KGAOLO YA 1
Modimo ke Mang?
1, 2. Batho ba atisa ho ipotsa dipotso dife?
BANA ba rata ho botsa dipotso tse ngata. Le ha o ka ba hlalosetsa ntho e itseng, hangata ba o botsa potso e reng: ‘Hobaneng?’ Ha o leka ho ba araba, ba ka nna ba o botsa hape ba re: ‘Empa hobaneng?’
2 Kaofela ha rona re botsa dipotso, ebang re bana kapa tjhe. Ka mohlala, re ye re botse batho ba bang haeba re batla tsela e yang sebakeng se itseng kapa ha re batla ho tseba nako. Empa ho ka etsahala hore re na le dipotso mabapi le ditaba tse ding tsa bohlokwa bophelong. Haeba re sa fumane dikarabo tse re kgotsofatsang, re ka nna ra tlohela ho batla dikarabo tsa dipotso tseo.
3. Ke hobaneng ha batho ba bangata ba nahana hore ba ke ke ba fumana dikarabo tsa dipotso tsa bohlokwa tseo ba ipotsang tsona?
3 Na Bibele e na le dikarabo tsa dipotso tsa bohlokwa tseo re ipotsang tsona? Batho ba bang ba nahana jwalo, empa ba re ho thata ho utlwisisa Bibele. E ka nna yaba ba nahana hore ke matitjhere le baruti feela ba tsebang dikarabo. Athe ba bang bona ba dihlong ho botsa. Wena?
4, 5. Ke dipotso dife tsa bohlokwa tseo o kileng wa ipotsa tsona? Ke hobaneng ha o sa lokela ho tlohela ho batla dikarabo?
4 Mohlomong o batla ho tseba dikarabo tsa dipotso tse kang: ‘Morero wa bophelo ke ofe? Ho tla etsahalang ka nna ha ke shwa? Modimo o jwang?’ Jesu o ile a re: “Le nne le kope, mme le tla fuwa; le nne le batle, mme le tla fumana; le nne le kokote, mme le tla bulelwa.” (Matheu 7:7) O se ke wa tela ho fihlela o fumane dikarabo tse o kgotsofatsang.
5 Ha o ntse o batla dikarabo, o tla di fumana ka Bibeleng. (Liproverbia 2:1-5) Ha ho thata ho utlwisisa dikarabo tsa Bibele. Seo o ithutang sona se tla o thabisa hona jwale le nakong e tlang. A re ke re bue ka potso eo e leng kgale batho ba bangata ba ipotsa yona.
NA MODIMO O NA LE TABA LE RONA?
6. Ke hobaneng ha batho ba bang na nahana hore Modimo ha a na taba le bona?
6 Batho ba bangata ba nahana hore Modimo ha a na taba le rona. Ba re haeba Modimo a ne a na le taba le rona, lefatshe le ka be le se tjena. Lefatsheng lohle re bona dintho tse bohloko tse kang dintwa le lehloyo. Batho ba a sotleha, ba a kula ebile ba a shwa. Ba bang ba re: ‘Haeba Modimo o a re rata, ke hobaneng ha a sa fedise dintho tse bohloko tse re hlahelang?’
7. (a) Ke jwang baruti ba etsang hore batho ba nahane hore Modimo ha a na taba le bona? (b) Re tseba jwang hore ha se Modimo ya etsang hore re hlahelwe ke mathata?
7 Ka dinako tse ding, baruti ba etsa hore batho ba nahane hore Modimo ha a na taba le rona. Ha re hlahelwa ke mathata, baruti ba re ke thato ya Modimo. Ba re Modimo o ne a rerile hore mathata ao a re hlahele. Ha e le hantle, ha ba bua jwalo ba beha Modimo molato. Empa Bibele e re ha se Modimo ya etsang hore re hlahelwe ke mathata. Jakobo 1:13 e re Modimo ha a re leke ka dintho tse mpe. E re: “Ha a le tlasa teko, ho se ke ha e ba le ya reng: ‘Ke ntse ke lekwa ke Modimo.’ Etswe Modimo a ke ke a lekwa ka dintho tse mpe kapa hona hore o leka le ha e le mang ka tsona.” Sena se bolela hore le hoja Modimo a sa thibele dintho tse mpe ho etsahala, ha se yena ya di bakang. (Bala Jobo 34:10-12.) Nahana ka mohlala o latelang.
8, 9. Ke hobaneng ha ho fosahetse hore re behe Modimo molato ka mathata a re hlahelang? Fana ka mohlala.
8 Nahana ka mohlankana ya ntseng a dula habo le batswadi ba hae. O itshwere hantle mme ntate wa hae o a mo rata. Empa ha nako e ntse e ya, mohlankana eo o se a batla ho itaola mme o kgetha ho tloha lapeng. Qetellong o kena mathateng. Na o ka beha ntate wa hae molato hobane a sa ka a mo thiba ha a ne a batla ho tloha lapeng? Tjhe! (Luka 15:11-13) Jwalo ka ntate eo, Modimo le yena ha a ka a thibela batho ha ba kgetha ho etsa dintho tse mpe. Ka hoo, ha se Modimo ya bakang mathata ao re a bonang lefatsheng. Ke ntho e mpe ho beha Modimo molato ka mathata a re hlahelang.
9 Bibele e re bolella hore na ke hobaneng ha Modimo a e so ka a lokisa mathata a teng lefatsheng. O tla ithuta ho eketsehileng ka taba ena ho Kgaolo ya 11. Empa kgodiseha hore Modimo o a re rata le hore ha se yena ya re bakelang mathata. Ha e le hantle, ke Yena feela ya ka a fedisang.—Esaia 33:2.
10. Re tseba jwang hore Modimo o tla fedisa mathata a rona?
10 Modimo o a halalela. (Esaia 6:3) Ntho e nngwe le e nngwe eo a e etsang e hlwekile mme e molemo. Ka hoo re ka mo tshepa. Batho bona ha ba jwalo. Ka dinako tse ding ba etsa dintho tse mpe. Le mmusi ya lokileng ka ho fetisisa ha a na matla a ho lokisa tshenyo eo batho ba kgopo ba e bakileng. Ha ho na motho ya nang le matla a lekanang le a Modimo. O tla lokisa tshenyo yohle e bakilweng ke batho ba kgopo. Modimo o tla fedisa dintho tse mpe ka ho sa feleng.—Bala Pesaleme ya 37:9-11.
MODIMO O IKUTLWA JWANG KA MATHATA A RONA?
11. Modimo o ikutlwa jwang ha a bona o hlahelwa ke mathata?
11 Modimo o ikutlwa jwang ka mathata a o hlahelang? Bibele e re Modimo “o rata toka.” (Pesaleme ya 37:28) Ka hoo o amehile ka se nepahetseng le se fosahetseng. Modimo o hloile ho bona ha batho ba hlahelwa ke mathata. Bibele e re ‘pelo ya hae e ile ya utlwa bohloko’ ha batho ba ne ba etsa dintho tse mpe nakong e fetileng. (Genese 6:5, 6) Modimo ha a so fetohe. (Malakia 3:6) Bibele e re Modimo o a o tsotella.—Bala 1 Petrose 5:7.
Bibele e re ruta hore Jehova ke Mmopi ya lerato wa mahodimo le lefatshe
12, 13. (a) Ke hobaneng ha re rata batho ba bang, hona re ikutlwa jwang ha batho ba bang ba hlahelwa ke mathata? (b) Re tseba jwang hore Modimo o tla fedisa mathata ohle a teng lefatsheng?
12 Bibele e boetse e re Modimo o re entse ka setshwantsho sa hae. (Genese 1:26) Sena se bolela hore Modimo o re bopile re na le makgabane a tshwanang le a hae. Ka hoo haeba o utlwa bohloko ha o bona batho ba hlahelwa ke mathata, tseba hore Modimo o utlwa bohloko le ho feta! Re tseba seo jwang?
13 Bibele e re “Modimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Modimo o etsa dintho tsohle ka lerato. Ka hoo re kgona ho rata batho ba bang hobane re futsitse lerato leo Modimo a nang le lona. Ka mohlala, na o ne o ka fedisa mathata a teng lefatsheng haeba o ne o na le matla a ho etsa jwalo? Ka sebele o ne o ka a fedisa. Modimo yena? Ka ha o na le matla ebile o a re rata, o tla fedisa mathata ohle a teng lefatsheng. Kgodiseha hore ditshepiso tsohle tsa Modimo tse ngotsweng qalong ya buka ena di tla phethahala. Empa e le hore o be le tumelo ditshepisong tseo, o lokela ho ithuta ho eketsehileng ka Modimo.
MODIMO O BATLA HORE O MO TSEBE
Haeba o batla ho ba motswalle wa motho e mong, o tla mo bolella lebitso la hao. Modimo o re bolella lebitso la hae ka Bibeleng
14. Lebitso la Modimo ke mang, hona re tseba jwang hore re lokela ho le sebedisa?
14 Haeba o batla ho ba motswalle wa motho, keng eo o mo bolellang yona pele? O mo bolella lebitso la hao. Na Modimo yena o na le lebitso? Dikereke tse ngata di ruta hore lebitso la hae ke Modimo kapa Morena. Le ha ho le jwalo, ao ha se mabitso empa ke ditlotla, jwalo ka “mopresidente” kapa “mookamedi.” Modimo o re lebitso la hae ke Jehova. Pesaleme ya 83:18 e re: “E le hore batho ba ka tseba hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, Wena o le mong o Ya Phahameng ka ho Fetisisa hodima lefatshe lohle.” Bangodi ba Bibele ba sebedisitse lebitso la Modimo ka makgetlo a dikete. Jehova o batla hore o tsebe lebitso la hae o be o le sebedise. Modimo o o tsebisa lebitso la hae e le hore o be motswalle wa hae.
15. Lebitso “Jehova” le bolelang?
15 Lebitso la Modimo e leng Jehova, le bolela ho hongata. Le bolela hore Modimo a ka etsa ntho e nngwe le e nngwe eo a e tshepisang a be a phethahatse thato ya hae. Ha ho na ntho e ka mo thibelang. Lebitso “Jehova” ke la hae a le mong.a
16, 17. Keng se bolelwang ke ditlotla tse latelang (a) “ya Matla Ohle”? (b) “Morena wa bosafeleng”? (c) “Mmopi”?
16 Jwalo ka ha re bone, Pesaleme ya 83:18 e re ka Jehova: “Wena o le mong o Ya Phahameng ka ho Fetisisa.” Hape, Tšenolo 15:3 e re: “Jehova Modimo, ya Matla Ohle, mesebetsi ya hao e meholo mme e a hlolla. Morena wa bosafeleng, ditsela tsa hao di lokile mme ke tsa nnete.” Tlotla e reng “ya Matla Ohle” e bolelang? E bolela hore Jehova o matla ho feta ntho le ha e le efe. Tlotla “Morena wa bosafeleng” yona e bolela hore ha esale a le teng. Pesaleme ya 90:2 e re ha a na qalo ebile ha a na qetelo. Ena ke taba e thahasellisang!
17 Jehova ke yena feela Mmopi. Tšenolo 4:11 e re: “Jehova, Modimo wa rona, o a tshwaneleha ho amohela kganya le tlhompho le matla, hobane o bopile dintho tsohle, mme ka lebaka la thato ya hao di ile tsa eba teng mme tsa boptjwa.” Ntho e nngwe le e nngwe e teng lehodimong, lefatsheng esita le mawatleng, e bopilwe ke Jehova!
NA O KA BA MOTSWALLE WA JEHOVA?
18. Ke hobaneng ha batho ba bang ba nahana hore e ke ke ya ba metswalle ya Modimo? Bibele e rutang tabeng ee?
18 Ha batho ba bang ba ithuta ka makgabane a Jehova le bophahamo ba hae, ba a tshoha ebe ba a ipotsa: ‘Ka ha Modimo o re phahametse ebile o hole haholo, ke hobaneng ha a ka ba le taba le nna?’ Empa na Modimo o batla hore re ikutlwe ka tsela eo? Ha ho jwalo. Jehova o batla ho ba haufi le rona. Bibele e re Modimo ha a “hole le e mong le e mong wa rona.” (Liketso 17:27) Modimo o batla hore o atamele ho yena mme o tshepisa hore le yena ‘o tla atamela ho wena.’—Jakobo 4:8.
19. (a) O ka etsang hore o be motswalle wa Modimo? (b) Ke makgabane afe a Jehova a o kgahlang haholo?
19 O ka etsang hore o be motswalle wa Modimo? Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tswela pele ba rua tsebo ka wena, Modimo a le mong feela wa nnete, le ka eo o mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Tswela pele ho ithuta e le hore o ka tseba Jehova le Jesu. Ka ho etsa sena, o tla fumana bophelo bo sa feleng. Ka mohlala, re se re ithutile hore “Modimo ke lerato.” (1 Johanne 4:16) Empa Modimo o boetse o na le makgabane a mang a mangata. Bibele e re Jehova ke “Modimo ya mohau le ya mosa, ya diehang ho halefa le ya tletseng mosa o lerato le nnete.” (Exoda 34:6) Jehova o “molemo mme o itokiseditse ho tshwarela.” (Pesaleme ya 86:5) O a tshepahala ebile o na le mamello. (2 Petrose 3:9; Tšenolo 15:4) O tla ithuta ho eketsehileng ka botho ba Modimo ha o ntse o tswela pele ho bala Bibele.
20-22. (a) O ka ba motswalle wa Modimo jwang empa o sa kgone ho mo bona? (b) O lokela ho etsang ha ba bang ba re o kgaotse ho ithuta Bibele?
20 O ka ba motswalle wa Modimo jwang empa o sa kgone ho mo bona? (Johanne 1:18; 4:24; 1 Timothea 1:17) Jehova e tla ba Motho wa sebele haholwanyane ho wena ha o ithuta ka yena ka Bibeleng. (Pesaleme ya 27:4; Baroma 1:20) Ha o ntse o ithuta ho eketsehileng ka yena, o tla mo rata le ho feta mme o be motswalle wa hae.
Ntate o rata bana ba hae, empa Ntate wa rona ya mahodimong o re rata le ho feta
21 O tla boela o utlwisise hore na ke hobaneng ha Bibele e re Jehova ke Ntate wa rona. (Matheu 6:9) O re file bophelo mme o batla hore re bo thabele ka ho felletseng. Ke seo ntate ya lerato a se batlelang bana ba hae. (Pesaleme ya 36:9) Bibele e ruta hore o ka kgona ho ba motswalle wa Jehova. (Jakobo 2:23) Ako nahane ka seo! Jehova, Mmopi wa mahodimo le lefatshe, o batla hore o be motswalle wa hae!
22 Batho ba bang ba ka nna ba leka ho o nyahamisa hore o kgaotse ho ithuta Bibele. Mohlomong ba tshaba hore o tla tlohela kereke ya hao kapa meetlo ya heno. Empa o se ke wa dumella motho le ha e le ofe hore a o thibele ho ba motswalle wa Jehova. Jehova ke Motswalle wa bohlokwa ka ho fetisisa eo o ka bang le yena.
23, 24. (a) Ke hobaneng ha o sa lokela ho tshaba ho botsa dipotso? (b) Re tla bua kang sehloohong se latelang?
23 Ha o ntse o ithuta Bibele, ho tla ba le dintho tseo o sa di utlwisiseng. O se ke wa tshaba ho botsa dipotso kapa wa swabela ho kopa thuso. Jesu o itse re lokela ho ikokobetsa jwalo ka bana ba banyenyane. Etswe bana ba rata ho botsa dipotso. (Matheu 18:2-4) Modimo o batla hore o fumane dikarabo. Ka hoo ithute Bibele ka hloko e le hore o ka netefatsa hore seo o ithutang sona ke nnete.—Bala Liketso 17:11.
24 Tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho ithuta ka Jehova, ke ka ho bala Bibele. Kgaolong e latelang, re tla bona kamoo Bibele e fapaneng kateng le dibuka tse ding.
a Haeba Bibele ya hao e se na lebitso “Jehova” kapa o lakatsa ho tseba ho eketsehileng ka seo le se bolelang le kamoo le bitswang kateng, sheba Ntlha ya 1 e hlahang qetellong ya buka ena leqepheng la 207.