Ngwana wa Hao Kateng
“Mantswe ana ao ke o laelang ona kajeno a be pelong ya hao; o a rute mora wa hao ka ho phetapheta.”—Deuteronoma 6:6, 7
Ha Jehova a ne a etsa tokisetso ya lelapa, o ile a fa batswadi boikarabelo ba ho hlokomela bana. (Bakolose 3:20) Ka hona, ke boikarabelo ba hao jwaloka motswadi ho kwetlisa ngwana wa hao hore a rate Jehova le hore a be le boikarabelo ha a se a hodile. (2 Timothea 1:5; 3:15) O boetse o lokela ho ithuta se ka pelong ya mora kapa moradi wa hao. Ntle ho pelaelo, mohlala wa hao ke wa bohlokwa haholo. E le hore o atlehe ho ruta ngwana wa hao Lentswe la Jehova, o lokela ho ithuta lona pele.—Pesaleme ya 40:8.
1 NOLOFALLETSA BANA BA HAO HO BUISANA LE WENA
SEO BIBELE E SE BUANG: ‘O potlakele ho utlwa, o diehe ho bua.’ (Jakobo 1:19) O batla hore bana ba hao ba lokolohe ha ba buisana le wena. Ba lokela ho tseba hore o ikemiseditse ho ba mamela ha ba batla ho bua le wena. Etsa hore ho rene kgotso ka lapeng e le hore ba nolofallwe ho itlhalosa. (Jakobo 3:18) Haeba ba nahana hore o tla ba omanya kapa o ba kgalemele ka thata, ba ka nna ba se ke ba phutholoha. E ba le mamello ha o sebetsana le bana ba hao, mme o dule o ba tiisetsa hore o wa ba rata.—Matheu 3:17; 1 Bakorinthe 8:1.
SEO O KA SE ETSANG:
Iphe nako ya ho mamela bana ba hao ha ba batla ho bua
Buisana le bana ba hao kgafetsa, eseng feela ha ho e na le mathata
2 LEKA HO UTLWISISA SEO BA HLILENG BA SE BOLELANG
SEO BIBELE E SE BUANG: “Ya bontshang temohisiso tabeng o tla fumana se molemo.” (Liproverbia 16:20) Ka dinako tse ding ho tla hlokahala hore o utlwisise kamoo ba ikutlwang kateng, eseng feela seo ba o bolellang sona. Ho tlwaelehile hore batjha ba feteletse taba kapa ba ipuele feela tjee. “Ha mang kapa mang a araba taba pele a e utlwa, hoo ke bowatla.” (Liproverbia 18:13) O se ke wa potlakela ho halefa.—Liproverbia 19:11.
SEO O KA SE ETSANG:
Qoba ho ba kena hanong kapa ho phahamisa maikutlo, ho sa tsotellehe hore na ba reng
Leka ho hopola hore na o ne o ikutlwa jwang ha o lekana le bona, le hore na keng se neng se bonahala e le sa bohlokwa ho wena
3 MOMAHANANG LE LE BATSWADI
SEO BIBELENG E SE BUANG: “Mora wa ka, o mamele tayo ya ntatao, mme o se ke wa furalla molao wa mmao.” (Liproverbia 1:8) Jehova o file ntate le mme boikarabelo ba ho hlokomela bana. O lokela ho ruta bana ba hao hore ba o hlomphe le ho o mamela. (Baefese 6:1-3) Bana ba kgona ho lemoha ha batswadi ba ‘sa kopana ka ho loketseng kelellong e tshwanang.’ (1 Bakorinthe 1:10) Haeba le sa dumellane, qobang ho bontsha seo ka pela bana, kaha se ka etsa hore ba le telle.
SEO O KA SE ETSANG:
Buisanang mme le dumellane ka hore na le tla ba kgalemela jwang
Haeba wena le molekane wa hao le sa bone dintho ka ho tshwana tabeng ya ho kgalemela bana, leka ho utlwisisa maikutlo a hae
4 RERA HORE NA O TLA ETSANG
SEO BIBELE E SE BUANG: “Kwetlisa moshanyana ho ya ka tsela e mo loketseng.” (Liproverbia 22:6) Hore o atlehe ho ruta bana ba hao hase ntho e ka iketsahallang feela tjee. Buisanang e sa le pele hore na le tla kgalemela bana ba lona jwang. (Pesaleme ya 127:4; Liproverbia 29:17) Ho kgalemela bana hase feela taba ya ho ba fa kotlo, empa ho akarelletsa le ho ba thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha o ba behela melao e itseng. (Liproverbia 28:7) Hape, ba rute hore ba rate Lentswe la Jehova le ho utlwisisa melao ya lona. (Pesaleme ya 1:2) Sena se tla ba thusa hore ba be le letswalo le letle.—Baheberu 5:14.
SEO O KA SE ETSANG:
Kgodiseha hore bana ba hao ba nka Modimo e le Motho wa sebele eo ba ka mo tshepang
Ba thuse hore ba hlokomele ba be ba qobe dintho tse ka ba silafatsang boitshwarong, tse kang tse fumanwang Inthaneteng le metjheng e tlwaelehileng ya puisano. Ba rute ho itshireletsa ho batho ba hlekefetsang ba bang ka thobalano
“Batswadi ba kwetliswa mora wa bona ho sebeletsa Jehova ho tloha ha a sa le monyane ho fihlela a kolobetswa”