LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • rj karolo 1 maq. 4-5
  • “E Lahlehileng ke Tla e Batla”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “E Lahlehileng ke Tla e Batla”
  • Kgutlela ho Jehova
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • “Dinku Tsa Lekgulo la Ka”
  • “Re Tlisetse Matsatsi a Matjha Jwaloka Kgale”
  • Jesu o Hlokomela Dinku Tsa Hae
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • “Ke Tla Batla Dinku Tsa ka”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
Kgutlela ho Jehova
rj karolo 1 maq. 4-5

KAROLO YA 1

“E Lahlehileng ke Tla e Batla”

Modisa o hlwa letswapong ho ya batla nku e lahlehileng

Nku e hlahlathetse. E ile ya tswa mohlapeng hanyane ka hanyane ha e ntse e fula. E hole hoo e seng e sa bone mohlape kapa modisa, mme shwalane e ya tshwara. Nku eo e ka ba kotsing haeba e solla phuleng e tletseng diphokojwe. Qetellong e utlwa lentswe la modisa wa yona, o mathela ho yona, o a e nka, o e kenya ka lemenong la seaparo sa hae mme o e isa hae.

HANGATA Jehova o itshwantsha le modisa ya jwalo. Ka Lentsweng la hae o a re tiisetsa o re: “Ke tla batla dinku tsa ka mme ke di hlokomele.”​—Ezekiele 34:11, 12.

“Dinku Tsa Lekgulo la Ka”

Dinku tsa Jehova ke bomang? Ka mantswe a bonolo feela, ke batho ba mo ratang le ba mo sebeletsang. Bibele e re: “Kenang, re rapele mme re iname; a re kgumameng ka pela Jehova Moetsi wa rona. Etswe ke yena Modimo wa rona, mme re batho ba lekgulo la hae le dinku tsa letsoho la hae.” (Pesaleme ya 95:6, 7) Jwalokaha dinku tsa sebele di latela modisa wa tsona, bahlanka ba Jehova ba ikemiseditse ho latela Modisa wa bona. Na ba phethahetse? Tjhe. Ka dinako tse ding bahlanka ba Modimo ba nnile ba ba jwaloka “dinku . . . tse hasantsweng hohle,” “dinku tse lahlehileng,” le “dinku tse hlahlathelang.” (Ezekiele 34:12; Matheu 15:24; 1 Petrose 2:25) Leha ho le jwalo, ha motho a kgeloha mohlapeng, Jehova ha a lahle tshepo hore o tla kgutla.

Na o ikutlwa eka Jehova e ntse e le Modisa wa hao? Jehova o phetha mosebetsi wa Modisa jwang kajeno? A re ke re hlahlobeng ditsela tse tharo tseo a di sebedisang:

O matlafatsa kamano ya rona le yena. Jehova o re: “Ke tla di fudisa lekgulong le letle. . . Di tla botha moo sebakeng se setle sa bodulo, mme di tla fula lekgulong le nonneng.” (Ezekiele 34:14) Ka nako e tshwanetseng, Jehova o re fa dintho tse re thusang hore re be le kamano e ntle le yena. Na ho na le sehlooho, puo kapa video e kileng ya araba thapelo ya hao? Na seo ha sea ka sa o kgodisa hore Jehova o a o kgathalla?

O a re sireletsa ebile o a re tshehetsa. Jehova o a re tshepisa o re: “E hlahlathetseng ke tla e kgutlisa, e robehileng ke tla e tlamisa mme e kulang ke tla e matlafatsa.” (Ezekiele 34:16) Jehova o matlafatsa bahlanka ba hae ba sithabeditsweng ke matshwenyeho. O tlamisa dinku tsa hae tse lemetseng, esita le tseo mohlomong di lemaditsweng ke badumedi mmoho le tsona. O boetse o kgutlisa tse hlahlathetseng le tse lwantshanang le maikutlo a ho inyatsa.

O a re kgathalla. Jehova o re: “Ke tla di lopolla dibakeng tsohle tseo di hasantsweng ho tsona. . . E lahlehileng ke tla e batla.” (Ezekiele 34:12, 16) Jehova ha a nke nku e lahlehileng e le ba-e-hlotse. O a lemoha ha ho e na le nku e lahlehileng, o a e batla, mme o a thaba ha a e fumana. (Matheu 18:12-14) Etswe ha a bua ka bahlanka ba hae o re ke “dinku tsa ka, dinku tsa lekgulo la ka.” (Ezekiele 34:31) Le wena o e nngwe ya tsona.

Jehova ha a nke nku e lahlehileng e le baehlotse. O a thaba ha nku eo e fumanwa

“Re Tlisetse Matsatsi a Matjha Jwaloka Kgale”

Ke hobaneng ha Jehova a o batla a bile a o kopa hore o kgutlele ho yena? Hobane o batla hore o thabe. O tshepisa dinku tsa hae hore “ho tla ba le dipula tse tsholohang tsa tlhohonolofatso.” (Ezekiele 34:26) Eo hase puo feela ya molomo. Ntle ho pelaelo o kile wa latswa ditlhohonolofatso tsa Jehova.

Hopola kamoo ho neng ho le monate kateng ha o ntse o ithuta ka Jehova. Ka mohlala, o ile wa ikutlwa jwang ha o qala ho ithuta dinnete tse thabisang tse mabapi le lebitso la Modimo hammoho le seo a rerileng ho se etsetsa batho? Na o sa hopola kamoo ho neng ho le monate kateng ha o e na le Bakreste mmoho le wena dikopanong? Na ha o tswa tshimong o ne o sa ikutlwe o thabile ebile o kgotsofetse ka mora ho buisana le motho ya thahasellang?

O ka boela wa thaba ka tsela eo. Moprofeta Jeremia o ile a rapela a re: “Re kgutlisetse ho wena, Jehova, mme re tla kgutla hanghang. Re tlisetse matsatsi a matjha jwaloka kgale.” (Lillo Tsa Jeremia 5:21) Jehova o ile a araba thapelo eo, mme bahlanka ba hae ba boela ba mo sebeletsa ba thabile. (Nehemia 8:17) Jehova o tla etsa se tshwanang le ka wena.

Ke nnete hore ha ho bonolo hakaalo ho kgutlela ho Jehova. A re ke re tshohleng tse ding tsa dintho tse ka o sitisang le hore na o ka di hlola jwang.

Sekwahelo sa video ya Mokgatlo Wohle wa Bara ba Motho

E le ho o hopotsa kamoo ho leng monate kateng ho ba hara batho ba Modimo re kopa hore o shebelle video ya Mokgatlo Wohle wa Barababo Rona, e fumanehang ho jw.org/st-za.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share