THUTO YA 17
Moshe o Kgetha ho Sebeletsa Jehova
Ba lelapa la Jakobo ba ne ba tsejwa ka hore ke Baiseraele ha ba le Egepeta. Ka mora lefu la Jakobo le la Josefa, Faro ya motjha o ile a qala ho busa. O ne a tshaba hore Baiseraele ba tla ba matla ho feta Baegepeta. Ka hoo, Faro a etsa Baiseraele makgoba. A ba qobella hore ba etse ditene le hore ba sebetse ka thata masimong. Baiseraele ba nna ba eketseha le hoja Baegepeta ba ne ba ba sebedisa ka thata. Faro ha a ka a thabela seo. Ka hoo, a laela hore masea ohle a bashanyana a Baiseraele a bolawe. A ko nahane feela hore na Baiseraele ba ile ba tshoha hakaakang.
Mme e mong wa Moiseraele ya bitswang Jokebede o ile a ba le ngwana wa moshanyana ya motle. A mo kenya ka basketeng yaba o mo pata mahlakeng a Noka ya Nile. Miriame o ne a dula a shebile baskete eo e le hore a bone se tla etsahala ka ngwanabo.
Ha moradi wa Faro a tla nokeng a tlo hlapa, a bona baskete eo. Ha a e bula a fumana ngwana ya ntseng a lla, yaba o mo utlwela bohloko. Miriame a mo botsa a re: ‘O batla ke o bitsetse mosadi ya tla o nyantshetsa ngwana eo?’ Moradi wa Faro a dumela, yaba Miriame o bitsa mme wa hae Jokebede. Moradi wa Faro a re ho yena: ‘Nka ngwana enwa, o nnyantshetse yena. Ke tla o patala.’
Ha ngwana a se a hodile, Jokebede a mo kgutlisetsa ho moradi wa Faro. Yaba o mo reha Moshe mme a mo hodisa e le mora wa hae. Moshe o ile a hola e le ngwana wa morena, a ena le ntho e nngwe le e nngwe eo a e batlang. Empa ha a ka a lebala Jehova. O ne a tseba hore ha se Moegepeta empa ke Moiseraele. Ka hoo, a kgetha ho sebeletsa Jehova.
Ha Moshe a le dilemo di 40, o ile a etsa qeto ya ho thusa batho ba habo. O ile a bona Moegepeta a otla Moiseraele. Ka hoo, a otla Moegepeta eo a ba a mo bolaya. Moshe a pata setopo sa Moegepeta eo lehlabatheng. Ha Faro a utlwa ka seo, a leka ho bolaya Moshe. Empa Moshe a baleha, a ipata naheng ya Midiane. Ha a le moo, Jehova a mo hlokomela.
“Moshe . . . o ile a bontsha hore o na le tumelo ka hore a hane ho bitswa mora wa moradi wa Faro. O ile a kgetha ho tshwarwa hampe ha mmoho le setjhaba sa Modimo.”—Baheberu 11:24, 25