LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 57 leq. 138-leq. 139 ser. 1
  • Jehova o Roma Jeremia ho ya Bolela Molaetsa wa Hae

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jehova o Roma Jeremia ho ya Bolela Molaetsa wa Hae
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Le be Sebete Jwalo ka Jeremia
    Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 57 leq. 138-leq. 139 ser. 1
Jeremia o tjhwatla nkgo ya letsopa ka pela baholo

THUTO YA 57

Jehova o Roma Jeremia ho ya Bolela Molaetsa wa Hae

Jehova o ile a kgetha Jeremia hore e be moprofeta Juda. O ile a re a phatlalatse molaetsa wa hae a be a lemose batho hore ba tlohele ho etsa dintho tse mpe. Yaba Jeremia o re ho Jehova: ‘Empa ke sa le moshanyana. Ha ke tsebe hore na ke tla reng ho bona.’ Jehova a re ho yena: ‘O se ke wa tshoha. Ke tla o bolella seo o lokelang ho se bua. Ke tla o thusa.’

Jehova o ile a re Jeremia a bokelle baetapele ba setjhaba mme a tjhwatle nkgo ya letsopa ka pela bona ebe o re: ‘Jerusalema e tla fediswa ka tsela ena.’ Ha Jeremia a etsa seo Jehova a itseng a se etse, baetapele bao ba halefa haholo. Yaba moprista e mong ya bitswang Pashkure o otla Jeremia mme a mo kenya ditlamong tsa mapolanka. Ka hoo, Jeremia a qeta bosiu kaofela a sa kgone ho sisinyeha. Ha Pashkure a mo lokolla hoseng, Jeremia a re: ‘Ke utlwile ho lekane. Nke ke ka hlola ke bolela molaetsa wa Jehova.’ Empa na o ile a kgaotsa ho o bolela? Tjhe. Ha Jeremia a nahanisisa ka taba ena, o ile a re: ‘Molaetsa wa Jehova o ntjhesa jwalo ka mollo. Nke ke ka kgaotsa ho o bolela.’ Ka hoo, Jeremia a tswela pele ho lemosa batho.

Ho ile ha feta dilemo tse ngata, yaba ho ba le morena e motjha Juda. Baprista le baprofeta ba bohata ba ne ba sa rate molaetsa wa Jeremia. Yaba ba re ho bara ba morena: ‘Monna enwa o lokela ho shwa.’ Ka hoo, Jeremia a re: ‘Haeba le mpolaya, le tla be le bolaya motho ya se nang molato. Ke le bolella molaetsa wa Jehova, eseng wa ka.’ Ha bara ba morena ba utlwa seo, ba re: ‘Ha re na lebaka la ho bolaya monna enwa.’

Ka hoo, Jeremia a tswela pele ho bolela molaetsa wa Jehova empa bara ba morena ba halefa haholo. Ba kopa morena hore a bolaye Jeremia. Yaba morena eo o re ba ka etsa ntho le ha e le efe eo ba e batlang ka yena. Ka hoo, ba nka Jeremia ba mo lahlela ka sekoting se tebileng se nang le seretse, ba nahana hore o tla shwa. Jeremia a qala ho teba ka seretseng.

Ebedemeleke le banna ba bang ba ntsha Jeremia ka sekoting

Jwale molaodi wa lekgotla ya bitswang Ebedemeleke a ya ho morena mme a re: ‘Bara ba hao ba akgetse Jeremia ka sekoting! Haeba re mo tlohela ka moo, o tlo shwa.’ Ka hoo, morena a re Ebedemeleke a nke banna ba 30 mme ba ntshe Jeremia ka sekoting. Le rona re lokela ho tshwana le Jeremia hobane ha a ka a dumella letho hore le mo thibele ho bolela molaetsa wa Jehova.

“Batho bohle ba tla le hloya ka lebaka la lebitso la ka empa ya mameletseng ho fihlela qetellong ke yena ya tla pholoha.”​—Matheu 10:22

Dipotso: Ke hobaneng ha Jeremia a ile a mamela Jehova, le hoja a ne a le monyenyane? Ke bomang ba ileng ba leka ho thibela Jeremia hore a se ke a bolela molaetsa wa Jehova?

Jeremia 1:​1-19; 19:​1-11; 20:​1-13; 25:​8-11; 26:​7-16; 38:​1-13

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share