PINA YA 11
Popo e Rorisa Modimo
Printed Edition
1. Kganya ya hao Modimo wa rona,
Re e bona dinthong tse bopilweng.
Re’o rorisa ka baka la tsona
Mme le batho bohle ba’a di bona.
Re’o rorisa ka baka la tsona
Mme le batho bohle ba’a di bona.
2. Melao ya hao e’a re sireletsa.
E’a re thusa bophelong ba rona.
E molemo ho feta ntho tsohle
Mme e hlalefisa batho bohle.
E molemo ho feta ntho tsohle
Mme e hlalefisa batho bohle.
3. Ho tseba Jehova ho’a thabisa.
Lentswe la hae le’a re tataisa.
Bohle ba rorisang bitso la hao
O tla ba fa phelo bo sa feleng.
Bohle ba rorisang bitso la hao
O tla ba fa phelo bo sa feleng.
(Sheba le Pes. 12:6; 89:7; 144:3; Bar. 1:20.)