THUTO YA 16
Jobo e ne e le Mang?
Naheng ya Utse ho ne ho ena le monna ya rapelang Jehova. Lebitso la hae e ne e le Jobo. O ne a ruile mme a ena le lelapa le leholo. O ne a le mosa, a bile a rata ho thusa bafutsana, basadi ba hlokahalletsweng ke banna le bana ba se nang batswadi. Ka ha Jobo o ne a etsa dintho tse ntle, na see se bolela hore o ne a sa tlo ba le mathata?
Jobo o ne a sa tsebe hore Satane Diabolose o mo shebile. Jehova o ile a re ho Satane: ‘Na o bone mohlanka wa ka Jobo? Ha ho motho ya tshwanang le yena lefatsheng. O a mmamela ebile o etsa dintho tse lokileng.’ Satane a araba a re: ‘O o mamela hobane o mo sireleditse ebile o mo hlohonolofaditse. O mo file masimo le diphoofolo empa ha o ka di tlosa a ke ke a hlola a o mamela.’ Jehova a re: ‘O ka di tlosa empa o se ke wa mo bolaya.’ Ke hobaneng ha Jehova a ile a dumella Satane hore a leke Jobo? O ne a kgodisehile hore Jobo o tla dula a tshepahala.
Satane o ile a bakela Jobo mathata a mangata. A qala ka ho romela batho ba bitswang Basabea hore ba utswe dikgomo le ditonki tsa hae. Ka mora moo, mollo wa bolaya dinku tsa Jobo kaofela. Batho ba bang ba bitswang Bakalde ba utswa dikamele tsa hae mme ba bolaya batho ba neng ba di hlokometse. Ha boela ha etsahala ntho e nngwe e mpe le ho feta. Bana bohle ba Jobo ba ile ba hlokahala ha ntlo eo ba leng ka ho yona e ba wela hodimo. Jobo o ile a utlwa bohloko empa ha a ka a tlohela ho sebeletsa Jehova.
Satane o ile a etsa hore Jobo a tswe mathopa hohle mmeleng hobane a batla ho mo utlwisa bohloko. Jobo o ne a opelwa haholo a bile a sa tsebe hore na ke hobaneng ha a etsahallwa ke dintho tsena. Le ha ho le jwalo, Jobo o ile a tswela pele ho sebeletsa Jehova mme Jehova o ne a bona dintho tsena kaofela. O ile a thaba ha a bona hore Jobo o a tshepahala.
Ka mora moo, Satane o ile a romela banna ba bararo hore ba leke Jobo. Yaba ba re ho yena: ‘E tlameha ebe o patile sebe seo o se entseng. Jwale Modimo o a o otla.’ Jobo a re: ‘Ha ke a etsa letho le lebe.’ Empa a qala ho nahana hore ke Jehova ya mo bakelang mathata ana kaofela mme a re ha a na toka.
Mohlankana e mong ya bitswang Elihu o ne a ntse a mametse ha ba bua. Yaba o re ho bona: ‘Dintho tseo le di buang ha se nnete. Jehova o lokile. A ke ke a etsa bokgopo. O bona ntho e nngwe le e nngwe mme o thusa batho ha ba na le mathata.’
Jwale Jehova a bua le Jobo a re: ‘O ne o le hokae ha ke etsa lehodimo le lefatshe? Hobaneng ha o re ha ke na toka? Ha o tsebe hore na ke hobaneng ha dintho tsena di etsahala.’ Jobo o ile a dumela phoso ya hae mme a re: ‘Ke fositse. Ke ile ka utlwela ka wena empa jwale ke a o tseba. Ha ho letho le ka o hlolang. Ke kopa o ntshwarele.’
Ka mora diteko tsena, Jehova o ile a fodisa Jobo mme a mo fa maruo a fetang ao a neng a ena le ona pele. Jobo o ile a phela ha monate nako e telele. Jehova o ile a mo hlohonolofatsa hobane a ile a mamela le ha ho ne ho le thata. Na le wena o tla dula o sebeletsa Jehova jwalo ka Jobo ho sa tsotellehe se ka nnang sa o hlahela?
“Le utlwile hore Jobo o ile a mamella mme [le utlwile le] seo Jehova a mo etseditseng sona.”—Jakobo 5:11