LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 92 leq. 214-leq. 215 ser. 1
  • Jesu o Hlaha ho Batshwasi ba Ditlhapi

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jesu o Hlaha ho Batshwasi ba Ditlhapi
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 92 leq. 214-leq. 215 ser. 1
Jesu o bua le barutuwa ba hae ha a ntse a besitse tlhapi mollong

THUTO YA 92

Jesu o Hlaha ho Batshwasi ba Ditlhapi

Ka mora hore Jesu a hlahe ho baapostola, Petrose o ile a ilo tshwasa ditlhapi Lewatleng la Galilea. Thomase, Jakobo, Johanne le baapostola ba bang ba ile ba tsamaya le yena. Ba ile ba leka ho tshwasa ditlhapi bosiu kaofela empa ba se ke ba di fumana.

Hoseng ba ile ba bona monna e mong a eme lebopong la lewatle. A ba hweletsa a re: ‘Na le tshwasitse ditlhapi?’ Ba re: “Tjhe!” Yaba o re: “Lahlelang dinete tsa lona ka letsohong le letona.” Eitse ha ba etsa jwalo, dinete tsa bona tsa tlala ditlhapi hoo ba neng ba sitwa le ho di hulela ka hara sekepe. Ha Johanne a elellwa hore monna eo ke Jesu, a re: “Ke Morena!” Hanghang Petrose a ikakgela ka metsing yaba o tola ho ya lebopong la lewatle. Barutuwa ba bang ba tla ka sekepe.

Ha ba fihla lebopong la lewatle, ba ile ba fumana Jesu a ntse a besa bohobe le tlhapi. Yaba Jesu o ba kopa hore ba tlise ditlhapi tsa bona hore ba eketse dijo. A re ho bona: ‘Tloong re tlo ja.’

Petrose o ya ho Jesu lebopong la lewatle mme barutuwa ba bang ba mo sala morao

Ha ba qeta ho ja, Jesu a re ho Petrose: ‘Na o nthata ho feta ho tshwasa ditlhapi?’ Petrose a re: ‘E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.’ Jesu a re ho yena: ‘Fepa dikonyana tsa ka.’ Jesu a mo botsa hape a re: ‘Petrose, na o a nthata?’ Petrose a re: ‘Morena, o a tseba hore ke a o rata.’ Jesu a re: “Disa dinku tsa ka tse nyenyane.” Jesu a mo botsa ka lekgetlo la boraro. Petrose a araba a utlwile bohloko a re: ‘Morena, o tseba ntho e nngwe le e nngwe. O a tseba hore ke a o rata.’ Jesu a re: “Fepa dinku tsa ka tse nyenyane.” A boela a re: “O se ke wa kgaotsa ho ntatela.”

“[Jesu] a re ho bona: ‘Ntshaleng morao, ke tla le etsa batshwasi ba batho.’ Hanghang ba tlohela matlowa a bona yaba ba a mo latela.”​—Matheu 4:​19,20

Dipotso: Jesu o ile a etsetsa batshwasi ba ditlhapi mohlolo ofe? O nahana hore ke hobaneng ha Jesu a ile a botsa Petrose hararo hore na o a mo rata?

Johanne 21:​1-19, 25; Diketso 1:​1-3

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share