LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 51 leq. 124-leq. 125 ser. 2
  • Naamane le Ngwanana wa Moiseraele

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Naamane le Ngwanana wa Moiseraele
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 51 leq. 124-leq. 125 ser. 2
Naamane o ya ho Elisha hore a mo fodise

THUTO YA 51

Naamane le Ngwanana wa Moiseraele

Ho ne ho ena le ngwanana e mong wa Moiseraele ya neng a dula naheng ya Siria, e hole le habo. Masole a Siria a ne a mo nkile ho batho ba habo mme jwale a sebeletsa mosadi wa mookamedi wa masole ya bitswang Naamane. Ngwanana eo o ne a rapela Jehova, le hoja batho bao a dulang le bona ba ne ba sa mo rapele.

Naamane o ne a tswile lepera mme le mo utlwisa bohloko haholo. Ngwanana eo o ne a batla ho mo thusa. Yaba o re ho mosadi wa Naamane: ‘Ke tseba motho ya ka fodisang ntate Naamane. Ho na le moprofeta wa Jehova ya bitswang Elisha Iseraele. A ka kgona ho fodisa ntate Naamane.’

Yaba mosadi wa Naamane o bolella Naamane seo ngwanana eo a mo bolelletseng sona. Ka ha Naamane o ne a ikemiseditse ho etsa eng kapa eng e le hore a fole, o ile a dumela ho ya ho Elisha naheng ya Iseraele. O ne a lebelletse hore Elisha o tla mo tshwara ka tsela e kgethehileng. Empa ho ena le hore Elisha a ye ho yena, a roma mohlanka wa hae hore a yo mo dumedisa mme a re ho yena: ‘Eya Nokeng ya Jordane mme o hlape ka ho yona ka makgetlo a supileng. Ka mora moo, o tla fola.’

Naamane o ile a utlwa bohloko haholo. A re: ‘Ke ne ke nahana hore moprofeta enwa o tla bitsa lebitso la Modimo wa hae a be a foke matsoho pele a mphodisa. Ho fapana le hoo, o mpolella hore ke ye nokeng eo ya Iseraele. Re na le dinoka tse betere ho e feta Siria. Keng a sa re ke ye moo?’ Ka hoo, Naamane a tloha ha Elisha a halefile haholo.

Naamane o itlhatswa Nokeng ya Jordane mme o a fola

Empa bahlanka ba Naamane ba mo thusa hore a nahane hantle. Ba re ho yena: ‘Akere o batla ho fola? Moprofeta enwa ha a re o etse ntho e thata haholo. Ke hobaneng ha o sa etse seo a reng o se etse?’ Naamane a ba mamela. A ya Nokeng ya Jordane mme a kena ka ho yona ka makgetlo a supileng. Lekgetlong lena la bosupa, Naamane a tswa a fodile ka ho feletseng. O ne a thabile haholo. Ka hoo a kgutlela ho Elisha ho ya mo leboha. Naamane a re: ‘Jwale ke a tseba hore Jehova ke Modimo wa nnete.’ O nahana hore ngwanana eo wa Moiseraele o ile a ikutlwa jwang ha Naamane a kgutla a fodile?

“O etsa hore masea le bana ba banyenyane ba o rorise.” ​—Matheu 21:16

Dipotso: Na ho ne ho le bonolo hore ngwanana wa Moiseraele a bue le mosadi wa Naamane? O nahana hore keng e mo thusitseng hore a be sebete?

2 Marena 5:​1-19; Luka 4:27

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share