LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • ypq potso 4 maq. 12-14
  • Nka Lokisa Diphoso Tsa ka Jwang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Nka Lokisa Diphoso Tsa ka Jwang?
  • Dikarabo Tsa Dipotso Tse 10 Tseo Batjha ba di Botsang
  • Dintlha tse Ding
  • Eba le Pono e Nepahetseng ka Diphoso
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Na o Ithuta Diphosong Tsa Hao?
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Ithute ho Tswa Diphosong Tsa Hao
    Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
  • Ho ba le Boikarabelo
    Fadimehang!—2019
Dikarabo Tsa Dipotso Tse 10 Tseo Batjha ba di Botsang
ypq potso 4 maq. 12-14
Bashanyana ba babedi ba shebile fensetere ya koloi e tjhwatlehileng

POTSO YA 4

Nka Lokisa Diphoso Tsa ka Jwang?

KE HOBANENG HA E LE HA BOHLOKWA?

Ha o dumela diphoso tsa hao, batho ba tla o tshepa.

O NE O TLA ETSANG?

Nahana ka sena: Tim o ntse a bapala bolo le metswalle ya hae, jwale bolo e otla fensetere ya moahisani, mme e ya thubeha.

Haeba e ne e le wena, o ne o tla etsang?

NAHANISISA HANTLE!

O KA KGETHA HO ETSA E NNGWE YA DINTHO TSENA TSE THARO:

  1. O ka baleha.

  2. Wa re ke e mong.

  3. Wa bolella moahisani se etsahetseng, mme wa ithaopela ho e patala.

O ka nna wa batla ho kgetha A. Empa ke ha bohlokwa hore o dumele diphoso tsa hao, ho sa tsotelle hore na o entseng.

MABAKA A MARARO A BONTSHANG BOHLOKWA BA HO DUMELA DIPHOSO TSA HAO

  1. Ke ntho e nepahetseng.

    Bibele e re: “Re lakatsa ho itshwara ka botshepehi dinthong tsohle.”—Baheberu 13:18.

  2. Hangata batho ba tla o tshwarela ha o dumela diphoso tsa hao.

    Bibele e re: “Ya kwahelang ditlolo tsa hae a ke ke a atleha, empa ya di bolelang mme a di tlohela o tla bontshwa mohau.” —Liproverbia 28:13.

  3. Ntho ya bohlokwa le ho feta, o tla thabisa Modimo.

    Bibele e re: “Motho ya mano ke ntho e manyala ho Jehova, empa o na le kamano e haufiufi le ba lokileng.”—Liproverbia 3:32.

Karina ya dilemo di 20 o ile a patela ntate wa hae hore o fumane tekete ya ho kganna ka lebelo le phahameng. Empa ntate wa hae o ile a qetella a tsebile. Karina o re: “Ka mora hore ho fete selemo ke e patile, ntate o ile a fumana tekete eo. Ke ile ka kena mathateng!”

O ile a ithutang ho see? Karina o re: “Ho thola ha o entse phoso ho senya ditaba le ho feta, hobane ka le leng di tla hlahella mme o tla kotula seo o se jetseng!”

O KA ITHUTA DIPHOSONG TSA HAO

Bibele e re: “Kaofela re kgoptjwa hangata.” (Jakobo 3:2) Ka hoo, jwalo ka ha re bone, motho ya dumelang diphoso tsa hae hanghang o bontsha hore o hodile kelellong ebile o ikokobeditse.

Ntlha e nngwe ke hore o ithute diphosong tsa hao. Ngwanana e mong ya bitswang Vera o re: “Ke leka ho ithuta ho hong diphosong tsa ka, mme seo se nthusa hore ke se ke ka di pheta nakong e tlang.” A re boneng hore na o ka etsa seo jwang.

Ntate wa hao o o adimile baesekele, jwale e a robeha. O ka etsang?

  • Na o tla thola, o tshepe hore a ke ke a e bona?

  • O tla bolella ntate wa hao se etsahetseng.

  • O tla bolella ntate wa hao se etsahetseng, ebe o re ke motho e mong.

O feitse tlhahlobo hobane o ne o sa bala. O ka etsang?

  • Na o tla re ke hobane e ne e le thata?

  • O tla dumela hore ke hobane o ne o sa bala.

  • O tla re ke hobane titjhere e sa o rate.

Ngwanana o shebile seipone se bontshang dikoloi tse tlang ka morao

Ho dula o nahana ka diphoso tsa hao tsa nakong e fetileng ho tshwana le ho kganna koloi o shebile seipone se bontshang dikoloi tse tlang ka morao

Jwale nahana ka dintho tseo re sa tswa bua ka tsona, ebe o nahana hore na o ne o tla etsang haeba o ne o le (1) ntate wa hao (2) kapa titjhere. Ntate wa hao le titjhere ya hao ba ne ba tla o nka jwang haeba o ile wa dumela phoso ya hao di sa tloha feela? Ka lehlakoreng le leng, ba ne ba tla nahanang ka wena hoja o ile wa pata phoso ya hao?

Jwale nahana ka phoso eo o ileng wa e etsa selemong se fetileng, ebe o araba dipotso tse latelang.

O ile wa etsa phoso efe? Yaba o etsang?

  • Ke ile ka e pata.

  • Ke ile ka re e entswe ke motho e mong.

  • Ke ile ka e dumela.

Haeba ha o a ka wa dumela phoso ya hao, o ile wa ikutlwa jwang ka mora moo?

  • Ke ile ka thabela hore ha ho na motho ya ileng a tseba!

  • Ke ile ka ikutlwa ke le molato, ka lakatsa eka nkabe ke ile ka bua nnete.

O ka be o ile wa etsa dintho jwang ka tsela e molemo?

O ithutileng phosong eo?

O NAHANANG KA SEE?

Ke hobaneng ha batho ba bang ba sa batle ho dumela diphoso tsa bona?

Batho ba tla reng ka wena ha o dula o batla ho pata diphoso tsa hao? Empa ba tla reng ha o di dumela?—Luka 16:10.

SEO KE RERANG HO SE ETSA

  • Dikgweding tse 12 tse tlang, o ikemiseditse ho etsang ka diphoso tsa hao?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share