THUTO YA 40
Davida le Goliathe
Jehova o ile a re ho Samuele: ‘E ya lelapeng la Jese. E mong wa bara ba hae e tla ba morena wa Iseraele.’ Ka hoo, Samuele a ya lelapeng la Jese. Ha a bona mora e moholo, a re: ‘Enwa e tlameha ebe ke yena ya kgethilweng ke Jehova.’ Empa Jehova a bolella Samuele hore ha se yena. A re: ‘Ke sheba se ka pelong ya motho, eseng ponahalo ya hae feela.’
Jese o ile a tlisa bara ba hae ba bang ba tsheletseng ho Samuele. Empa Samuele a re ho yena: ‘Ha ho le ya mong wa bona eo Jehova a mo kgethileng. Na o na le bara ba bang?’ Jese a re: ‘Ke na le e mong wa ho fela, lebitso la hae ke Davida. O disitse dinku.’ Ha Davida a fihla, Jehova a re ho Samuele: ‘Ke kgethile enwa!’ Samuele a tshela Davida ka oli hloohong, a mo tlotsa hore e be morena ya latelang wa Iseraele.
Ha nako e ntse e ya, Baiseraele ba ile ba ya ntweng le Bafilista mme Bafilista ba ne ba ena le lesole la senatla le bitswang Goliathe. Goliathe o ne a rohaka Baiseraele letsatsi le letsatsi. O ile a hweletsa a re: ‘Romelang monna ya tla lwana le nna. Ha a ka ntlhola, re tla ba bahlanka ba lona. Empa ha nka mo hlola, le tla ba bahlanka ba rona.’
Davida o ne a tliseditse boabuti ba hae ba neng ba le lebothong la Iseraele dijo. Ha a utlwa mantswe a Goliathe a re: ‘Ke tla ya ke yo mo lwantsha!’ Morena Saule a re: ‘Empa o sa le moshanyana.’ Davida a re: ‘Jehova o tla nthusa.’
Saule o ile a fa Davida diaparo tsa hae tsa ntwa empa Davida a re: ‘Diaparo tsena di a nkimela, nke ke ka kgona ho lwana ke di apere.’ Yaba Davida o nka letjeketjane la hae o ya nokeng. A kgetha majwe a mahlano a boreledi, a a kenya ka mokotleng wa hae. A ntano mathela ho Goliathe. Senatla seo sa hweletsa sa re: ‘Moshanyana towe, tloo kwano. Ke tlo o fa dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo tse hlaha.’ Empa Davida ha a ka a tshoha. A mo araba a re: ‘O tla ho nna ka sabole le lerumo empa nna ke tla ho wena ka lebitso la Jehova. Ha o lwantshe rona empa o lwantsha Modimo. Batho bohle ba tla bona hore Jehova o matla ho feta sabole kapa lerumo. O tla re thusa hore re le hlole.’
Davida a kenya lejwe letjeketjaneng la hae yaba o le betsa ka matla ohle a hae. Jehova a mo thusa hore a otle Goliathe ka lejwe leo phatleng. Senatla seo sa wela fatshe. Yaba Bafilista ba a baleha. Na le wena o tshepa Jehova jwalo ka Davida?
“Ho batho ho ke ke ha kgoneha empa ho Modimo ha ho jwalo hobane dintho tsohle di a kgoneha ho Modimo.”—Mareka 10:27