THUTO YA 12
Jakobo o Fuwa Lefa
Isaka o ne a le dilemo di 40 ha a nyala Rebeka. O ne a mo rata haholo. Ha nako e ntse e ya, ba ile ba ba le mafahla a bashanyana.
Lefahla le leholo e ne e le Esau, le lenyenyane e le Jakobo. Esau o ne a rata ho ya naheng le ho tsoma empa Jakobo o ne a rata ho dula hae.
Mehleng eo, mora e moholo o ne a fuwa sebaka se seholo le tjhelete e ngata ha ntate wa hae a hlokahala. Ho ne ho thwe o fuwa lefa. Lelapeng la Isaka, seo se ne se bolela hore Esau o tla fuwa dintho tseo Jehova a neng a di tshepisitse Abrahama. Esau o ne a se na taba le ditshepiso tseo tsa Jehova empa Jakobo yena o ne a tseba hore ke tsa bohlokwa.
Ka le leng Esau o ile a fihla a kgathetse haholo ha a tswa ho tsoma. O ile a utlwa ho nkga dijo tse monate tseo Jakobo a di phehileng, yaba o re: ‘Ke shwele ke tlala! A ko ntshelle sopho eo e kgubedu.’ Jakobo a re: ‘Ke tla o fa empa ntshepise pele hore o tla mpha lefa la hao.’ Esau a re: ‘Ha ke na taba le lefa! O ka le nka. Nna ke ipatlela dijo feela.’ Na o nahana hore Esau o entse qeto e nepahetseng? Tjhe. Esau o ile a fana ka ntho ya bohlokwa haholo ka lebaka la sopho feela.
Ha Isaka a se a tsofetse, ho ile ha fihla nako ya hore a fe lefahla le leholo lefa. Empa Rebeka o ile a thusa Jakobo hore e be yena ya fuwang lefa. Esau o ile a tseba ka taba ena mme a kwata haholo hoo a ileng a rera ho bolaya ngwanabo. Isaka le Rebeka ba ne ba batla ho sireletsa Jakobo, yaba ba re ho yena: ‘Tsamaya o yo dula le malome wa hao Labane ho fihlela bohale ba Esau bo kokobela.’ Jakobo o ile a mamela keletso ya batswadi ba hae yaba o a baleha.
“Motho o tla fumana molemo ofe ha a rua lefatshe lohle empa a lahlehelwa ke bophelo ba hae? Motho a ka reka bophelo ba hae ka eng?”—Mareka 8:36, 37