LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 68 leq. 162-leq. 163 ser. 1
  • Elizabetha o ba le Ngwana

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Elizabetha o ba le Ngwana
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 68 leq. 162-leq. 163 ser. 1
Zakaria o bolella metswalle le beng ka yena hore lebitso la ngwana e tla ba Johanne

THUTO YA 68

Elizabetha o ba le Ngwana

Dilemo tse fetang 400 ka mora hore marako a Jerusalema a tsosoloswe, ho ne ho ena le moprista ya bitswang Zakaria le mosadi wa hae Elizabetha, ba neng ba dula haufi le motse oo. E ne e se e le kgale ba nyalane empa ba se na bana. Ka letsatsi le leng ha Zakaria a ntse a nyehela dibano sehalalelong sa tempele, lengeloi Gabariele la itlhahisa ho yena. Zakaria o ile a tshoha empa Gabariele a re ho yena: ‘O se ke wa tshoha. Ke o tliseditse ditaba tse monate tse tswang ho Jehova. Mosadi wa hao Elizabetha o tla ba le mora mme le tla mo reha Johanne. Jehova o kgethile Johanne hore a etse mosebetsi o kgethehileng.’ Zakaria a mo botsa a re: ‘Ke tla tsebella kae hore o bua nnete? Nna le mosadi wa ka re se re tsofetse hore re ka ba le ngwana.’ Yaba Gabariele o re ho yena: ‘Ke Modimo ya itseng ke o bolelle ditaba tsena. Empa ka ha ha o nkgolwe, o tla ba semumu ho fihlela ngwana a hlahile.’

Zakaria o ile a qeta nako e telele ho feta eo a tlwaetseng ho e qeta a le ka sehalalelong. Ka hoo qetellong ha a tswa, batho ba neng ba le ka ntle ba batla ho tseba hore na ho etsahetseng. Empa Zakaria o ne a sa kgone ho bua. O ne a kgona ho bua ka matsoho feela. Yaba batho ba a hlokomela hore Zakaria o bolelletswe ditaba tse tswang ho Modimo.

Ha nako e ntse e ya, Elizabetha o ile a ima mme a ba le ngwana wa moshanyana, feela jwalo ka ha lengeloi le ne le boletse. Metswalle le beng ka yena ba tla ho tla bona ngwana. Ba ne ba mo thabetse haholo. Elizabetha a re: ‘Lebitso la hae e tla ba Johanne.’ Ba re: ‘Ha ho na motho ya bitswang Johanne lelokong la habo lona. Mo rehelleng ka Zakaria, ntate wa hae.’ Empa Zakaria a ngola fatshe a re: ‘Lebitso la hae ke Johanne.’ Ka yona nako eo, Zakaria a boela a kgona ho bua. Ditaba tsa hore Johanne o teng tsa tlala hohle Judea mme batho ba ipotsa ba re: ‘Ngwana enwa e tla ba eng ha a hola?’

Jwale Zakaria a tlala moya o halalelang. A profeta a re: ‘Ho roriswe Jehova. O tshepisitse Abrahama hore o tla romela Mesia ho re lopolla. Johanne e tla ba moprofeta mme a lokisetse Mesia tsela.’

Maria ya amanang le Elizabetha le yena o ile a etsahallwa ke ntho e hlollang. A re utlwe hore na yena o ile a etsahallwa ke eng kgaolong e latelang.

“Ho batho ho ke ke ha kgoneha empa dintho tsohle di a kgoneha ho Modimo.”​—Matheu 19:26

Dipotso: Gabariele o ile a reng ho Zakaria? Johanne o ne a tla etsa mosebetsi ofe o kgethehileng?

Matheu 11:​7-14; Luka 1:​5-25, 57-79; Esaia 40:3; Malakia 3:1

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share