THUTO YA 27
Ba Ile ba Fetohela Jehova
Ka mora nakwana Baiseraele ba le lehwatateng, Kora, Dathane, Abirame le banna ba bang ba 250 ba ile ba fetohela Moshe. Ba ile ba re ho yena: ‘Re utlwile ho lekane ke wena! Ke hobaneng ha e lokela ho ba wena moetapele wa rona le Arone e lokela ho ba moprista ya phahameng? Le rona Jehova o a re sebedisa, ha a sebedise wena le Arone feela.’ Jehova ha a ka a thabiswa ke seo. O ile a nka hore ba fetohela yena.
Moshe o ile a re ho Kora le batshehetsi ba hae: ‘Hosane le tle tabernakeleng le nkile dipane tsa mollo tse nang le dibano. Jehova o tla re bontsha hore na o kgethile mang.’
Ka le hlahlamang, Kora le banna ba 250 ba ile ba ya tabernakeleng ho ya kopana le Moshe. Ba fihla ba tjhesa dibano jwalo ka ha eka ke baprista. Jehova o ile a re ho Moshe le Arone: ‘Ikaroleng ho Kora le banna ba hae.’
Le hoja Kora a ile a ya ho Moshe tabernakeleng, Dathane, Abirame le ba malapa a bona ba ile ba hana ho ya. Jehova o ile a re Baiseraele ba emelle hole le tente ya Kora, ya Dathane le ya Abirame. Ka hoo, ba ikarola hanghang. Dathane, Abirame le ba malapa a bona ba ema ka pela ditente tsa bona. Ka tshohanyetso lefatshe la ahlama mme la ba kwenya! Ha Kora le banna ba hae ba 250 ba le tabernakeleng, mollo wa theoha lehodimong mme wa ba tjhesa.
Jehova o ile a re ho Moshe: ‘Nka molamu wa moetapele wa leloko le leng le le leng mme o ngole lebitso la hae ho wona. Empa molamung wa leloko la Levi, o ngole lebitso la Arone. O kenye melamu eo kaofela ka tabernakeleng. Molamu wa motho eo ke tla mo kgetha o tla mela dipalesa.’
Ka le hlahlamang, Moshe o ile a ntsha melamu eo mme a e bontsha baetapele ba setjhaba. Molamu wa Arone o ne o metse dipalesa ebile o ena le dialmonde tse butswitseng. Ke yona tsela eo Jehova a ileng a bontsha ka yona hore o kgethile Arone hore ebe moprista ya phahameng.
“Mamelang ba le etellang pele le be le ikokobeletse bona.”—Baheberu 13:17