LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 69 leq. 164-leq. 165 ser. 2
  • Gabariele o Etela Maria

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Gabariele o Etela Maria
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 69 leq. 164-leq. 165 ser. 2
Lengeloi Gabariele le tla ho Maria

THUTO YA 69

Gabariele o Etela Maria

Lengeloi le hlaha ho Josefa torong

Elizabetha o ne a amana le morwetsana e mong ya bitswang Maria, ya neng a dula motseng wa Nazaretha o Galilea. Maria o ne a tlo nyalwa ke Josefa wa mmetli wa mapolanka. Ha Elizabetha e le moimana wa dikgwedi tse tsheletseng, lengeloi Gabariele la tla ho Maria la re: ‘Dumela Maria. Jehova o o hlohonolofaditse haholo.’ Maria ha a ka a utlwisisa hore na seo se bolelang. Yaba Gabariele o re ho yena: ‘O tla ima mme o tswale mora, o tla mo reha lebitso la Jesu. E tla ba Morena mme Mmuso wa hae o ke ke wa fela.’

Maria a re: ‘Empa ha ke a nyalwa. Nka ba le ngwana jwang?’ Gabariele a re: ‘Ha ho letho leo Jehova a ke keng kgona ho le etsa. Moya o halalelang o tla theohela hodima hao mme o tla ba le mora. Mong ka wena Elizabetha le yena ke moimana.’ Yaba Maria o re: ‘Ke lekgoba la Jehova. E se eka ho ka etsahala seo o se buileng.’

Josefa o nyala Maria wa moimana

Ka mora moo, Maria a etela Elizabetha motseng o maralleng. Ha Maria a mo dumedisa, lesea le ka mpeng ya Elizabetha la tlola. Elizabetha a tlala moya o halalelang mme a re: ‘Maria, Jehova o o hlohonolofaditse. Ke tlotla ho etelwa ke mme wa Morena wa ka.’ Maria a re: ‘Ke tlotlisa Jehova ka pelo ya ka yohle.’ Maria o ile a qeta dikgwedi tse tharo a ena le Elizabetha, yaba o kgutlela ha habo Nazaretha.

Ha Josefa a utlwa hore Maria ke moimana, a rera ho mo hlala. Empa lengeloi la tla ho yena ka toro mme la re: ‘O se ke wa tshaba ho nyala Maria. Ha a etsa letho le phoso.’ Ka hoo, Josefa a nyala Maria mme a mo isa lapeng.

“Jehova o etsa ntho e nngwe le e nngwe eo a batlang ho e etsa lehodimong le lefatsheng.”​—Pesaleme ya 135:6

Dipotso: Gabariele o ile a reng ho Maria mabapi le mora wa hae? Elizabetha le Maria ba ile ba ikutlwa jwang ka se ba etsahalletseng?

Matheu 1:​18-25; Luka 1:​26-56; Esaia 7:​14; 9:7; Daniele 2:​44; Bagalata 4:4

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share