LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 52 leq. 126-leq. 127 ser. 1
  • Lebotho le Matla la Jehova

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Lebotho le Matla la Jehova
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Kakaretso ya 2 Marena
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Ba Nang le Rona ba Bangata ho Feta ba Nang le Bona
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 52 leq. 126-leq. 127 ser. 1
Elisha le mohlanka wa hae ba potapotilwe ke lebotho la Basiria

THUTO YA 52

Lebotho le Matla la Jehova

Morena wa Siria ya bitswang Ben-hadade o ne a atisa ho hlasela Baiseraele. Empa morena wa Iseraele o ne a dula a phonyoha hobane moprofeta Elisha o ne a mo lemosa esale pele. Yaba Ben-hadade o rera ho tshwara Elisha. A utlwa hore Elisha o motseng wa Dothane, mme a romela masole a Siria ho ya mo tshwara.

Basiria ba fihla Dothane bosiu. Ka le hlahlamang hoseng, ha mohlanka wa Elisha a tswela ka ntle a fumana hore motse o potapotilwe ke Basiria ba bangata. O ile a tshoha haholo mme a hweletsa a re: ‘Elisha, jonna re tlo etsa jwang?’ Elisha a re ho yena: ‘Ba nang le rona ba bangata ho ba feta.’ Ka nako eo, Jehova a etsa hore mohlanka wa Elisha a bone dipere le dikoloi tse ngata tsa ntwa dithabeng tse potolohileng motse oo.

Elisha le mohlanka wa hae ba bona lebotho la mangeloi a ba potapotileng

Ha masole a Siria a leka ho tshwara Elisha, o ile a rapela a re: ‘Jehova ke kopa o a foufatse.’ Yaba hanghang masole ao ha a sa tseba hore na a hokae, le hoja a ne a ntse a bona. Elisha a re ho ona: ‘Le motseng o sele. Ntshaleng morao, ke tla le isa ho motho eo le mo batlang.’ Yaba a latela Elisha mme o a isa Samaria, moo morena wa Iseraele a dulang teng.

Ha masole a fihla moo, ke hona a ileng a bona hore na a hokae. Morena wa Iseraele a re ho Elisha: ‘Ke a bolaye?’ Na Elisha o ile a batla ho iphetetsa ho batho baa ba neng ba batla ho mo utlwisa bohloko? Tjhe. Elisha o ile a re: ‘O se ke wa a bolaya. A fe dijo mme ha o qeta o a lokolle a itsamaele.’ Yaba morena o etsa mokete o moholo o a a fepa mme ka mora moo a a lokolla.

Masole a Siria a ja dijo Samaria

“Re kgodisehile hore ho sa tsotellehe hore na re kopa eng ho Modimo, ha feela e le tumellanong le thato ya hae, o tla re utlwa.”​—1 Johanne 5:14

Dipotso: Jehova o ile a sireletsa Elisha le mohlanka wa hae jwang? Na o nahana hore Jehova a ka o sireletsa le wena?

2 Marena 6:​8-24

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share