LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 35 leq. 86
  • Anna o Rapella ho ba le Mora

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Anna o Rapella ho ba le Mora
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Dumella Jehova Hore a o Kgothatse
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • Tshollela Pelo ya Hao ho Jehova ha o Rapela
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Jehova o Bona Dikeledi Tsa Hao
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Phehella Kgotso o Qobe Tlhodisano
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 35 leq. 86
Anna o isa Samuele e monyenyane ho Eli tabernakeleng

THUTO YA 35

Anna o Rapella ho ba le Mora

Monna wa Moiseraele ya bitswang Elkana o ne a ena le basadi ba babedi, e leng Anna le Penina mme a rata Anna ho feta Penina. Penina o ne a dula a soma Anna hobane a se na bana empa yena a ena le ba bangata. Elkana o ne a tsamaya le ba lelapa la hae selemo le selemo ho ya rapela tabernakeleng e Shilo. Ka le leng ha ba le moo, a bona hore Anna o utlwile bohloko haholo. Yaba o re: ‘Anna, o se ke wa lla. Ke ntse ke le teng. Ke a o rata.’

Ha morao, Anna o ile a yo rapela a le mong. O ne a ntse a lla ha a kopa Jehova hore a mo thuse. O ile a re: ‘Jehova haeba o ka mpha mora, ke tla o fa yena hore a o sebeletse bophelo bohle ba hae.’

Moprista ya Phahameng Eli o bona Anna a rapela a ntse a lla

Moprista ya Phahameng Eli o ile a bona Anna a ntse a lla yaba o nahana hore o tahilwe. Empa Anna a re ho yena: ‘Tjhe morenaka, ha ke a tahwa. Ke ntse ke bolella Jehova bothata ba ka.’ Eli o ile a hlokomela hore o entse phoso ha a re Anna o tahilwe yaba o re: ‘E se eka Modimo a ka o fa seo o se kopang.’ Anna o ile a ikutlwa a imolohile yaba o a tsamaya. Ka mora dikgwedi tse seng kae, o ile a ba le mora yaba o mo reha Samuele. O ka inahanela feela hore na Anna o ne a thabile hakaakang!

Anna ha a ka a lebala tshepiso ya hae ho Jehova. O ile a isa Samuele tabernakeleng a sa le monyenyane hore a yo sebeletsa Jehova. O ile a re ho Eli: ‘Enwa ke mora eo ke ileng ka rapela Jehova hore a mphe yena. Ke fana ka yena hore a mo sebeletse bophelo bohle ba hae.’ Elkana le Anna ba ne ba tjhakela Samuele selemo se seng le se seng, ba mo tlisetsa seaparo se se nang matsoho. Jehova o ile a fa Anna bara ba bang ba bararo le baradi ba babedi.

“Le nne le kope, le tla fuwa. Le nne le batle, le tla fumana. Hape le nne le kokote, le tla bulelwa.”​—Matheu 7:7

Dipotso: Ke hobaneng ha Anna a ne a utlwile bohloko? Jehova o ile a arabela thapelo ya Anna jwang?

1 Samuele 1:1–2:​11, 18-21

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share