LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 45 leq. 110-leq. 111 ser. 2
  • Mmuso o a Arolwa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mmuso o a Arolwa
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • A ka be a ile a Amohelwa ke Modimo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Kakaretso ya 1 Marena
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 45 leq. 110-leq. 111 ser. 2
Akija o kgaola seaparo sa hae dikoto tse 12 ka pela Jeroboame

THUTO YA 45

Mmuso o a Arolwa

Ha Solomone a ntse a rapela Jehova, ho ne ho ena le kgotso Iseraele. Empa Solomone o ile a nyala basadi ba bangata ba tswang dinaheng tse ding mme basadi bao ba ne ba rapela ditshwantsho. Butlebutle Solomone o ile a fetoha mme a qala ho rapela ditshwantsho. Seo se ile sa halefisa Jehova. O ile a re ho Solomone: ‘Borena ba Iseraele bo tla tloswa lelapeng la hao mme setjhaba se tla arohana. Ke tla fa e mong wa bahlanka ba hao karolo e kgolo mme lelapa la hao le tla busa karolo e nyenyane.’

Jehova o ile a hlakisa qeto ya hae ka tsela e nngwe hape. Mohlanka e mong wa Solomone ya bitswang Jeroboame o ile a kopana le moprofeta Akija tseleng. Moprofeta eo o ile a kgaola seaparo sa hae dikarolo tse 12 yaba o re ho Jeroboame: ‘Jehova o tla tlosa mmuso wa Iseraele lelapeng la Solomone mme a o arole dikoto tse pedi. Nka tse leshome hobane o tla ba morena wa maloko a leshome.’ Morena Solomone a utlwa ka sena mme a batla ho bolaya Jeroboame. Ka hoo, Jeroboame a balehela Egepeta. Ha nako e ntse e ya, Solomone o ile a shwa mme mora wa hae Roboame ya eba morena. Yaba Jeroboame o kgutlela Iseraele.

Baiseraele ba bangata ba ile ba etsa mahlabelo bakeng sa namane ya kgauta e entsweng ke Jeroboame

Banna ba baholo ba Iseraele ba re ho Roboame: ‘Ha o ka tshwara setjhaba hantle se tla o tshepahalla.’ Empa metswalle ya Roboame ya re: ‘O lokela ho ba tshwara ka thata! Etsa hore ba sebetse ka thata le ho feta!’ Yaba Roboame o mamela keletso ya metswalle ya hae. A tshwara setjhaba hampe yaba se a mo fetohela. Sa etsa Jeroboame morena wa maloko a leshome. Maloko a setseng a mabedi a ile a tsebahala e le mmuso wa Juda mme a tswela pele a tshepahalla Roboame. Ka tsela eo, maloko a 12 a Iseraele a ile a arohana.

Jeroboame o ne a sa batle ha batho ba hae ba ya Jerusalema ho ya rapela, ka ha e ne e le karolong ya mmuso wa Roboame. Ebe ke hobaneng? Jeroboame o ne a tshaba hore ba tla mo fetohela mme ba tshehetse Roboame. Yaba o etsa manamane a mabedi a kgauta mme o re ho setjhaba: ‘Jerusalema e hole haholo. Le tla rapella mona.’ Batho ba qala ho rapela namane ya kgauta yaba ba lebala Jehova hape.

“Le se ke la kena jokong le batho bao e seng badumedi. Ho loka le tlolo ya molao di kopana hokae? . . . Kapa na ho na le ntho eo motho ya dumelang ho Kreste le ya sa dumeleng ho Kreste ba tshwanang ka yona?”​—2 Bakorinthe 6:​14, 15

Dipotso: Ke hobaneng ha setjhaba sa Iseraele se ile sa arohana? Morena Roboame le Morena Jeroboame ba ile ba etsa dintho dife tse mpe?

1 Marena 11:​1-13, 26-43; 12:​1-33

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share