THUTO YA 18
Sehlahla se Tukang
Moshe o ile a dula Midiane ka dilemo tse 40. Ha a le moo, a nyala mme a ba le bana. Ka letsatsi le leng ha a ntse a hlokometse dinku tsa hae pela Thaba ya Sinai, o ile a bona ntho e makatsang. Sehlahla se meutlwa se ne se tuka empa se sa tjhe. Ha Moshe a atamela ho bona hore na ho etsahalang, a utlwa lentswe le tswa sehlahleng mme le re: ‘Moshe! O se ke wa atamela ho feta moo. Rola dieta tsa hao hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela.’ Ke Jehova ya neng a bua a sebedisa lengeloi.
Moshe o ile a tshoha, yaba o ipata sefahleho. Lentswe leo la re: ‘Ke bone tsela eo Baiseraele ba sotlehileng ka yona. Ke tla ba ntsha Egepeta ke ba ise naheng e ntle. Ke wena ya tla ba etella pele.’ E tlameha e be seo se ile sa makatsa Moshe.
Moshe a botsa a re: ‘Ke tla reng ha batho ba mpotsa hore na ke ronngwe ke mang?’ Modimo a re: ‘O tla re Jehova, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaka le Modimo wa Jakobo ke yena ya o rommeng.’ Jwale Moshe a re: ‘Ke tla etsang haeba ba sa mmamele?’ Jehova a mo fa bopaki ba hore o tla mo thusa. A re Moshe a lahlele molamu wa hae fatshe. Yaba molamu oo o fetoha noha. Ha Moshe a tshwara noha eo ka mohatla, ya boela ya fetoha molamu. Jehova a re: ‘Pontsho ena e tla ba bopaki ba hore ke nna ya o rommeng.’
Moshe a re: ‘Ha ke tsebe ho bua hantle.’ Yaba Jehova o re ho yena: ‘Ke tla o bolella seo o lokelang ho se bua mme ke tla romela abuti wa hao Arone hore a tlo o thusa.’ Moshe o ne a tseba hore Jehova o na le yena. Ka hoo, a nka mosadi wa hae le bara ba hae mme ba kgutlela Egepeta.
“Le se ke la tshwenyeha ka hore na le tla reng kapa le tla bua jwang. Le tla tseba ka nako eo hore na le reng.”—Matheu 10:19