THUTO YA 26
Dihlwela Tse 12
Ha Baiseraele ba tloha Thabeng ya Sinai ba ile ba feta lehwatateng la Parane mme ba fihla sebakeng se bitswang Kadeshe. Ha ba le moo, Jehova a re ho Moshe: ‘Roma banna ba 12, a le mong ho tswa lelokong ka leng, hore ba yo sheba naha ya Kanana eo ke tla e fa Baiseraele.’ Ka hoo, Moshe o ile a kgetha banna ba 12 mme a re ho bona: ‘Tsamayang le ye Kanana mme le bone hore na naha eo e ntle bakeng sa temo kapa tjhe. Le bone hore na batho ba moo ba matla kapa ba a fokola le hore na ba dula ditenteng kapa metseng.’ Dihlwela tse 12 tse neng di akarelletsa Joshua le Kalebe, di ile tsa ya Kanana.
Dihlwela tseo di ile tsa kgutla ka mora matsatsi a 40, di nkile difeiga, dikgarenate le morara. Di ile tsa re: ‘Ke naha e ntle empa batho ba teng ba matla le metse ya teng e sireleditswe ka marako a maholo.’ Yaba Kalebe o re: ‘Re ka ba hlola. A re yeng.’ Na o a tseba hore na ke hobaneng ha Kalebe a ne a tjho jwalo? Ke hobane yena le Joshua ba ne ba tshepile Jehova. Le ha ho le jwalo, dihlwela tse ding tse leshome di ile tsa re: ‘A re se keng ra ya. Batho ba moo ke dinatla. Re tshwana le ditsie ho bona.’
Baiseraele ba ile ba nyahama. Ba qala ho belaela ba re: ‘A re kgetheng moetapele e mong ya tla re kgutlisetsa Egepeta. Ha re batle ho ya shwella moo.’ Joshua le Kalebe ba ile ba re: ‘Tshepang Jehova mme le se ke la tshoha. Jehova o tla re sireletsa.’ Empa Baiseraele ha ba a ka ba mamela. Ho e na le hoo, ba batla ho bolaya Joshua le Kalebe.
Jehova o ile a etsang? O ile a re ho Moshe: ‘Baiseraele ba ntse ba hana ho mmamela le hoja ke ba etseditse dintho tse ngata hakana. Ka hoo, ba tla dula ba tsamaya lehwatateng mona ka dilemo tse 40 ba be ba shwelle teng. Ke bana ba bona feela le Joshua ha mmoho le Kalebe ba tla kena naheng eo ke ba tshepisitseng yona.’
“Ke hobaneng ha le tshohile hakaale? Tumelo ya lona e fokola hakaakang!”—Matheu 8:26