PINA YA 2
Lebitso la Hao ke Jehova
1. Jehova Modimo,
Mmopi wa dintho tsohle,
Ho tloha kgalekgale,
Esale o le teng.
Re thaba haholo
Ha re bitswa ka wena.
Re bua ka lebitso
La hao tjhabeng tsohle.
(KHORASE)
Jehova, Jehova,
Ha ho na Modimo
Ya tshwanang le wena Ntate
Bokahohleng bohle.
Ke wena ya Matla Ohle,
Bohle ba tla tseba.
Jehova, Jehova,
Ha ho ya tshwanang le wena.
2. O re thusa hore
Re etse thato ya hao,
Re nne re o mamele
Modimo wa rona.
Hobane o mosa,
Re bitswa Paki tsa hao.
Re thabela ho bitswa
Ka lebitso la hao.
(KHORASE)
Jehova, Jehova,
Ha ho na Modimo
Ya tshwanang le wena Ntate
Bokahohleng bohle.
Ke wena ya Matla Ohle,
Bohle ba tla tseba.
Jehova, Jehova,
Ha ho ya tshwanang le wena.
(Sheba le 2 Dikron. 6:14; Pes. 72:19; Esa. 42:8.)