Lengolo le Tswang ho Sehlopha se Busang
Bakrestemmoho le Rona ba Ratehang:
Ka ha re barapedi ba Jehova, re rata Lentswe la hae Bibele. Re kgodisehile hore e nepahetse ditabeng tsa histori. Re ka e tshepa hore e re tataise bophelong mme e re bontsha hore Jehova o rata batho. (Pesaleme ya 119:105; Luka 1:3; 1 Johanne 4:19) Re batla ho thusa batho hore ba tsebe Bibele haholwanyane. Ke ka hoo re le Sehlopha se Busang re thabileng haholo ho le tsebisa ka buka ena ya Ithute Dipaleng Tsa Bibele. Ereng re le bolelle hanyane ka yona.
Ha e le hantle, buka ena e ngolletswe bana ka ho kgetheha. Le ha ho le jwalo, e ka thusa le batho bohle ba batlang ho ithuta Bibele haholwanyane. Ka ha Bibele ke buka e ngolletsweng motho e mong le e mong, re kgodisehile hore e tla thusa motho e mong le e mong ya ithutang yona hore a thabe.
Buka ena e na le dipale tse tswang Bibeleng tse buang ka batho ho tloha ha dintho di qala ho boptjwa. Dipale tsena di ngotswe ka tsela e bonolo, e utlwahalang le ka tatellano eo di etsahetseng ka yona.
Ha se feela hore buka ena e bua ka dipale tsa Bibele. Tsela eo dipale tsena di ngotsweng ka yona le ditshwantsho tse hlahang bukeng ena di tla etsa hore le thabele ho bala dipale tsena le ho di utlwisisa haholwanyane.
Buka ena ya re bontsha hore na Bibele e re ho ile ha etsahalang ka batho ba ileng ba mamela Modimo le ba sa kang ba mo mamela le hore na re ka ithutang mehlaleng ya bona. (Baroma 15:4; 1 Bakorinthe 10:6) E na le dikarolo tse 14. Qalong ya karolo ka nngwe, ho akaretswa dithuto tseo re ka ithutang tsona.
Haeba o motswadi, o ka bala pale ka nngwe le ngwana wa hao ebe le hlahloba ditshwantsho tse hlahang paleng eo. Hape, le ka bala ditemana tsa Bibele tseo pale e thehilweng ho tsona. Thusa ngwana wa hao ho bona hore na ditemana tseo le di balang Bibeleng di amana jwang le pale eo le e balang. Re ka sebedisa mokgwa ona ho thusa le motho e moholo hore a utlwisise molaetsa wa Bibele.
Re tshepa hore buka ena e tla thusa batho bohle ba batlang ho ithuta Bibele hore ba ithute yona ba be ba sebedise dintho tseo ba ithutileng tsona Bibeleng bophelong ba bona. Ha ba etsa jwalo, ba tla kgona ho rapela Modimo mmoho le bahlanka ba hae bao a ba ratang.
Bara ba bo lona
Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova