THUTO YA 43
Morena Davida o Etsa Sebe
Davida e ile ya eba morena ka mora lefu la Saule. O ne a le dilemo di 30. Ho ile ha feta dilemo tse ngata e le morena mme ka bosiu bo bong ha a le ka hodima ntlo ya hae ya borena, a bona mosadi e mong ya motle. Davida o ile a utlwa hore lebitso la hae ke Bathe-sheba mme monna wa hae ke Uria le hore ke lesole. Davida o ile a bitsetsa Bathe-sheba ntlong ya hae ya borena yaba o robala le yena mme Bathe-sheba a ima. Davida o ile a leka ho pata seo a se entseng. A bolella molaodi wa sesole hore a behe Uria ka pele ntweng ebe ba tjhetjhella morao. Ka mora hore Uria a bolawe ntweng, Davida a nyala Bathe-sheba.
Empa Jehova o ile a bona dintho tsohle tse mpe tse etsahetseng. O ile a etsang? O ile a roma moprofeta Nathane ho Davida. Nathane a fihla a re: ‘Monna e mong wa morui o ne a ena le dinku tse ngata mme wa mofutsana a ena le e le nngwe feela eo a e ratang haholo. Monna wa morui o ile a nka nku ya monna eo wa mofutsana.’ Davida a halefa yaba o re: ‘Monna eo wa morui o lokela ho bolawa!’ Yaba Nathane o re ho Davida: ‘Monna eo wa morui ke wena!’ Davida o ile a utlwa bohloko mme a re ho Nathane: ‘Ke sitetswe Jehova.’ Sebe seo se ile sa bakela Davida le ba lelapa la hae mathata a mangata. Jehova o ile a kgalemela Davida empa a se ke a mo bolaya hobane o ile a bua nnete mme a ikokobetsa.
Davida o ne a batla ho hahela Jehova tempele empa Jehova o ile a kgetha mora wa Davida ya bitswang Solomone hore e be yena ya e hahang. Davida o ile a bokelletsa dintho tseo Solomone a tla di hloka mme a re: ‘Tempele ya Jehova e lokela ho ba ntle. Solomone o ntse a le monyenyane, ka hoo ke tla mo thusa ho bokella dintho tseo a tla di hloka.’ Ka hoo, Davida a fana ka tjhelete e ngata e le hore ho hahwe tempele. O ile a batla batho ba tsebang ho haha. A bokella kgauta le silevera mme a lata mapolanka Tire le Sidone. Pele Davida a shwa, o ile a fa Solomone moralo wa hore na a hahe tempele jwang. A re ho yena: ‘Jehova o itse ke o ngolle dintho tsena. Jehova o tla o thusa. O se ke wa tshoha. Eba sebete mme o sebetse.’
“Motho ya patang diphoso tsa hae a ke ke a atleha empa ya di bolelang mme a di bakela o tla hauhelwa.”—Diproverbia 28:13